Ho Lema Lipalesa Tsa Bo-’mametsana Kamoo Mamello e Tsoalang Katleho Kateng
BATHO ba ka lemalla ho lema lipalesa tsa bo-’mametsana. Batho ba bang ba li thahasellang ba qeta lihora ba ithuta mabitso a Selatine a tseo ba li ratang e le hore ba a bitse ka nepo. Ke hobane’ng ha batho ba thahasella lipalesa tsee?
Ho na le mefuta e mengata haholo ea bo-’mametsana. Ho fumanoe mefuta e ka bang 25 000 e imelelang naheng, ’me mekhatlo ea ’muso e lumela hore ho na le mefuta e nyalisitsoeng e fetang 100 000! Hore ebe e nyalisitsoe ha ho bolele hore litsebi tsa limela li iketselitse limela tse ncha ka mobu, metsi le moea. Ho e-na le hoo, mefuta eo e hlahisoa ka ho laola tsela eo peō e nyalisoang ka eona.
Lipalesa tsa bo-’mametsana tse itlhahelang ka botsona lia fapana ka boholo hammoho le tse lengoang ke batho. Ho na le lipalesa tse nyenyane haholo tsa bo-’mametsana tse bonahalang hantle ha li shejoa ka khalase e hōlisang lintho, ha tse ling li iponahatsa li le ntle lifensetereng. Mofuta o mong oa bo-’mametsana o melang morung o lulang o le motalana oa Indonesia o ka hōla hore o be boima ba lik’hilograma tse fetang 500!
Lipalesa tsa bo-’mametsana li hlaha li le mebala-bala ’me ha li tšoane ka libōpeho. Tse ling tsa tsona li bōpehile joaloka linotši, tšoele le linonyana, ha tse ling tse bōpehileng ka tsela e sa tloaelehang ho hang, li khahleha haholo ho batho ba nyalisang limela. Ka lilemo tse ngata ke barui feela ba neng ba e-ba le lipalesa tsena tse ntle, empa hona joale le batho ba sa ruang hakaalo ba ka ba le tsona. Pale ea lipalesa tsena tse ntle tsa bo-’mametsana tseo u ka thabelang ho li boha kajeno, e qalile tjena.
Ho Lema Bo-’mametsana ka Sekhahla
Batho ba ’nile ba khahloa ke lipalesa tsa bo-’mametsana ka lilemo tse makholo, empa ke morao tjena moo balemi ba ithutileng litsela tse atlehang tsa ho li lema. Ka 1856, palesa ea pele e nyalisitsoeng e ile ea thunya. Empa hangata ho ne ho batla ho khathatsa matla ho lema lipalesa tsena tse ntle empa li lokela ho tšoaroa ka hloko.
Peō ea bo-’mametsana e nyenyane—e ’ngoe ekare ke lehlabathe. Haesale ho sokolisa ho tšoara peō eo e nyenyane, ’me le kajeno ho ntse ho sokolisa, empa bothata bo boholo ke ho etsa hore e mele. Ka lilemo tse mashome, balemi ba lekile lintho tse sa tšoaneng e le hore ba fumane boemo bo loketseng boo peō ea ’mametsana e ka melang ho bona. Ka 1922, Dr. Lewis Knudson, eo e neng e le rasaense Univesithing ea Cornell United States, o ile a hlokomela hore ha peō eo e tšeloa ka motsoakong oa metsi, tsoekere le agar (e leng lero le reberebe le tsoang boleleng), ea mela ’me ea atleha. Nakoana ka mor’a moo, balemi ba chesehang ba ile ba lema ka bongata mefuta e mecha e nyalisitsoeng. Ho lengoa hona ha bo-’mametsana ka sekhahla ho ntse ho tsoela pele, ’me selemo le selemo ho hlahella mefuta e mengata e nyalisitsoeng e-s’o ka e bonoa.
Nako e telele pele batho ba lema lipalesa tsa bo-’mametsana, li ne li itlhahela naheng. Ha li le naheng li hlahisa tsa mefuta e meng joang?
Lipalesa Tsa Bo-’mametsana Tse Melang Naheng
Ha mefuta e ’meli kapa e fetang moo ea lipalesa tse tšoanang tsa bo-’mametsana e thunya sebakeng se le seng, ho ka etsahala hore e hlahise mofuta o mong. Ka tlhaho, likokoanyana le libōpuoa tse ling li tsamaisa peō ea limela e phofo. Ha kokoanyana e ea ho ’mametsana e batla lero, peō e paleseng eo e itšoarella ’meleng oa eona ebe e fihla e sala paleseng e ’ngoe eo kokoanyana eo e tla ea ho eona. Palesa e fumaneng peō e ka ’na ea e amohela. Kahoo, ho tla hlaha lekhapetla le tšetseng peō.
Ha nako e ntse e ea, lekhapetla le tšetseng peō lea butsoa, le bulehe, ’me le qhale lipeō tse likete, kapa esita le tse limilione. Tse ling li oela fatše, ha tse ling tse ngata li fefoloa ke moea. Lipeō tse melang li tobana le mathata, ’me ke tse seng kae tse hōlang ho fihlela li e-ba khōlō. Lipalesa tsa bo-’mametsana tse melang ka mor’a hore peō ea mofuta o mong e kopane le ea mofuta o mong ho thoe ke tsa tlhaho. Empa palesa e nyalisitsoeng ea ’mametsana e lengoa joang?
Ho li Nyalisa
Lipalesa tsa bo-’mametsana tse nyalisitsoeng li kopantse libōpeho tsa mefuta eo li ntšitsoeng ho eona. Kahoo, ntho ea pele eo molemi a nahanang ka eona ke hore na o batla ho hlahisa palesa e joang. Mohlomong o batla e nang le ’mala o itseng kapa e nang le metsero kapa matheba a itseng. Mohlomong o batla ho kopanyelletsa libōpeho tseo lipaleseng tse nyenyane kapa tse khōlō. Ntho e ’ngoe eo a nahanang ka eona ke monko. Molemi a ntse a hopotse lintlha tseo, o khetha lipalesa tse peli tsa bo-’mametsana tseo a tšepang hore li tla hlahisa mofuta o nang le libōpeho tseo a li ratang. Ka mohlala, molemi oa bo-’mametsana a ka ’na a khetha golden slipper (Paphiopedilum armeniacum), e le o mong oa mefuta eo a tla e sebelisa. Mofuta ona oa ’mametsana o ne o fumanoe Chaena ka 1979. Ha o nyalisitsoe le e meng, o atisa ho hlahisa lipalesa tse bosehla bo loileng bo nang le ’mala oa khauta, tseo tse ling tsa tsona li leng ntle ka tsela e hlollang.
Hang ha molemi a khethile mefuta e ’meli eo a tla e sebelisa, o tlosa peō eohle e phofo paleseng e tla amohela peō e tsoang paleseng e ’ngoe. ’Mametsana eo ho nkiloeng peō ho eona ho thoe ke e fanang ka peō. Molemi o sebelisa toothpick kapa ntho e tšoanang le eona ho tlosa peō paleseng e ’ngoe ebe o e kenyelletsa tlaase ka har’a thunthung ea palesa e amohelang peō. O rehella ’mametsana ena ka mabitso a lipalesa tse peli tse kopantsoeng a be a ngole hore na e nyalisitsoe ka letsatsi lefe.
Ho Hlokahala Mamello
Haeba peō e lumela ho kopana, ho etsahala ntho e ’ngoe e makatsang paleseng e amohetseng peō. Ho hlahella lichupu tse kang likhoele botlaaseng ba thunthung ho ea karolong e tsejoang e le polokelo ea mahe. Ka mor’a moo polokelo ea mahe ea kokomoha ebe e hlahisa lekhapetla la peō. Ka har’a lona, ho ba le lipeō tse nyenyane tse likete tse makholo, e ’ngoe le e ’ngoe ea eona e khomaretse chupung e tsamaisang peō e phofo. Ho ka ’na ha feta likhoeli kapa esita le nako e fetang selemo pele lekhapetla le tšetseng peō le butsoa. Ka nako eo, molemi o bokella peō e ka lekhapetleng le tšetseng peō. O e tšela ka botlolong e hloekisitsoeng, ebe o tšela motsoako oa agar le limatlafatsi tse ling. Haeba peō eo e mela, ka mor’a nakoana ho hlahella lehlomela la bo-’mametsana eka ke k’hapete ea joang bo botala.
Ka mor’a likhoeli tse seng kae, molemi o tlosa sethopo seo ka botlolong o se hloma ka nkhong. O hlokomela sethopo seo kamehla, khafetsa oa se tšella e le hore se se ke sa omella. Ha nako e ntse e ea, molemi o hloma bo-’mametsana ka bomong ka linkhong. Mothating ona ke hona moo ho hlokahalang mamello e le kannete. Lipalesa tsa bo-’mametsana li ka ’na tsa nka lilemo tse ’maloa ho isa ho tse fetang leshome hore li thunye.
U ka inahanela hore na molemi o khotsofala hakaakang ha a bona thunthung ea ’mametsana eo a e lemmeng! Haeba e le mofuta o mocha, molemi a ka o ngolisa ka lebitso leo a ikhethelang lona. Lipalesa tsohle tse tla nyalisoa ho sebelisoa mofuta oo li tla kenyelletsa lebitso lena le ngolisitsoeng.
Ka linako tse ling, molemi o fumana tsela e ikhethang ea ho nyalisa peō hoo a hlahisang ’mametsana e khahlang balemi ba tsona. A ka ’na a fuoa likhau, ’me lipalesa tsa hae tse ntle li tla bitsa haholo. Empa ho sa tsotellehe hore na li tlisa chelete e kae, o thaba haholo ha a bona lithunthung tsa lipalesa tsena tseo a li nyalisitseng.
Joale ua tseba hore ho hlokahala nako e ngata le mamello ho lema lipalesa tsa bo-’mametsana tseo u li ratang. Empa bonneteng mosebetsi oo batho ba o etsang oa ho nyalisa bo-’mametsana hase letho ha o bapisoa le oa ’Mōpi e moholo oa lintho tsohle tse phelang, e leng Jehova. O file semela ka seng liphatsa tsa lefutso tse rarahaneng, e leng se etsang hore li ntše lithunthung tse ntle joalo. Rōna re mpa re amohela feela pontšo ea lerato la hae le babatsehang, le totobatsoang ke mefuta e hlollang ea bo-’mametsana. Ka sebele ho joalokaha mopesaleme Davida a ile a ngola, a re: “Jehova, mesebetsi ea hao e mengata hakaakang! Kaofela ha eona u e entse ka bohlale. Lefatše le tletse lihlahisoa tsa hao.”—Pesaleme ea 104:24.
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Mofuta oa “Beallara”
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Mofuta oa “Doritaenopsis”
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Mofuta oa “Brassidium”