Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 5/1 maq. 20-21
  • Ho Tsoaloa Selelekela

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Tsoaloa Selelekela
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Tsoaloa ea Tlil’o Lokisa Tsela
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Ho Tsoaloa Motho ea Tla Lokisa Tsela
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Elizabetha o ba le Ngoana
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Ba Ile ba Putsetsoa ho Tsamaea ka ho Hloka Molato
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 5/1 maq. 20-21

Jesu Bophelo le Tšebeletso ea Hae

Ho Tsoaloa Selelekela

ELIZABETHA o se a le makhatheng a ho beleha ngoana oa hae. Maria o lutse le eena ka likhoeli tsena tse tharo tse fetileng. Empa joale ho fihlile nako ea hore Maria a lumelise ’me a nke leeto le lelelele ho khutlela hae Nazaretha. Le eena o tla beleha ngoana ka morao ho nako e ka etsang likhoeli tse tšeletseng.

Hang hoba Maria a tsamaee, Elizabetha o-oa beleha. Ke thabo e kaakang ha pelehi e se na mathata ’me Elizabetha le ngoana ba phela hantle! Ha Elizabetha a bontša baahelani le beng ka eena ngoana, bohle ba thaba le eena.

Ho latela molao oa Molimo, kamorao ho matsatsi a robeli a hlahile, ngoana oa moshemane Iseraeleng o tlameha ho bolotsoa. Metsoalle le seng sea bokana bakeng sa ketsahalo ena. Ba re ngoana o lokela ho rehelloa ntat’ae, Zakaria. Empa Elizabetha o-oa latola. O re, ‘Che. O tla bitsoa Johanne.’ Hopola, ke lona lebitso leo lengeloi Gabriele le itseng ngoana a le reoe.

Leha ho le joalo, metsoalle ea bona e-ea ipelaetsa: ‘Hahabo lōna ha ho motho ea bitsoang ka lebitso leo.’ Joale, ba sebelisa puo ea matsoho, ba botsa ntat’a ngoana hore na o batla ha ngoana a bitsoa mang. Zakaria a kōpa letlapa la ho ngolla, a makatsa bohle ha a ngola: ‘Lebitso la hae ke Johanne.’

Hoo ha khutlisa puo ea Zakaria ka mohlolo. U tla hopola hore o ile a lahleheloa ke matla a hae a ho bua ha a sa kholoe polelo ea lengeloi ea hore Elizabetha o tla ba le ngoana. Koana, ha Zakaria a bua, bohle ba ahisaneng le bona baa makala ’me ba botsa: ‘Hantle-ntle ngoana eo o tla ba seng?’

Joale Zakaria o tletse moea o halalelang, ’me o profeta ka mora oa hae: ‘O tla bitsoa moprofeta oa Ea Holimo-limo, ’me e tla ba selelekela sa Jehova ho mo lokisetsa tsela. O tla bolella batho hore ba tlameha ho bolokeha ka hore ba tšoareloe libe tsa bona.’

Nakong ena, Maria, eo e sa ntsaneng e le mosali ea sa nyaloang, o fihlile Nazaretha. Ho tla etsahala joang ka eena ha ho totobala hore ke moimana? Luka 1:56-80; Levitike 12:2, 3.

◆ Johanne o ne a le moholo ho Jesu ka nako e kae?

◆ Ho etsahetse lintho life ha Johanne a le matsatsi a robeli?

◆ Ho profetiloe hore Johanne o tla etsa mosebetsi ofe?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela