Lebaka Leo ka Lona Tšebelisano e Leng ea Bohlokoa
“Ha ho pulumo ea seema-nosi linthong tse phelang—e ’ngoe le e ’ngoe e amana le tse ling, ebang ke ka ho toba kapa ka tsela e sa tobang.”—“Symbiosis—An Introduction to Biological Associations.”
“MARANGRANG a bophelo”—polelo eo ke e utloahalang hakaakang, kaha ka sebele bophelo bo rarahane ’me lintho tse phelang li sebelisana li tšetlehile ka tse ling! Batho ke karolo ea marangrang ana ka ho feletseng. Ka mohlala, u ka bona bopaki ba hoo ’meleng oa hao. Le sebetsa le sa utloahale tselaneng ea lijo ’meleng oa hao, lebotho le molemo la libaktheria le u thusa hore u lule u phela ka hore le bolaee likokoana tse kotsi le ka ho thusa hore lijo li silehe, hammoho le ho thusa tlhahisong ea livithamine. ’Me uena, u fepa libaktheria lijo le ho li fa tikoloho eo li ka phelang ho eona e molemo.
Tšebelisano e joalo e teng le liphoofolong, haholo-holo liphoofolo tse busolosang—tse kang likhomo, likhama le linku. Meholu ea tsona ke lehae le feletseng la libaktheria, li-fungus le likokoana-hloko tse ling. Likokoana-hloko tsena li etsa hore ho hlahe limatlafatsi tse ngata ka ho chesa tsoekere e tsoang limeleng ka ho e lomosa. Esita le likokoanyana tse ling tse jang tsoekere ea limela, ho kopanyelletsa le mefuta ea bo-maleshoane, maphele, ’moto, bohloa le bobi, li sebelisa libaktheria tšilong ea lijo.
Tšebelisano e joalo har’a mefuta e sa tšoaneng ea lintho tse phelang e hlalosoa e le “ho phelisana hammoho.”a “Tšebelisano e joalo ke ea bohlokoa khōlong ea lintho tsohle tse phelang,” ho rialo Tom Wakeford bukeng ea hae ea Liaisons of Life. Ak’u nahane hanyenyane ka mobu, kaha ke hona moo ho simolohang lintho tse ngata tse phelang tsa lefatše.
Mobu—Sebaka Seo ho ka Thoeng Sea Phela ka Bosona!
Bibele e bolela hore mobu o na le matla. (Genese 4:12) Ena ke polelo e utloahalang, hobane mobu o phelang hantle hase feela lerole. Ke tikoloho eo ho eona ho nyeunyang lintho tse phelang. K’hilograma e ka ’na ea e-ba le libaktheria tse fetang limilione tse likete li 500, li-fungus tse limilione tse sekete, le libōpuoa tse nang le lisele tse ngata-ngata tse fetang limilione tse 500, ho tloha likokoanyaneng ho ea fihla libōkōng. Lintho tsena tse ngata tse phelang li sebetsa hammoho, ho bolisa lintho tse tsoang ho tse phelang—tse kang makhasi a oeleng le bolokoe ba liphoofolo—ha ka nako e tšoanang li ntša naetrojene, eo li e fetolelang mefuteng eo limela li ka e monyang. Li boetse li fetola k’habone hore e be carbon dioxide le metsoako e meng eo limela li e hlokang bakeng sa hore li iketsetse lijo.
Lesere, furu, lierekisi le linaoa, li na le kamano e khethehileng le libaktheria, kaha li li lumella hore li phele metsong ea tsona. Empa ho e-na le hore li ntše limela kotsi, libaktheria tsena li etsa hore methapo e hlahise likotolana tse nyenyane. Ke hona moo baktheria ena e phelang teng ’me e hōle ho fihlela e le khōlō ka makhetlo a imenneng ha 40, e fetoha li-bacteroid. Mosebetsi oa tsona ke ho “fetola” naetrojene metsoako eo mefuta ea linaoa tsena e ka e sebelisang. ’Me ebe baktheria eona e fumana lijo limeleng.
Li-fungus, kapa mefuta ea hlobo, le eona e phetha karolo ea bohlokoa khōlong ea limela. Ha e le hantle, hoo e ka bang sefate se seng le se seng, sehlahla se seng le se seng le joang bo bong le bong, li na le tšebelisano ea lekunutu ea ka tlas’a lefatše le li-fungus. Lintho tsena tse phelang li boetse li phela metsong, moo li thusang limela ho monya metsi le matsoai a bohlokoa, a kang tšepe, phosphorus, potassium le zinki. Li-fungus tsona, kaha li sitoa ho iketsetsa lijo hobane ha li na chlorophyll, li monya lik’habohaedreite semeleng.
Se seng sa limela tse itšetlehileng haholo ka li-fungus ke palesa ea orchid. Limeleng tsa naheng tšebelisano ena e qala ka peō e phofshoana ea orchid, e hlokang thuso hore e mele. Li-fungus li boetse li thusa semela se hōlileng hore methapo ea sona e batlang e le menyenyane e sebetse hantle haholoanyane. Wakeford o re li-fungus “li hlahisa tsamaiso e khōlō ea lijo ho etsa bonnete ba hore orchid e se ke ea haelloa ke lijo. Joale [fungus] eona e fumana likarolo tse nyenyane tsa livithamine le motsoako oa naetrojene semeleng. Leha ho le joalo, orchid e na le meeli ea hore na fungus e hōle hakae. Semela sena se lula se laola li-fungus ka masole a tsona a tlhaho, e le hore li se ke tsa leka ho hōla ka har’a metso ’me tsa qetella li nametse semeleng kaofela.”
Limeleng tse etsang lipalesa, tšebelisano ka mobung hase eona feela ntho e lokelang ho phetoa; li boetse li na le litšebelisano tse ling tse bonahalang haholoanyane.
Tšebelisano Tabeng ea ho Ikatisa
Ha notši e lula paleseng, e kena tumellanong ea ho phelisana hammoho le palesa eo e lutseng ho eona. Notši e fumana lero le tsoekere le peō ea limela e phofo ha palesa eona e fumana phofshoana eo ea peō e tsoang mefuteng e meng e tšoanang ea lipalesa. Tšebelisano ena e etsa hore limela li ikatise. Ka mor’a hore li fumane phofshoana ena, lipalesa li khaotsa ho hlahisa lijo. Likokoanyana li tseba joang hore joale ha ho sa na lijo? Lipalesa li li “bolella” ka litsela tse sa tšoaneng. Li ka ’na tsa hloka monko, tsa liha litsebe tsa tsona, kapa tsa sheba nģa e ’ngoe kapa tsa fetola ’mala—mohlomong tsa e-ba thokoa. Sena se ka ’na sa re nyahamisa, empa ke tsela e ntle haholo ea ho bontša “mekhoa e metle” linotšing tse sebetsang ka thata, tse ka shebang limela tse ntseng li ka sebelisana le tsona.
Lilemong tsa morao tjena lintho tse fetisang phofshoana ena, haholo-holo linotši, li ntse li fokotseha ka lebelo le leholo libakeng tse ling. Ena ke phetoho e tšosang, hobane liphesente tse 70 tsa limela tse etsang lipalesa li itšetlehile ka likokoanyana tse fetisang phofshoana ena. Ho feta moo, liphesente tse 30 tsa lijo tsa rōna li tsoa limeleng tseo peō e fetisitsoeng ke linotši.
Likokoanyana Jareteng
Mefuta e meng ea likokoanyana le eona e phelisana hammoho le limela. E le hore li fumane bolulo le lijo, likokoanyana tsena li ka ’na tsa fetisetsa peō e phofshoana semeleng seo li lutseng ho sona, tsa qhala peō ea sona, tsa se thusa ho se fa limatlafatsi kapa ho se sireletsa liphoofolong tse jang limela, ebang ke likokoanyana tse ling kapa liphoofolo. Mefuta e meng ea likokoanyana e lulang meutloeng ea sefate sa leoka ebile e bolaea le sefate se ithatelang ka tse ling se sokelang, seo e se fumanang ha e ntse e likoloha sefate. Leoka lona le leboha mosebetsi ona o tsoileng matsoho oa ho hlokomeloa ka ho fa likokoanyana tsena lero le lengata le tsoekere.
Likokoanyana tse ling li khetha ho hlokomela tse ling, li hlokomela hoaba kaha e ntša lero le tsoekere ha likokoanyana li e pholla hamonate ka manaka a tsona. Mabapi le hoaba, buka ea Symbiosis e re: “Bohloa bo lisa likokoanyana tsena joaloka likhomo, boa li hama hore li fumane lijo le ho li sireletsa ho tse ka li jang.” Feela joalokaha sehoai sa likhomo tsa lebese se ka robatsa likhomo tsa sona ka molikong, hangata bohloa bo nka hoaba bo e isa tšireletsehong ea seolo mantsiboea ’me hoseng bo e khutlisetse “makhulong,” hangata e le makhasing a macha le a matlafatsang. ’Me ha re bue ka hoaba e seng kae. Bohloa bo ka ’na ba e-ba le “mehlape” e baloang ka likete seolong se le seng!
Ha e sa ntse e le popane, mefuta e meng ea lirurubele le eona e hlokomeloa ke bohloa. Ka mohlala serurubele se seholo se seputsoa, se na le tšebelisano le maroana. Ha e le hantle, se ke ke sa phetha khōlo ea sona ntle ho thuso ea ’ona. Ha se sa le popane, se putsa maroana ka lero le tsoekere. Hamorao, ha serurubele se hlaha sekhurumelong seo sa teng, se tsoa seolong se sireletsehile ’me se sa tsoa kotsi.
Ho Phela Kotsing
Haeba u ne u le nonyana, na u ne u tla tlisa noha e phelang sehlaheng sa hao? U re, “le ho leka!” Empa ke se etsoang ke mofuta o mong oa nonyana—makhohlo. Noha ea teng e bitsoa noha ea sefofu. Ho e-na le hore e lome litsuonyana, noha ena e ja likokoanyana, lintsintsi le likokoanyana tse ling le popane ea tsona. Ho latela tlaleho ea makasine ea New Scientist, litsuonyana tse hōlisitsoeng ke noha e foufetseng lelapeng leo li “hōla ka potlako hape li na le monyetla o moholo oa ho pholoha” ho feta tse sa hōlisoang ke sehloekisi sena.
Nonyana ea metsing ea mofuta oa kokolofitoe, ha e lule le noha feela tjee; e rata ho haha sehlaha sa eona haufi le sehlaha sa koena ea Nile—sehahabi se jang linonyana tse itseng! Leha ho le joalo, ho e-na le ho ba lijo tsa koena, nonyana ena e sebetsa e le tlhoeli. Haeba kotsi e ka ba teng haufi le sehlaha sa eona kapa sa koena, nonyana ena e hlaba mokhosi. Haeba koena e le sieo, mokhosi ona o tla etsa hore sehahabi sena se tle hae se potlakile.
Ho Runa le ho Monya Litšila
Na u se u kile ua bona linonyana tse kang maholosiane tse lulang mekokotlong ea matsa, likhomo, lithuhlo, kapa lipholo li ntse li kobola matlalo a tsona? Ho e-na le hore ebe li ea li tšoenya, linonyana tsena li hlile li sebeletsa liphoofolo tsena ka ho ja linta, matsetse le likokoanyana tse ling tseo liphoofolo li ke keng tsa li tlosa ka botsona. Li boetse li ja linama tse tšoaelitsoeng le tšenyane. Maholosiane a bile a qoaisa liphoofolo tsena ha kotsi e le teng.
Ka hobane e qeta boholo ba nako ea eona e le metsing, kubu e hloekisoa ke “metsoalle” ea eona ea linonyana le litlhapi. Ha kubu e le ka metsing, tlhapi e bitsoang labeo e ntšo, mofuta oa carp, e horula bolele, letlalo le shoeleng le likokoanyana tse ling—hoo e ka bang ntho e ’ngoe le e ’ngoe e khomarelang phoofolong ena. Ebile e hloekisa le meno a eona le marenene! Mefuta e meng ea litlhapi le eona ea thusa—tse ling ka ho hloekisa maqeba ’me tse ling ka ho sunya lifenenyana tsa tsona tse telele pakeng tsa menoana ea kubu kapa libakeng tse ling tse poteletseng ebe lia nokola.
Ke ’nete hore le eona tlhapi ena e hohela lintho tse ling tse sa batleheng ’me le eona e hloka hore li tlosoe, lintho tse kang makhala le libaktheria tse ka ntle, li-fungus le matsetse, hammoho le linama tse senyehileng kapa tse nang le boloetse. Hore li finyelle seo, litlhapi tsena hangata li ea moo li hloekisoang teng. Mono, li-goby tse mebala-bala e khanyang, li-wrasse le li-shrimp tse hloekisang li hloekisa basebeletsuoa ba tsona ka bokhabane ’me li fumana lijo bakeng sa boiteko ba tsona. Tlhapi e khōlō e ka ba ea e-ba le sehlopha kaofela sa bahloekisi hore se e sebeletse!
