Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 3/10 leq. 30
  • Maikutlo a Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Maikutlo a Babali
  • Tsoha!—2010
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bothata ba ho Bala ha Boa ka ba Ntšitisa
    Tsoha!—2009
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2009
  • Maikutlo a Babali
    Tsoha!—2010
  • Bibele e Re’ng ka Bothata ba ho Haelloa ke Metsi a Hloekileng Lefatšeng Lohle?
    Lihlooho Tse Ling
Bala Tse Ling
Tsoha!—2010
g 3/10 leq. 30

Maikutlo a Babali

Bothata ba Metsi—Ho Etsoa’ng ka Bona? (January 2009) Ke tšoenngoa ke tsela eo sehlooho sena se qetellang ka eona. Ho e-na le hore se khothalletse babali hore ba thuse ba bang ka ho haha liliba, ho tšehetsa merero ea paballo ea metsi, esita le ho ithuta haholoanyane ka bothata bona, sehlooho seo se re: “Ke Molimo feela ea ka rarollang bothata ba metsi, eseng batho” ’me se phaella ka ho re O tla “‘etsa hore lintho tsohle li be ncha.’ (Tšenolo 21:5)” Le hoja tseo e le litaba tse khothatsang, na ho ne ho ke ke ha e-ba molemo ho thusa ka tsela e itseng hona joale? Ho na le mathata a mangata lefatšeng lena. Le hoja ntle ho pelaelo, Molimo a rerile ho a rarolla, re ke ke ra phutha matsoho feela ra shebella Diabolose ha a iketsetsa borata.

S. S., United States

Karabo ea “Tsoha!”: Sepheo sa sehlooho se boletsoeng ka holimo e ne e se ho fana ka maikutlo a hore batho ba se ke ba leka ho ntlafatsa maemo hona joale. Joalokaha ho bontšitsoe sehloohong seo, “Molimo o file batho boikarabelo ba hore ba hlokomele lefatše.” Ke kahoo re hatisitseng lihlooho tse ngata limakasineng tsa rōna, tse khothalletsang babali hore ba baballe lihloliloeng tsa lefatše le hore ba sireletse tikoloho. Empa ka masoabi, boiteko boo batho ba bo etsang ho sireletsa lihloliloeng tsa lefatše hangata bo sitisoa ke melao e sireletsang maemo a moruo ’me e hlokomoloha mathata a tikoloho le ho sitisoa ke batho ba sa phethahalang ba meharo le ba inahanang bobona. Ke ka lebaka leo re reng “ke Molimo feela ea ka rarollang bothata ba metsi.”

Lefatše—Le Etselitsoe Hore le be le Bophelo (February 2009) Nakong eo mecha ea phatlalatso e neng e ngola lintho tse tšosang ka ho futhumala ha lefatše, ke ile ka khothala ha ke bala lihlooho tsena. Ke ile ka boela ka khothatsoa haholo ke ha ke utloa hore bokamoso ba lefatše lena ha bo lerootho empa lefatše le tla fetoha paradeise ea sebele le ea moea, moo batho ba tla phela teng ka khotso. Ke leboha ho menahane.

M. H., Japane

Bothata ba ho Bala ha Boa ka ba Ntšitisa (February 2009) Le ’na ke na le bothata ba ho bala, ka bomalimabe ke ne ke sa utloisise hore na bothata ba ka bo tebile hakae, ho fihlela ha ’na le mosali oa ka re abeloa ho ba baromuoa ’me ke leka ho ithuta puo e ’ngoe. Sehlooho sena se nkhothalitse haholo, haholo-holo lebokose le leqepheng la 22, le nthusitse ho utloisisa bothata ba ka. Ke ile ka tsoha molota ha ke bala kamoo Michael Henborg a atlehileng ho ithuta lipuo tse ngata kateng. Kea leboha.

M. M., Tanzania

Bacha Baa Botsa . . . Nka Etsa Joang Hore ke Natefeloe ke ho Bala Bibele? (April 2009) Ke na le bothata ba mahlo ’me ke bala ka Braille ha ke le sekolong. Ka sebele ke ananela likhatiso tsa lōna, tse nthusitseng hore ke hlōle mathata a mangata. Pele ke robala ke atisa ho mamela lik’hasete tsa lōna le li-CD. Seo se nthusa hore ke robale ke ntse ke thuisa ka lintho tse hahang. Ke mametse sehlooho seo bonyane ka makhetlo a mahlano ’me ke fumane lintlha tse ka nthusang hore ke ntlafatse thuto ea ka ea botho.

S. H., Fora

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela