Lefu la ho Fokola ha Masapo—Ke Boloetse bo Khutsitseng
Anna ea lilemo li 19, o ne a ntse a hlaphoheloa boloetseng bo bakiloeng ke ho itima lijo, ha ka tšohanyetso a oela fatše ’me mokokotlo oa hae o e-ba bohloko bo otlang pelo. O ne a robehile masapo a mabeli a mokokotlo ’me seo se entse hore a be mokhutšoanyane ka lisenthimithara tse hlano. O ne a e-na le lefu la ho fokola ha masapo.
HA E le hantle “lefu la ho fokola ha masapo” le bolela hore “masapo a na le masoba.” Le bitsoa boloetse bo khutsitseng kaha hangata ha ho be le matšoao a bontšang hore masapo a ntse a senyeha ho fihlela a fokola hoo a robehang ha motho a soenetseha, a thuloa kapa a oela. Ka tloaelo batho ba robeha masapo a liqholo, likhopo, masapo a mokokotlo, kapa matsoho. Batho ba nahana hore lefu lena le atisa ho tšoara basali ba hōlileng, ba fokolloang ke matla. Leha ho le joalo, joalokaha mohlala oa Anna o bontša, bacha le bona ba ka tšoaroa ke lefu la ho fokola ha masapo.
Le Kotsi Haholo
Mokhatlo oa Machaba oa Lefu la ho Fokola ha Masapo o tlaleha hore “Linaheng Tsa Europe, ka mor’a metsotsoana e meng le e meng e 30, motho a le mong o robeha lesapo ka lebaka la lefu lena.” United States, batho ba limilione tse 10 ba na le lefu lena, ’me ba bang ba limilione tse 34 ba kotsing kaha masapo a bona aa fokola. Ho phaella moo, Mekhatlo ea Bophelo ea United States e tlaleha hore “mosali a le mong ho ba bang le ba bang ba babeli le monna a le mong ho ba bang le ba bang ba bane, ba lilemo li 50 kapa ho feta ba tla robeha lesapo hobane ba e-na le lefu la ho fokola ha masapo.” ’Me ha ho bonahale eka lintho li tla ntlafala nakong e tlang.
Koranta ea Bulletin of the World Health Organization e bolela hore lilemong tse tlang tse 50, palo ea batho ba robehang masapo ka lebaka la lefu la ho fokola ha masapo e tla imena habeli. Mohlomong ho entsoe khanyetso ena hobane ho lebeletsoe hore palo ea batho ba hōlileng e tla eketseha. Empa liphello tsona li se ntse li tšosa. Lefu la ho fokola ha masapo le holofatsa batho ba bangata, esita le ho ba bolaea. Hoo e ka bang bakuli ba etsang karolo ea 25 lekholong ba lilemo li 50 kapa ho feta, ba robehang masapo a liqholo baa shoa ka lebaka la mathata a amanang le kalafo selemo ka mor’a hore ba robehe.
Na U Kotsing?
Liphuputso tsa morao tjena li bontša hore lefutso le phetha karolo e khōlō. Haeba batsoali ba kile ba robeha masapo a qholo, bana ba ka ’na ba e-ba kotsing ea ho robeha ka makhetlo a imenneng habeli. Ntho e ’ngoe e bakang kotsi ke ho haelloa ke phepo e nepahetseng ha lesea le sa le ka pōpelong, e leng se etsang hore ngoana a hōle a e-na le masapo a fokolang. Ho tsofala le hona ho baka kotsi e ’ngoe. Ha batho ba ntse ba hōla, hangata masapo a bona a robeha habonolo. Maloetse a mang, a kang ba Cushing, lefu la tsoekere le la tšoelesa ea qoqotho e hlahisang lihomone tse ngata, le ’ona a ka tlatsetsa tabeng ea hore motho a tšoaroe ke lefu la ho fokola ha masapo.
Ha basali ba khaotsa ho ilela khoeli seo se fella ka hore lihomone tsa estrogen li fokotsehe ’meleng, e leng tsona tse sireletsang masapo. Ke ka lebaka lena basali ba fetang banna ka makhetlo a ka bang mane ba tšoaroang ke lefu lena. Ha estrogen e haella ka lebaka la ho tlosoa ha polokelo ea mahe ho mosali, seo se ka etsa hore a khaotse ho ilela khoeli kapele.
Lintho tse ling tse kotsi tse bakang lefu la ho fokola ha masapo tseo motho a ka li fetolang li akarelletsa mokhoa oo a jang ka oona le oo a phelang ka oona. Lijo tse nang le k’halsiamo e fokolang le vithamine D li ka fokolisa masapo. Ho ja lijo tse nang le letsoai le lengata ho ka ’na ha beha motho kotsing le ho feta, kaha seo se eketsa tsela eo ’mele o ntšang k’halsiamo ka eona. Ho noa joala ho feta tekano, hoo hangata ho tsamaisanang le ho se je hantle, le hona hoa tlatsetsa tabeng ea ho senyeha ha masapo.
Joalokaha ho boletsoe qalong, Anna o ile a tšoaroa ke lefu la ho fokola ha masapo ka lebaka la ho ja ka mokhoa o fosahetseng. Mokhoa oo o fosahetseng oa ho ja o ne o entse hore a haelloe ke phepo e nepahetseng, a be mosesaane, esita le hore a se ke a ilela khoeli. Ka lebaka leo, ’mele oa hae o ne o khaolitse ho hlahisa li-estrogen, e leng se ileng sa fokolisa masapo.
