Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 3/10 leq. 27
  • Tsa Mona le Mane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsa Mona le Mane
  • Tsoha!—2010
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Lintho Tsa ho Bapala” Tse Lahliloeng Kherehloa
  • Seo Bana ba E-s’o Kene Sekolo ba se Nahanang ka Ponahalo ea Bona
  • Bana ba Reka ka Inthanete
  • Ha Bana ba Sebelisa Inthanete—Seo Batsoali ba Lokelang ho se Tseba
    Tsoha!—2008
  • Ho Thusa Bacha ho Hlōla Bothata Bona
    Tsoha!—2007
  • Ha Bana ba Sebelisa Inthanete—Seo Batsoali ba ka se Etsang
    Tsoha!—2008
  • Ho Thoe’ng ka ho Etsa Metsoalle Inthaneteng?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
Bala Tse Ling
Tsoha!—2010
g 3/10 leq. 27

Tsa Mona le Mane

“Batho ba sa tsubeng, ba mahlahahlaha, ba noang joala ka ho lekaneng le bao bonyane ka letsatsi ba jang mefuta e mehlano ea litholoana kapa meroho, ka karolelano ba phela lilemo tse ling tse 14, ho feta ba sa etseng lintho tsena.” Ho fihletsoe qeto ena ka mor’a hore ho etsoe phuputso ka lilemo tse 11 ho batho ba 20 000.—UC BERKELEY WELLNESS LETTER, U.S.A.

“Ho bala ke tsela e ntle ka ho fetisisa ea ho phomola. . . . Esita le ho bala ka metsotso e tšeletseng ho ka fokotsa ho sithabela ka karolo e fetang ea bobeli borarong.”—INDIA TODAY INTERNATIONAL, INDIA.

“Lintho Tsa ho Bapala” Tse Lahliloeng Kherehloa

Ha koranta ea The New York Times e bua ka boemo bo teng United States, e re: “Mathata a moruo a etsa hore beng ba likepe ba li lahle kherehloa.” Beng ba likepe ba hlakola mabitso le linomoro likepeng tsa bona, ba ntan’o li siea kherehloa kapa ba li tebise, ka linako tse ling e le hobane ba batla ho ea batla chelete inshorenseng. Ke hobane’ng ha ba etsa see? Koranta ea Times e re, “Ba bang . . . ba mathateng a kang a beng ba matlo ba sitoang ho lefella matlo a bona: ba tlameha ho lefa chelete e ngata bakeng sa thepa e ntseng e felloa ke boleng, kahoo ba etsa qeto ea ho khaotsa ho li lefella,” ’me e re likepe tseo ke “lintho tsa ho bapala tseo ho leng turu ho li lokisa li bile li tsoile fesheneng.” Koranta eo e re: “Beng ba tsona ba sitoa ho li rekisa hobane batho ba atisang ho reka lintho tse sebelisitsoeng le bona ba imetsoe. Ha ba khone ho lefa lidolara tse makholo khoeli le khoeli bakeng sa likepe tseo ba sa li sebeliseng le bakeng sa ho li lokisa. ’Me ha ba na lidolara tse likete tse hlokahalang e le hore ba ka li lahla ka tsela e loketseng.”

Seo Bana ba E-s’o Kene Sekolo ba se Nahanang ka Ponahalo ea Bona

Koranta ea Sydney e bitsoang Sunday Telegraph e tlaleha hore bana ba ka bang lilemo li ’nè “ba leka ho fetola ponahalo ea bona e le hore ba shebahale ka tsela eo batho ba nkang hore ke eona e loketseng.” Phuputsong e ’ngoe ea kamoo bana ba e-s’o kene sekolo ba jang le ho ikoetlisa kateng ho fumanoe hore bashanyana le banana ba ne ba tšoenyehile ka ’mele ea bona—banana ba tšoenyehile ka ho theola boima ba ’mele ’me bashanyana ba tšoenyehile ka ho tiisa mesifa. Batsamaisi ba phuputso eo ba ile ba re: “Ho bonahala eka bana ba etsisa bo-’mè ba bona, [bao] ka kakaretso ba sa khotsofallang ’mele ea bona.”

Bana ba Reka ka Inthanete

Koranta ea The Daily Telegraph ea London e tlaleha hore “ngoana a le mong ho ba bahlano [United Kingdom] o reka ka Inthanete ntle ho tumello ea batsoali ’me ho bana bao, ba ka etsang halofo ba reka ka likarete tsa batsoali ba bona tsa mokitlane.” Bana ba bangata ba tseba mecha eo batsoali ba rekang ho eona Inthaneteng ’me ba tseba li-password tsa batsoali ba bona—e leng se ka ’nang sa boela sa ba nolofalletsa ho fumana linomoro tsa likarete tsa batsoali tsa mokitlane. Ke batsoali ba seng bakae ba nahanang hore bana ba bona ba ka reka ka Inthanete ntle ho tumello ea bona. Tlaleho eo e bontša hore ho na le “phapang e khōlō” pakeng tsa seo batsoali ba nahanang hore bana baa se tseba le seo ha e le hantle bana ba se tsebang. Har’a lintho tse ling, sena se pepesetsa batsoali kotsi ea hore ba qhekelloe. Batsoali ba rekang ka Inthanete ba eletsoa hore: “Ba qobe ho boloka boitsebiso ba likarete tsa bona tsa mokitlane le tsa banka Inthaneteng,” ba sebelise feela mecha ea Inthanete e nang le botumo bo botle ’me “ba e koale ha ba qeta.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela