Mehla ea Nala ea Mofumahali Elizabetha I—Na ke ’Nete Kapa ke Tšōmo?
MEHLENG ea hae o ne a tumme haholo a bile a ratoa. Bangoli ba kajeno ba libuka, liroki, bangoli ba litšoantšiso le baetsi ba lifilimi ba ’nile ba ntšetsa pele botumo ba hae. Lilemong tsa morao tjena ho bile le libuka le lipontšo tse ngata tse buang ka eena. Phuputsong e ’ngoe ea machaba o ile a balelloa har’a batho ba leshome ba Brithani ba hlaheletseng ka ho fetisisa. Re bua ka Mofumahali Elizabetha I oa Engelane.
Ke hobane’ng ha mofumahali enoa, eo mehleng ea hae a neng a bitsoa Mofumahali oa Moroetsana le Mofumahali Elizabetha ea Molemo, a ile a hapa maikutlo a batho ka nako e telele hakaale? Na puso ea hae e ne e hlile e le mehla ea nala?
O ja Lefa la Mathata a Mangata
Elizabetha Tudor o hlahile ka 1533—’me ntate oa hae Henry VIII o ile a sareloa haholo kaha o ne a batla ngoana oa moshanyana ea tla mo hlahlama boreneng. ’Mè oa hae, Anne Boleyn, eo e neng e le mosali oa bobeli oa Henry, o ile a sitoa ho ba le mora. Henry o ile a laela hore a khaoloe hlooho ka lebaka la liqoso tseo batho ba bangata ba nahanang hore ke tsa bohata. Ka nako eo, Elizabetha o ne a le lilemo li peli feela.
Ka nako eo, Henry o ne a khaotse maqhama le mopapa oa Roma a bile a phatlalalitse hore ke eena hlooho ea Kereke ea Chache. Ka mor’a lefu la Henry ka 1547, baeletsi ba mora oa hae e monyenyane litabeng tsa moea, e leng Edward VI, ba ile ba leka ho etsa hore Engelane e be naha ea Boprostanta ka ho feletseng. Edward o ile a shoa ka mor’a ho busa lilemo tse tšeletseng feela, ’me sechaba sa khutlela bolumeling ba Roma e K’hatholike nakong ea puso e khutšoanyane le e neng e tletse tšollo ea mali ea Mary I, e leng ngoan’abo Elizabetha ka Ntate oa bona.a Ha Elizabetha a qala ho busa ka 1558, a le lilemo li 25, Engelane e ne e arohantsoe ke liqhoebeshano tsa bolumeli ebile e na le mathata a tebileng a lichelete. E ne e lahlehetsoe ke libaka tsa ho qetela tseo e neng e li laola Fora ’me Spain e ne e e sokela.
Ha Elizabetha a qala ho busa o ile a batla baeletsi ba hloahloa, ’me ba bang ba bona ba ile ba qeta nako e ngata ba e-na le eena pusong ea hae e nkileng lilemo tse 44. Bothata ba pele boo a ileng a sebetsana le bona ke ba bolumeli. Joalokaha Musiamo oa Sechaba oa Maritime o bontša, o ile a khetha “ho tsosolosa phetohelo khahlanong le lithuto tsa K’hatholike le ho haha Kereke ea Chache e neng e sa sekamela Bok’hatholikeng haholo kapa Boprostanteng haholo.” Ho e-na le hore e be hlooho ea kereke, e ile ea e-ba ’musisi oa eona ea phahameng e le hore a kokobetse bohale ba ba neng ba sa amohele hore mosali e be hlooho ea kereke. Ka mor’a moo, paramente e ile ea fetisa Molao oa Tsamaiso ea Kereke, o neng o hlomamisa litumelo le mekhoa ea Kereke ea Chache, le hoja o ne o kenyelelitse mekete e itseng ea K’hatholike. Empa “ho sekisetsa” hona ha hoa ka ha thabisa Mak’hatholike a mangata kapa Maprostanta a neng a sa tenyetsehe, e leng Maphurithane.
Ho ne ho e-na le bothata bo bong bo tšoenyang Elizabetha. Ke’ng seo a neng a ka se etsa e le hore sechaba se ntseng se ikoka maqeba a puso e bosula ea Mary I, se mo tšepe le hore se mo hlomphe? O ile a etsa qeto ea ho sebelisa boemo ba hae e le mosali hore bo mo tsoele molemo. Rahistori Christopher Haigh o re: “Ha Elizabetha a le teroneng e ne e le Mofumahali oa Moroetsana; ka Kerekeng e le ’mè, ho matona a hae e le rakhali, ho baeletsi ba hae e le mosali ea omanang nako ena kaofela ’me ho ba ka lekhotleng la hae e le mosali ea ekang.” Lekunutu la hae e ne e le hore a lule a tiisetsa sechaba hore o se rata ka tsela e khethehileng. Kahoo, sechaba le sona se ile sa mo rata, ’me a se bolella khafetsa hore oa se rata, ka mor’a nakoana sa mo kholoa.
Paramente e ne e tšoenyehile ka hore Elizabetha a nyaloe ’me a tsoale mojalefa oa Moprostanta. Ho ile ha hlahella banna ba babeli ba neng ba batla ho nyala mofumahali. Elizabetha o ne a etsa eka o rata motho ebe o qeta likhoeli tse ngata, esita le lilemo ka linako tse ling, a ntse a buisana le eena ka litaba tsa lenyalo pele a etsa qeto ea ho mo koenehela haeba seo se tla mo tsoela molemo lipolotiking.
Ha Elizabetha a ntse a leka ho latela tsela ea bolumeli “ka ho leka-lekaneng,” batho ba bang ba ile ba mo etsetsa ’momori. Motsoal’ae Mary Stuart oa Mok’hatholike, eo Mak’hatholike a Europe a neng a nka hore ke eena ea lokelang ho hlahlama Mary I teroneng, o ne a ikemiselitse ho mo hlasela. Boemo bona bo ile ba e-ba kotsi le ho feta ka 1568, ha Mary a ne a ketoloa pusong Scotland ’me a balehela Engelane. Le hoja a ne a le litlamong ka tlung, ka potlako Mak’hatholike a neng a le ’momoring oa ho ketola mofumahali oa Moprostanta a ile a itšoarella ka eena, empa Elizabetha o ile a hana a tiile ho bolaea mong ka eena. Ka 1570, Mopapa Pius V o ile a ntša taelo ea hore Elizabetha a khaoloe kerekeng ’me a lokolla bafo ba hae tlamong ea ho mo mamela. Mopapa ea latelang, e leng Gregory XIII, o ile a phaella ka hore e ke ke ea e-ba sebe haeba Engelane e hlaseloa ’me mofumahali a tlosoa pusong ka likhoka. Litaba li ile tsa fihla mosenekeng ha morero oa Anthony Babington oa ho bolaea Elizabetha o sibolloa ’me ho fumaneha hore Mary o nkha lefotha. Qetellong, Elizabetha o ile a tlameha ho etsa qeto ka Mary, ’me ka khothalletso ea paramente o ile a qetella a lumetse hore Mary a bolaoe ka 1587. Mak’hatholike a Europe a ile a halefa haholo—haholo-holo Philip II oa Spain.
Leqheka le Bontšang Sebete la Philip oa Mok’hatholike
Philip eo ka nako eo e neng e le ’musi ea matla ka ho fetisisa Europe, o ile a leka ho boloka Engelane e le ea Bok’hatholike ka hore a batle ho nyala Elizabetha ha e e-ba mofumahali, empa o ile a mo hana. Manyesemane a nang le likepe a ne a qetile lilemo a utsoa thepa likepeng tsa Spain le likoung tsa teng ’me a qholotsa matla a eona a bokoloni. Ho ileng ha halefisa Philip le ho feta, ke ha Elizabetha a tšehetsa Madache ntoeng ea ’ona ea ho itokolla pusong ea Spain. Ho bolaoa ha Mary ho ile ha susumelletsa Philip hore a nke bohato. Ka khothalletso ea mopapa, o ile a rera ho sebelisa Likepe Tsa Ntoa Tsa Spain tse fetang 130 ka palo, tse neng li tla ea Netherlands ho ea lata lebothohali la fatše li ntan’o tšela English Channel ho ea hlasela Engelane. Pele lebotho leo le leholo le ka itokisa ka botlalo, lihloela tsa Manyesemane li ile tsa utolla morero oo. Elizabetha o ile a laela Sir Francis Drake hore a ee koung ea Cádiz e Spain ka likepe tse 30, tse ileng tsa senya likepe tsa maemo tse ngata tsa Spain, e leng se ileng sa liehisa Likepe Tsa Ntoa ka nako e etsang selemo.
Qetellong ha Likepe Tsa Ntoa Tsa Spain li tloha koung eo ka 1588, li ile tsa fumana sesole sa Manyesemane sa metsing se li emetse. Le hoja likepe tsa Spain li ile tsa hlaseloa, li ile tsa tšela English Channel li sa senyeha hakaalo ’me tsa emisa koung ea Calais e Fora. Ka le hlahlamang bosiu, Manyesemane a ile a romela likepe tse robeli tse nkileng liqhomane.b Ke ho tšoha, likepe tsa Masepanishe li ile tsa phasalla, ’me ka mor’a ho loana e mahlo-mafubelu, moea o fokang o tsoa boroa-bophirimela o ile oa li sutumeletsa hōle le Engelane ’me oa li isa leboea ho elella Scotland. Lifefo tse ileng tsa puputla Scotland le lebōpong le ka bophirimela la Ireland li ile tsa soahlamanya halofo ea likepe tsa Spain, ha tse setseng tsona li ile tsa khutlela Spain li sesela.
“Mehla ea Nala” ea Qala
Qalong ea puso ea Elizabetha, Engelane e ne e se na libaka tse mose ho maoatle tseo e neng e li laola. Ka lehlakoreng le leng, Spain e ne e fumana maruo a mangata libakeng tse khōlō tseo e li hapileng tse Amerika Leboea, Bohareng le Boroa. Engelane e ne e batla ho etsa se tšoanang. Kahoo, bo-rakhoebo ba-ha-malekelle ba ile ba tšela maoatle ba batla botumo, leruo le libaka tse ncha tsa khoebo Chaena le Bochabela bo Hōle. Sir Francis Drake e bile motsamaisi oa pele oa sekepe oa hore a pote lefatše, ’me o ile a tlatlapa thepa likepeng tsa Spain ha a ntse a tsamaea ka sekepe lebōpong la leoatle le ka bophirimela ho Amerika Boroa le Leboea. E le ho leka ho fokotsa taolo ea Spain libakeng tse ka bophirimela, Sir Walter Raleigh o ile a tšehetsa ka lichelete boiteko ba ho fumana kolone Lebōpong la Leoatle le ka Bochabela, Amerika Leboea. Sebaka seo a ileng a se fumana o ile a se reha Virginia e le ho tlotla Mofumahali oa Moroetsana oa Engelane. Le hoja boiteko boo ba qalong ba ho theha likolone bo ile ba hlōleha, bo ile ba etsa hore batho ba Engelane ba thahaselle ho leka letsoho nakong e tlang. Ha Likepe Tsa Ntoa Tsa Spain tseo ho neng ho lumeloa hore li ke ke tsa hlōloa, li hlōloa, Engelane e ile ea tšepa likepe tsa eona le ho feta ’me Elizabetha o ile a tšehetsa merero e mecha ea khoebo karolong ea lefatše e Asia boroa-bochabela. Seo se ile sa rala motheo oa ’Muso o Moholo oa Brithani, oo qetellong o neng o tla laola lefatše lohle.c
Batho ba Engelane ba ne ba khothalletsoa hore ba ithute. Ho ile ha buloa likolo tse ncha ’me seo sa fa liithuti tse eketsehileng monyetla oa hore li ngole libuka. Takatso ena ea ho hlahisa lingoliloeng hammoho le mekhoa e tsoetseng pele ea khatiso e ile ea hōlisa bonono ka sekhahla. Eo e ne e le mehla ea William Shakespeare le lingoli tse ling tse hloahloa. Batho ba ne ba khobokana mabaleng a liketsahalo a sa tsoa buloa ho ea shebella litšoantšiso tsa bona. Liroki li ile tsa ngola lithothokiso tse monate le libini tsa qapa lipina tse ncha. Bataki ba nang le phihlelo ba ile ba taka litšoantšo tse nyenyane tsa mofumahali le batho ba ka lekhotleng. Liphetolelo tse ncha tsa Bibele li ne li sebelisoa haholo likerekeng le malapeng. Empa mehla eo ea nala ha ea ka ea tšoarella.
Mehla ea Nala ea Fela
Lilemo tse qetellang tsa puso ea Elizabetha li ne li tletse likhathatso. Ka mor’a hore baeletsi ba hae ba shoe, o ile a khetha ba seng ba kae bao a ileng a ba fa mesebetsi e itseng e phahameng, e leng se ileng sa halefisa ba bang ka lekhotleng sa ba sa etsa hore ba leke ho mo ketola empa ba hlōleha. ’Muso oa hae o ile oa boela oa tsekolloa ke bolumeli. Mak’hatholike a ile a hana ho ea litšebeletsong tsa Boprostanta ’me a hlorisoa ka ho eketsehileng. Qetellong ea puso ea hae, ho ne ho bolailoe baprista le balumeli ba ka bang 200. Maphurithane le ’ona a ile a tšoaroa le ho bolaoa. Batho ba Ireland ba ile ba fetohela puso ea Manyesemane, ’me a ne a ntse a tsoela pele ho loana le Spain. Ho ile ha e-ba le komello ka lilemo tse ’nè tse latellanang ’me batho ba bangata ba felloa ke mosebetsi, ea e-ba bo-hloma-u-hlomole, ’me ba baka merusu ka lebaka la litheko tse phahameng. Elizabetha o ile a felloa ke botumo. Batho ba Engelane ba ne ba se ba sa rate Mofumahali oa Moroetsana.
Butle-butle Elizabetha o ile a felloa ke takatso ea ho phela, ’me a shoa ka la 24 March, 1603, e le ’musi oa ho qetela lesikeng la Tudor. Sechaba se ile sa tšoha haholo ha se utloa litaba tseo, empa mantsiboeeng a letsatsi leo se ne se se se nyanyaka se thabetse ’musi e mocha, se keteka literateng se besitse mollo oa tetemahali. Qetellong se ne se e-na le morena—James VI oa Scotland oa Moprostanta, e leng mora oa Mary Stuart. Boemong ba hae e le James I oa Engelane, o ile a etsa seo Elizabetha a neng a hlōtsoe ho se etsa—e leng ho kopanya mebuso e ’meli tlas’a ’musi a le mong. Leha ho le joalo, kapele feela tšepo eo sechaba se neng se e-na le eona e ile ea fetoha masoabi ’me sa qala ho hloloheloa puso ea Mofumahali Elizabetha ea Molemo.
Na e ne e Hlile e le Mehla ea Nala?
Bo-histori ba mehleng ea pele ba ile ba phafa Elizabetha. Lilemong tse seng kae ka mor’a lefu la hae, William Camden o ile a hlalosa puso ea hae e le ea nala le tsoelo-pele, e le nako eo mofumahali a ileng a susumelletsa sechaba hore se finyelle lintho tse khōlō. Ka lilemo tse makholo, ha ho motho ea ileng a hanyetsa maikutlo ao. Elizabetha o ile a tuma le ho feta ho elella qetellong ea lekholo la bo19 la lilemo, ha a ne a tlotloa ka hore ke mothehi oa ’Muso o Moholo oa Brithani, oo ka nako eo o neng o busa kotara ea lefatše.
