Lesapo—Le Matla ka Tsela e Tsotehang
Na le Entsoe?
● Lesapo le ’nile la hlalosoa e le “boenjiniere bo hlollang bo sa robeheng habonolo, bo tiileng le bo sarolohang.” Hobane’ng?
Ak’u nahane: ’Mele oa motho o na le masapo a ka bang 206 le manonyello a 68. Lesapo le lelelele ka ho fetisisa ke la serope; le lenyenyane ka ho fetisisa ke la moropa oa tsebe. Joalokaha libapali tsa boikoetliso ba ’mele tse nang le phihlelo li bontša ka ho hlakileng, masapo, mesifa, mafufuru le manonyello a ka etsa hore ’mele oa motho ea shahlileng o kobehe le ho etsa lintho ka tsela e hlollang. Mokhatlo oa Sechaba oa Phuputso ea Bongaka Linthong Tse Phelang o re: “Monoana o motona oa letsoho o ka kholisa motho leha e le ofe hore moetsi oa rōna (ho sa tsotellehe hore na re nka hore ke mang) e tlameha ebe ke setsebi se hloahloa!”
Masapo a ka boetse a mamella khatello e matla haholo. Mokhatlo oo o re: “A entsoe ka tsela e tšoanang hantle le eo mehaho ea konkreite e kentsoeng litšepe e etsoang ka eona. Litšepe tse kentsoeng ka har’a konkreite li etsa hore e se ke ea pshatleha habonolo, ha samente, lehlabathe le lejoe tsona li e tiisa. Empa lesapo le tiile ho feta konkreite e kentsoeng litšepe, e entsoeng hantle ka ho fetisisa.” Robert O. Ritchie eo e leng moprofesa oa saense e sebetsanang le thepa, Univesithing ea California, Berkeley, U.S.A., o ile a re: “Re lakatsa eka re ka etsa se tšoanang.”
Ho fapana le konkreite, lesapo ke karolo ea bohlokoa ea lintho tse ngata tse phelang. ’Me le etsa lintho tse ngata. Le khona ho inchafatsa, ho amohela lihormone tse le thusang ho hōla, ’me le bile le phetha karolo ea bohlokoa tlhahisong ea lisele tsa mali. Hape, joaloka mosifa le tiea butle-butle ha boima boo le bo jereng bo eketseha. Kahoo, baatlelete ba na le masapo a boima ho feta batho ba qetang nako e ngata ba lutse.
U nahana’ng ka see? Na lesapo le bile teng ka tšohanyetso? Kapa na le entsoe?
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Sebōpeho sa lesapo (le hōlisitsoeng)
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 25]
Leg bone: © MedicalRF.com/age fotostock; close-up: © Alfred Pasieka/Photo Researchers, Inc.; gymnast: Cultura RF/Punchstock