Litlhapi tse hloekisoang li na le litsela tse sa tšoaneng tsa ho bontša hore li batla ho hloekisoa. Ka mohlala, tse ling li ema ka tsela e itseng e sa tloaelehang—li shebisitse hlooho tlaase, mohatla u shebile holimo. Kapa li ka ’na tsa ahlamisa melomo ea tsona haholo, joalokaha eka li re: “Kenang. Nke ke ka le loma.” Bahloekisi ba lumela ntle ho lekhonono, esita le haeba tlhapi e sebeletsoang ke sebatana se tšabehang joaloka maray eel kapa shaka. Ha li ntse li hloekisoa, litlhapi tse ling li fetola ’mala, mohlomong ho etsa hore likokoanyana li bonahale habonolo. Matangoaneng ao ho bolokoang lintho tse phelang metsing a se nang litlhapi tse hloekisang, litlhapi tsa leoatle “kapele li ba le likokoanyana ebe lia kula,” ho rialo buka ea Animal Partnerships. “Empa hang ha tlhapi e hloekisang e kengoa ka letangoaneng lena e kena khabong ho li hloekisa, ’me joalokaha eka li ea tseba hore na ho etsahala’ng tse ling li se li etsa mokoloko oa ho ea hloekisoa.”
Ha re ntse re ithuta haholoanyane, re ntse re hlolloa le ho feta ke kutloano le tšebelisano e bonahalang lefatšeng la lintho tse phelang le re potolohileng. Joaloka libini sehlopheng sa ’mino oa liletsa, setho se seng le se seng se phetha karolo ea sona, se etsa hore kutloano bophelong—ho akarelletsa le bophelong ba batho—e be teng ’me bophelo e be bo thabisang. Ka sebele, sena ke bopaki ba hore ho na le tlhophiso e bontšang bohlale le Mohlophisi ea Phahameng ka ho Fetisisa!—Genese 1:31; Tšenolo 4:11.
Mohloli o le Mong Feela oa ho Hloka Kutloano
Ka sebele hoa soabisa hore ebe hangata batho ha ba sebelisane hantle le lintho tsa tlhaho. Ho fapana le liphoofolo, tse laoloang haholo ke tlhaho, batho ba susumetsoa ke lintho tse sa tšoaneng, ho tloha ho tse kang lerato le litšoaneleho tse ling tse hahang, ho isa lehloeong le meharong ea boithati.
Kaha ho bonahala e le ntho e ntseng e eketseha hore batho ba laoloe ke meharo ea boithati, ba bangata ba khathatsehile ka bokamoso ba lefatše la rōna. (2 Timothea 3:1-5) Empa ba hlōleha ho nahana ka ’Mōpi. Ho phethahala ha morero oa Molimo ka lefatše ho ke ke ha tsosolosa teka-tekano ea tlhaho feela empa ho tla boetse ho fella ka kutloano eo ho seng e lekanang le eona har’a libōpuoa tsohle.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho phelisana hammoho hona ho arotsoe ka lihlopha tse tharo: ho ruisana molemo, e leng ha lintho tse peli tse phelang li rua molemo; ho ruisa e ’ngoe molemo, e leng ha e le ’ngoe e rua molemo empa e ’ngoe e sa amehe hampe; le ho honya e ’ngoe molemo, e leng ha e ’ngoe e rua molemo ka ho lemala ha e ’ngoe. Sehlooho sena se tšohla mehlala ea ha ho ruisanoa molemo.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 7]
Ntho e Phelang e Habeli
Ntho e mona e kang ea foforeha, e thokoa kapa e tala eo hangata u e bonang matlapeng kapa likutung tsa lifate e tlameha e le boriba. Mehloli e meng e bolela hore e ka ’na eaba ho na le mefuta e 20 000! Boriba bo ka ’na ba shebahala joaloka ntho e le ’ngoe e phelang, empa ha e le hantle ke li-fungus le bolele li kopane.
Ke hobane’ng ha lintho tsee tse phelang tse peli li kopana? Li-fungus ha li tsebe ho itlhahisetsa lijo. Kahoo ka methatsoana e mesesaane haholo, fungus e koahela bolele bo sebelisang mokhoa oa limela tse tala oa ho iketsetsa lijo hore e etse tsoekere. Karolo e ’ngoe ea tsoekere ena e lutla le maboteng a bolele bona, ’me e monngoa ke fungus. Bolele bona, bo fumana mongobo o tsoang ho fungus ’me bo sireletsoa letsatsing le matla.
Ka bosoasoi, setsebi se seng sa saense se ile sa akaretsa boriba e le “li-fungus tse sibolotseng temo.” ’Me li hlile li ea ipabola ho eona, hobane ho ea ka buka ea Liaisons of Life, boriba “bo koahela sebaka sa lefatše ka makhetlo a leshome ho feta se koaheloang ke meru ea litropike.” Bo phela ho tloha Arctic ho ea Antarctic, bo bile bo atleha leha bo le mekokotlong ea likokoanyana tse phelang!
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 8]
Korale—Mohlolo oa Tšebelisano ea Lintho Tse sa Tšoaneng
Mepopotlo ea likorale tsa leoatle e entsoe ka liphoofotsoana tse phelang maoatleng tse se nang lesapo la mokokotlo, le bolele. Kaha bolele bo fihla bo kena hohle moo ho nang le sebaka liseleng tsa lintho tsena tse se nang lesapo la mokokotlo tse phelang metsing, bo fa likorale mebala-bala ea tsona e khanyang. ’Me hangata bo feta liphoofotsoana tsena ka boima, ka linako tse ling ka makhetlo a mararo ho le le leng, ho etsang hore likorale e be limela haholo ho feta ho ba liphoofolo! Leha ho le joalo, mosebetsi o moholo oa bolele ke ho fana ka lijo tse etsang liphesente tse 98 ho lintho tsena tse phelang, e le mokhoa oa ho leboha bolulo. Liphoofotsoana tsena tse se nang lesapo la mokokotlo li hloka lijo eseng feela hore li phele empa le ho haha mopopotlo oa majoe a mokoetla.
Bolele bo fola molemo tšebelisanong ena bonyane ka litsela tse peli. Ea pele, bo fumana lijo linthong tse ntšoang ke liphoofotsoana tsena tse se nang lesapo la mokokotlo—carbon dioxide, metsoako ea naetrojene le matsoai a phosphate. Ea bobeli, li fumana tšireletso linthong tsena tse thata ha li bapisoa le bona. Bolele bo boetse bo hloka letsatsi; kahoo, mepopotlo ea likorale e mela metsing a hloekileng le a nang le khanya.
Ha likorale li imetsoe, ka lebaka la lintho tse kang ho phahama ha mocheso metsing, liphoofotsoana tsena tse se nang lesapo la mokokotlo li nyahlatsa bolele ebe lia soeufala. Li ka ’na tsa bolaoa ke tlala qetellong. Lilemong tsa morao tjena litsebi tsa saense li bone keketseho e tšosang ea ho soeufala ha likorale lefatšeng ka bophara.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 9]
Ho Ithuta ho Hong ka Tšebelisano
Lifofane tse peli li fofa sepakapakeng joaloka linonyana tse fofang li hlophisehile ka tsela e itseng. Empa hona e ne e se ho fofa ho tloaelehileng; e ne e le teko ea saense e thehiloeng liphuputsong tsa pejana tse entsoeng ka li-pelican. Bafuputsi ba ne ba fumane hore li-pelican tse fofang ka tsela e itseng e hlophisehileng, li fofela holimo habobebe ka thuso ea tse ka pel’a tsona, e leng ho fokotsang ho otla ha pelo ka liphesente tse 15 ha ho bapisoa le ha li fofa li le ling. Na lifofane li ne li ka rua molemo mokhoeng oo, oo linonyana li fofang ka oona?
E le hore ho fumanoe, lienjiniere li ile tsa faselletsa thepa ea elektronike e tsoetseng pele sefofaneng seo ho etsoang teko ka sona, e ileng ea nolofalletsa mokhanni oa sefofane hore a boloke sefofane se le boemong bo nepahetseng ha se bapisoa le se neng se le ka pele ka limithara tse 90. (Bona setšoantšo.) Phello e bile efe? Sefofane sa hae se ile sa ba le matla a fetang a tloaelehileng ’me peterole eo se e sebelisang ea fokotseha ka liphesente tse 18. Bafuputsi ba lumela hore sena seo ba se fumaneng se ka sebelisoa sesoleng le sechabeng ka kakaretso.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Jets: NASA Dryden Flight Research Center; birds: © Joyce Gross
[Litšoantšo tse leqepheng la 5]
Moholu oa khomo ke lehae le feletseng la libaktheria, li-“fungus” le likokoana-hloko tse ling (setšoantšo se hōlisitsoeng)
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Inset: Melvin Yokoyama and Mario Cobos, Michigan State University
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Linotši li etsa hore limela tse etsang lipalesa li ikatise
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Khomo le leholosiane
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Tlhapi e kang serurubele e na le tlhapi e nyenyane e hloekisang
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Shrimp e hloekisang e maroboko holim’a “anemone”