Nakong eo ho Tla Beng ho Rena Kutloano Lefatšeng Lohle
NA U kile ua bona batho ba babeli ba tsebang ho tantša ka tsela e lumellanang, ba khibang, kapa ba hobelang? Ha ba qala ba sisinyeha feela, u bona ntho e nyallanang le e lumellanang ka bokhabane. Ho ne ho tla ba hotle hakaakang haeba bophelo kajeno bo ne bo ka ba joalo—e le bo lumellanang le bo se nang likhohlano le ho se utloane! Ho e-na le hoo, batho ha baa ‘bulehela tumellano leha e le efe,’ feela joalokaha Bibele e boletse esale pele mabapi le mehla ea rōna.—2 Timothea 3:1-5.
Leha ho le joalo, boemong bona bo thata, batho ba limilione ba tšepahalang ba ithuta ho phela khotsong ea ’nete le ba bang ka kutloano. Joang? Ka ho amohela memo e mofuthu e tlalehiloeng ka Bibeleng ho Esaia 48:17, 18. E re: “’Na, Jehova, ke Molimo oa hao, ke ’na Ea u rutang hore u itsoele molemo, Ea etsang hore u tsamaee tseleng eo u lokelang ho tsamaea ka eona. Hoja u ka ela litaelo tsa ka hloko! Joale khotso ea hao e ne e tla tšoana le nōka, ’me ho loka ha hao ho tšoane le maqhubu a leoatle.”
Ha re amohela memo eo e tlohang botebong ba pelo, ha e le hantle Jehova ke eena ea re Ruisang Molemo. O re bontša hore na re ‘tsamaee’ joang khotsong ea ’nete le ka kutloano. Se fapaneng le seo—e leng ho amohela likhopolo-taba le lifilosofi tsa batho ba sa phethahalang—ke bothoto. Ka makhetlo-khetlo histori ea batho e tiisa ’nete ea motheo e boletsoeng ho Jeremia 10:23: “Tsela ea motho oa lefatše ha e matleng a hae. Ha ho matleng a motho ea tsamaeang hore a tsamaise mehato ea hae.” Ka mantsoe a bonolo feela, ha ho matleng a rōna hore re ipuse le ho beha litekanyetso tse ntle tsa boitšoaro tse utloahalang le tse amohelehang hohle. Tokelo eo ke ea Molimo.—Esaia 33:22.
Khotso ea ’Nete le Kutloano
Haufinyane Molimo o tla tlisa kutloano lefatšeng la rōna. O tšepisa nako eo ka eona “lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova joalokaha metsi a koahetse leoatle.” (Esaia 11:9) Qetellong ho tla rena khotso e sa feleng.
Ha e le hantle, bophelo bo lefatšeng bo tla latsoa mofuta o mocha oa kutloano, hobane Molimo o tla ruta batho ba hae ba tšepahalang hore e be litsebi tsa hore na ba hlokomela lehae la bona la lefatše joang. Ho tla ba joalokaha eka o ‘hlabile selekane’ le libatana tsohle, a etsa hore li phele ka khotso ka ho ikokobelletsa batho.—Hosea 2:18; Genese 1:26-28; Esaia 11:6-8.
Tšepo ena hase e inahaneloang. Ha e le hantle, Thutong ea hae ea Thabeng feela, Jesu o ile a bua ka eona habeli. Pele, o ile a re: “Ho thaba ba maikutlo a bonolo, kaha ba tla rua lefatše.” Joale, ha a bontša hore na barutuoa ba hae ba rapele joang, o ile a re: “Ntat’a rōna . . . , thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.” (Matheu 5:5; 6:9, 10) Qetellong ea bophelo ba hae, Jesu o ile a akaretsa seo sena se neng se tla se bolela ho batho ka lentsoe le le leng feela le monate—‘paradeise.’ (Luka 23:43) Ka sebele, mali a tšolotsoeng a Jesu a etsa hore tšepo ea bophelo bo sa feleng paradeiseng ea lefatšeng e be ntho ea sebele!—Johanne 3:16.
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Paradeiseng ea Molimo e tlang, bophelo lefatšeng e tla ba bo nang le mofuta o mocha oa kutloano