Ntho e ’ngoe hape e bakang lefu la ho fokola ha masapo ke ho se ikoetlise ka ho lekaneng. Ho tsuba le hona ho ka ba kotsi haholo kaha ho ka fokotsa liminerale masapong. Ho latela Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo, hoo e batlang e le motho a le mong ho ba robeli ea robehang qholong, ke ka lebaka la ho tsuba. Leha ho le joalo, liphuputso li bontša hore ha motho a khaotsa ho tsuba, monyetla oa hore masapo a senyehe le hore a robehe oa fokotseha.
Ho Thibela Lefu la ho Fokola ha Masapo
Lefu la ho fokola ha masapo le lokela ho thibeloa ho tloha bongoaneng. Nakong ena, karolo ea 90 lekholong ea masapo ’ohle a motho e fihla boholong bo tloaelehileng. K’halsiamo, e leng letsoai le hlokahalang hore motho a be le masapo a tiileng, e fumaneha haholo-holo masapong. Lijo tse ling tse ka sehloohong tse nang le k’halsiamo ke lebese le lihlahisoa tse entsoeng ka lona, tse kang yokate le chisi; tlhapi e kentsoeng ka makotikoting ea saratinsi le ea salmon (e jelelloa le masapo); lialmonde; lijo tse nang le oats; lipeō tsa sesame; chisi e entsoeng ka soya; le meroho e mahaba a botala bo lefifi.
E le hore ’mele o monye k’halsiamo, ho hlokahala vithamine D. Vithamine ena e hlaha letlalong ha motho a orile letsatsi. Manuel Mirassou Ortega, e leng ngaka e sebetsanang le maloetse a amang litho tse ka hare tsa ’mele, eo hape e leng setho sa Mokhatlo oa Mexico oa Masapo le Tlhahiso ea Matla ’Meleng, o ile a re: “Ho ora letsatsi ka metsotso e leshome letsatsi ka leng hoa tlatsetsa tabeng ea ho thibela lefu la ho fokola ha masapo, kaha ho hlahisa likaroloana tse ka bang 600 tsa vithamine D.” Vithamine ena e boetse e fumaneha lijong tse kang mothoebe oa lehe, tlhapi ea leoatleng le sebete.
Ho ikoetlisa ke habohlokoa haholo tabeng ea ho thibela lefu la ho fokola ha masapo. Ha motho a sa le mocha, ho ikoetlisa ho tiisa masapo ’me ha a se a tsofetse, ho a thibela hore a fokole. Boikoetliso boo mesifa e sebetsang khahlanong le matla a khoheli kapa matla a mang, empa masapo le manonyello a sa imeloe haholo, ke bona bo khothalletsoang. Ho tsamaea ka maoto, ho hloa litepisi esita le ho tantša ke mekhoa e bonolo empa e sebetsang ea boikoetliso boo mesifa e sebetsang khahlanong le matla a khoheli.a
Ho na le lintho tseo motho a ka li etsang ho thibela lefu lena. Joalokaha re bone, li ka ’na tsa akarelletsa ho fetola lijo tseo a li jang le tsela eo a phelang ka eona e le hore a baballe boleng ba masapo le ho a tiisa. Ke ’nete hore batho ba bangata ba sa ikoetliseng bophelong ba ka ’na ba thatafalloa hore ba fetole tsela eo ba phelang ka eona. Empa ba lekang ho e fetola ba fumana melemo e mengata haholo! O mong oa eona e ka ’na ea e-ba hore ba qobe ho ba har’a batho ba limilione tse ngata lefatšeng ka bophara ba tšoeroeng ke lefu la ho fokola ha masapo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho ikoetlisa ka ho feteletseng, hoo basali ba sitoang ho ilela khoeli, ho ka etsa hore masapo a robehe habonolo ka lebaka la ho haella ha estrogen. Ho khothalletsoa hore basali ba lilemo li fetang 65 ba etse liteko tsa ho hlahloba masapo e le ho bona hore na ha aa senyeha. Haeba masapo a senyehile hampe, ba ka ’na ba fuoa meriana e thibelang lefu la ho fokola ha masapo le e le phekolang. Leha ho le joalo, motho o lokela ho hlahloba melemo le likotsi tse amehang pele a qala ho sebelisa meriana eo.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 21]
Ho thibela lefu lena ho ka ’na ha akarelletsa ho fetola lijo tseo motho a li jang le tsela eo a phelang ka eona, e le hore a baballe boleng ba masapo le ho a tiisa
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 19]
Lefu la ho fokola ha masapo ke boemo boo ho bona masapo a felloang ke matla, e leng se etsang hore a robehe habonolo. Le ka hlokomeloa ka hore ho sebelisoe mochine oa tlhahlobo o ntšang mahlaseli a tlaase, o bontšang hore na masapo a na le liminerale tse kae.
Lesapo le tiileng
Lesapo le fokolang
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
© BSIP/Photo Researchers, Inc.
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Boikoetliso boo mesifa e sebetsang khahlanong le matla a khoheli bo ka thibela ho fokola ha masapo
[Litšoantšo tse leqepheng la 20]
Lialmonde le lihlahisoa tsa lebese li na le k’halsiamo e ngata