Bo-rahistori ba bang ba kajeno ha ba nke hore puso ea Elizabetha e lokela ho nkeloa holimo hakaalo. The Oxford Illustrated History of Britain e re: “Botumo boo Elizabetha a bileng le bona ka mor’a hore a hlokahale bo feta hōle lintho tseo a neng a hlile a li finyeletse. Ho hlakile hore liphatlalatso tsa leshano tseo a neng a li phatlalatsa, . . . taba ea hore o phetse nako e telele, ho hlahella ha Shakespeare nakong ea puso ea hae le ho oeloa ke lehlohonolo la ho hlōla Likepe Tsa Ntoa Tsa Spain ho ile ha re isa le khongoana-holimo, ra be re se re mo phafa re hlokomoloha taba ea hore ka lenyele o ile a lumella Engelane hore e se ke ea laoleha.” Haigh ea qotsitsoeng pejana, o hlalosa lebaka leo ka lona bo-rahistori ba bang ba ileng ba ngola lintho tseo ba li ngotseng, o re: “Ka 1603, Elizabetha o ne a shebahala joaloka mosali-moholo oa leoatla, kaha batho ba ne ba se ba tšepile hore Stuart e tl’o ba morena. Ka 1630 ha marena a Stuart a se a ipakile hore ha a na thuso, o ile a nkoa e le ’musi ea khabane ho feta bohle.”
Ha ho potang hore Elizabetha e ne e le mosali ea ikhethang ea neng a etsa mosebetsi oa banna. O ne a le bohlale a bile a e-na le sepheo, ’me matona a hae ao ka bohlale a neng a mo ngolla lipuo tseo a tla fana ka tsona, a hlophisa tsela eo a tla hlahella ka eona sechabeng, eo a aparang ka eona le ho etsa litšoantšo tsa hae e le ho phahamisa seriti sa mofumahali le ho tsebahatsa mehla ea puso ea hae ea nala, a ile a etsa hore a ipabole litšebelisanong le sechaba.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Sheba sehlooho se reng “Ba se ba Lumela Hore ho ne ho E-na le Leeme la Bolumeli,” Tsoheng! (ea Senyesemane) ea April 8, 2000, leqepheng la 12-14.
b E ne e le likepe tsa sesole tse neng li e-na le liqhomane le lintho tse ling tse tšoarang mollo, tse neng li hotetsoa ebe li romeloa likepeng tsa ba lireng ho ea baka tšenyo.
c Sheba lebokose le reng “John Dee le ’Muso o Moholo oa Brithani.”
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 22]
“Botumo boo Elizabetha a bileng le bona ka mor’a hore a hlokahale bo feta hōle lintho tseo a neng a hlile a li finyeletse”
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 22]
JOHN DEE LE ’MUSO O MOHOLO OA BRITHANI
Elizabetha o ne a re John Dee (1527-1608/9) ke rafilosofi oa hae. E ne e le setsebi se hlomphehang sa lipalo, sa jeokrafi le sa linaleli, hape o ne a thahasella bonohe ba linaleli haholo le matla a phahametseng a tlhaho. O ile a eletsa mofumahali letsatsing le thabisang ka ho fetisisa la ha a ne a behoa teroneng ’me o ne a sebelisa litsebo tsa hae lekhotleng la mofumahali. O tlotloa ka hore ke eena ea tumisitseng poleloana “’Muso o Moholo oa Brithani,” ’me o ile a khothalletsa Elizabetha hore a inke e le moemphera oa ’muso o moholo o tlang, o tla busa maoatleng le likolone tse ncha. E le hore a finyelle seo, o ile a ruta bafuputsi ba tsamaeang ka likepe, haholo-holo ba letšolong la ho batla litsela tse ka Leboea-bochabela le Leboea-bophirimela tse lebang linaheng tsa Bochabela, ’me a tšehetsa maano a ho etsa k’honthinente ea Amerika Leboea kolone ea Manyesemane.
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
Photograph taken by courtesy of the British Museum
[Litšoantšo tse leqepheng la 20, 21]
A. Likepe tsa Manyesemane tse nkileng liqhomane tse ileng tsa romeloa Likepeng Tsa Ntoa Tsa Spain B. Sir Francis Drake C. Mofumahali Elizabetha D. Mohaho oo ho neng ho bapaloa litšoantšiso ho oona E. William Shakespeare
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
A: From the book The History of Protestantism (Vol. III); B: ORONOZ; C: From the book Heroes of the Reformation; D: From the book The Comprehensive History of England (Vol. II); E: Encyclopædia Britannica/11th Edition (1911)
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 19]
© The Bridgeman Art Library International