Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ypq putso 3 maq. 9-11
  • Nka Buisana le Batsoali ba ka Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka Buisana le Batsoali ba ka Joang?
  • Likarabo Tsa Lipotso Tse 10 Tseo Bacha ba li Botsang
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Nka Buisana le Batsoali ba ka Joang?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Nka Buisana le Batsoali ba ka Joang?
    Tsoha!—2009
  • Ho Batla ho Ratoa
    Tsoha!—2006
  • Barali ba Motho ba Mahlomoleng “ba Hahileng Ntlo ea Iseraele”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Bala Tse Ling
Likarabo Tsa Lipotso Tse 10 Tseo Bacha ba li Botsang
ypq putso 3 maq. 9-11
Moshanyana oa furalla ha ntate oa hae a bua le eena

POTSO EA 3

Nka Buisana le Batsoali ba ka Joang?

KE HOBANE’NG HA E LE HABOHLOKOA?

Ha u sebelisana hantle le batsoali ba hao, u tla thaba.

U NE U TLA ETSA’NG?

Nahana ka sena: Ke Laboraro mantsiboea. Geoff ea lilemo li 17 o qetile mosebetsi oa hae, joale o batla ho phomola ho se hokae! O itahlela sofeng ’me o laeta TV.

Hona nakong eo, ntate oa hae o kena monyako, ’me ha a thabele seo.

“Geoffrey! Ke hobane’ng ha u senya nako ka ho shebella TV ha e lokela ebe u thusa ngoan’eno ka homework? Ha ho mohla u etsang seo re u laelang sona!”

Geoff o buela ka marameng, o re: “Ntate oa be se a qalile,” empa ntate oa hae oa mo utloa.

Ntate oa hae o atamela ho eena o re: “U re’ng moshanyana?”

Geoff o bua a tenehile o re: “Ha ke re letho.”

Ntate o halefa le ho feta. O re: “U se ke ua bua le ’na joalo!”

Haeba e ne e le uena, u ne u tla etsa’ng hore u qobe boemo boo?

NAHANISISA HANTLE!

Ho buisana le batsoali ba hao ho tšoana le ho khanna koloi. Ha u fihla moo tsela e koetsoeng, u ka sebelisa tsela e ’ngoe.

KA MOHLALA:

Ngoanana ea bitsoang Leah o re: “Ke thatafalloa ho buisana le ntate oa ka. Ka linako tse ling ha ke ntse ke bua, o tla be a re, ‘Ha kea utloa, u ntse u re’ng?’”

LEAH A KA KHETHA HO ETSA E ’NGOE EA LINTHO TSENA TSE THARO.

  1. A ka halefela ntate oa hae.

    Leah oa halefa o re: “Ak’u mamele hle! Taba ena ke ea bohlokoa!”

  2. A ka khaotsa ho bua le ntate oa hae.

    Leah o khetha ho se hlole a bolella ntate oa hae mathata a hae.

  3. A ka emela nako e loketseng, ebe o bua le ntate oa hae hape.

    Leah o bua le ntate oa hae ka nako e ’ngoe, kapa o mo ngolla lengolo ho mo hlalosetsa mathata a hae.

U ne u ka khothalletsa Leah hore a etse’ng?

NAHANA KA SENA: Ho na le ntho e ferekantseng ntate oa Leah, kahoo ha a hlokomele hore morali oa hae o na le bothata. Haeba Leah a khetha ho halefa, ntate oa hae o ne a tla mo makalla hore na o halefisoa ke eng. Ho feta moo, ntate oa Leah o ne a ke ke a mo mamela, ebile seo se ne se tla bontša hore ha a hlomphe ntate oa hae. (Baefese 6:2) Kahoo, ho hlakile hore ho etsa lintho ka tsela ena ho ke ke ha mo tsoela molemo.

Koloi e fihla moo tsela e koetsoeng

Feela joalokaha u ka nka tsela e ’ngoe ha e ’ngoe e koetsoe, u ka fumana tsela e ’ngoe ea ho buisana le batsoali ba hao

Le hoja ho bonahala eka ho khaotsa ho bua ke eona tsela e bonolo, ha e le hantle ho kotsi. Hobane’ng? Hobane ho hlokahala hore Leah a bue le ntate oa hae ka mathata a hae e le hore a fumane thuso. Ho thōla ha ho thuse ka letho.

Ha Leah a emela nako e loketseng ea ho bua le ntate oa hae, seo se bontša hore ha a lumelle letho hore le mo sitise hore ba buisane. Ebile ha a khetha ho ngolla ntate oa hae lengolo, o tla imoloha hang-hang.

Ho ngola lengolo ho ka boela ha mo thusa hore a behe litaba tsa hae hantle. Ha ntate oa Leah a bala lengolo leo, o tla utloa seo Leah a neng a batla ho mo bolella sona, e leng se ka mo thusang hore a utloisise bothata ba hae. Ho emela nako e loketseng ea ho bua ho ka tsoela Leah le ntate oa hae molemo. Ho sa tsotellehe hore na Leah o buisana le ntate oa hae kapa o ngola lengolo, sena se lumellana le keletso ea Bibele e reng re ‘phehelle lintho tse tlisang khotso.’—Baroma 14:19.

Ke lintho life tse ling tseo Leah a ka li etsang?

Na hona le ntho e ’ngoe eo u nahanang hore a ka e etsa? Nahana hore na ka mor’a moo ho tla etsahala’ng.

KELETSO E BOHLALE E TSOANG BIBELENG

“Hlompha ntat’ao le ’m’ao.”—Baefese 6:2.

“Seo le se buang kamehla e ke e be se nang le mosa.”—Bakolose 4:6.

‘U potlakele ho utloa, u liehe ho bua, u liehe ho halefa.’—Jakobo 1:19.

QOBA HO BUA LINTHO TSE SA HLAKANG

Hopola hore batsoali ba hao ba ka ’na ba se ke ba utloisisa seo u se buang.

KA MOHLALA:

Batsoali baa botsa hore na ke hobane’ng ha u sa thaba. Uena u re, “Ha ke batle ho bua ka taba eo.”

Ha u cho joalo, batsoali ba hao ba nahana hore ha u batle ho bua le bona hobane ha u ba tšepe. Ba nka hore u batla ho bolella metsoalle ea hao mathata a hao, eseng bona.

A re re mohlomong u tobane le bothata, joale batsoali ba hao ba batla ho u thusa. Joale u re: “Le se ke la khathatseha, ke tla bona hore na ke etsa joang.”

  • Batsoali ba hao ba ka nahana’ng?

  • Ho ka ba molemo hore u re’ng?

SEO KE RERANG HO SE ETSA

  • Ke tla etsa’ng nakong eo ke ikutloang ke sa batle ho bua le batsoali ba ka?

  • Ke tla etsa’ng haeba batsoali ba ka ba nqobella hore ke bue ka ntho eo ke sa batleng ho bua ka eona?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela