Khaolo ea 3
Ho Tsoaloa ea Tlil’o Lokisa Tsela
ELIZABETHA o se a le makhatheng a ho beleha ngoana oa hae. Maria o lutse le eena ka likhoeli tsena tse tharo tse fetileng. Empa joale ho fihlile nako ea hore Maria a lumelise ’me a nke leeto le lelelele ho khutlela hae Nazaretha. Hoo e ka bang ka mor’a likhoeli tse tšeletseng le eena o tla ba le ngoana.
Nakoana ka mor’a hore Maria a tsamaee, Elizabetha oa beleha. Ke thabo e kaakang ha pelehi e ba e atlehileng ’me Elizabetha le ngoana ba phela hantle! Ha Elizabetha a bontša baahelani le beng ka eena ngoana, kaofela ba thaba le eena.
Ho latela Molao oa Molimo, ka mor’a matsatsi a robeli a hlahile, ngoana oa moshemane Iseraeleng o lokela ho bolotsoa. Metsoalle le beng ka bona baa ba etela bakeng sa ketsahalo ena. Ba re ngoana o lokela ho rehelloa ka ntat’ae, Zakaria. Empa Elizabetha oa latola. O re: “Che, empa o tla reoa la Johanne.” Hopola hore ke lebitso leo lengeloi Gabriele le itseng le lokela ho reoa ngoana.
Leha ho le joalo, metsoalle ea bona ea ipelaetsa: “Ha ho motho har’a baheno ea reiloeng lebitso leo.” Joale, ba sebelisa puo ea matsoho, ba botsa ntat’a ngoana hore na o batla ha ngoana a bitsoa mang. Zakaria a kōpa lematjana la ho ngola, ’me o makatsa bohle ha a ngola: “Lebitso la hae ke Johanne.”
Ka mohlolo, ha seo se etsahala Zakaria o boetse o khona ho bua. U tla hopola hore o ile a lahleheloa ke matla a hae a ho bua ha a ne a sa kholoe tsebiso ea lengeloi ea hore Elizabetha o tla ba le ngoana. Koana, ha Zakaria a bua, bohle ba ahisaneng le bona baa makala ’me ba ipotsa: “Ha ho le joalo, ngoana eo e tla ba eng?”
Joale Zakaria o tlala moea o halalelang, ’me oa rorisa: “Ho bokoe Morena [Jehova], Molimo oa Iseraele, hobane o etetse sechaba sa hae, ’me o se lopolotse. O re tsoselitse lenaka la poloko tlung ea Davida, mohlanka oa hae.” Ha e le hantle ‘lenaka lena la poloko’ ke Morena Jesu ea e-s’o tsoaloe. Mabapi le eena Zakaria o re Molimo o re ‘loetse matsohong a bao e leng lira ho rōna, re mo sebeletse, re sa tšabe letho, khalalelong le ho lokeng, pontšeng ho eena, ka matsatsi ’ohle a ho phela ha rōna.’
Joale Zakaria o bolela sena esale pele mabapi le mor’a hae, Johanne: “Ha e le uena, lesea, u tla bitsoa moprofeta oa Ea holimo-limo; hobane u tla etella sefahleho sa Morena pele, ho lokisa litsela tsa hae, u tle u nee sechaba sa hae tsebo ea poloko, tšoarelong ea libe tsa bona, ka baka la pelo e mohau oa Molimo oa rōna, eo mafube a meso a leholimo a re etetseng ka eona, hore a bonese ba lutseng lefifing le moriting oa lefu, ’me a tsamaise maoto a rōna tseleng ea khotso.”
Nakong ena, Maria eo ka ho hlakileng e ntseng e le moroetsana ea e-s’o nyaloe, o se a fihlile hae Nazaretha. Ho tla etsahala eng ka eena ha ho hlaka hore ke moimana? Luka 1:56-80; Levitike 12:2, 3.
▪ Johanne o moholoanyane ho Jesu ka nako e kae?
▪ Ho etsahala lintho life ha Johanne a e-na le matsatsi a robeli?
▪ Ke joang Molimo o lebisitseng tlhokomelo ea oona ho batho ba oona?
▪ Ho boletsoe esale pele hore Johanne o tla etsa mosebetsi ofe?