Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 2/09 maq. 21-23
  • Bothata ba ho Bala ha Boa ka ba Ntšitisa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bothata ba ho Bala ha Boa ka ba Ntšitisa
  • Tsoha!—2009
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Ithuta Senyesemane
  • Ke Ithuta Setamile
  • Ka Mor’a Setamile ke Ithuta Selatvia
  • Ha Tšitiso e Fetoha Thuso
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2009
  • Maikutlo a Babali
    Tsoha!—2010
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2009
  • Thuto e Ntseng e Tsoela Pele Bophelong Bohle ba Ka
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
Bala Tse Ling
Tsoha!—2009
g 2/09 maq. 21-23

Bothata ba ho Bala ha Boa ka ba Ntšitisa

Joalokaha ho boletse Michael Henborg

Ke na le bothata ba ho ithuta—ke thatafalloa ke ho bala. Boemo bona bo amang Ntate, ’Mè le baena ba ka ba bararo, bo ’nile ba nthatafaletsa ho bala Sedanishe, e leng puo eo ke e antseng letsoeleng, ’me sekolong ke ne ke hula ka thata. Leha ho le joalo, ba lelapa leso ka ho khetheha ba ile ba nthusa le ho nkhothatsa haholo.

LELAPENG leso re moloko oa bone oa Lipaki Tsa Jehova ’me haesale ho bala, haholo-holo Bibele le libuka tse thehiloeng Bibeleng e le karolo ea bohlokoa bophelong ba rōna. ’Na le moena oa ka Flemming kamehla re ne re boetse re ea le Ntate tšebeletsong ea Bokreste, e leng se ileng sa re totobaletsa bohlokoa ba ho bala le ho ngola ka nepo.

Ha ke sa le ngoana ke ne ke bala tokollo e ’ngoe le e ’ngoe ea Molula-Qhooa le Tsoha! ’me ke ne ke qeta lihora tse ka bang 15 ke ntse ke bala makasine e le ’ngoe! Ho phaella moo, ke ile ka qala ho bala Bibele kaofela. Ke ile ka boela ka ngolisa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo se tšoaroang liphuthehong tsa Lipaki Tsa Jehova lefatšeng ka bophara. Sekolo sena se koetlisa liithuti hore li tsebe ho bala phollatsi le ho bua hantle esita le ho fana ka lipuo ka pel’a bamameli. Lintho tsena kaofela li nthusitse haholo ha ke ntse ke loantšana le bothata bona ba ho bala. Leha ho le joalo, ke ne ke sa tsebe hore ke tla tobana le mathata a mang a mangata. E-re ke hlalose seo.

Ke Ithuta Senyesemane

Ka 1988, ha ke le lilemo li 24, ke ile ka qala ho sebeletsa ke le pula-maliboho, e leng mosebeletsi oa nako e tletseng oa litaba tse molemo. Kaha Denmark ho na le batho ba bangata ba tsoang linaheng tse ling, ke ne ke batla ho ba bolella linnete tsa Bibele. Leha ho le joalo, e le hore nka atleha ho etsa seo, ke ile ka tlameha ho ithuta Senyesemane—e leng se ileng sa nthatafalla haholo. Leha ho le joalo, ke ile ka mamella ’me ho ne ho e-na le motho ea nthutang ke le mong, kahoo butle-butle ke ile ka bona tsela, ’me ha nako e ntse e ea ka qala ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo ho batho ba tsoang linaheng tse ling, ba buang Senyesemane ba lulang motseng oa heso oa Copenhagen. Ke ’nete hore ke ne ke etsa liphoso tse ngata ha ke bua, empa seo ha sea ka sa nthibela.

Ho tseba Senyesemane ho ile ha boela ha nthusa hore ke sebeletse ke le moithaopi mosebetsing oa kaho oa Lipaki Tsa Jehova linaheng tse fapaneng. Qalong ke ile ka abeloa ho ea Greece, ’me hamorao ka thusa kahong ea lekala Madrid, Spain.

Kaha ke ne ke batla ho eketsa tšebeletso ea ka, ke ile ka kōpa ho ngolisoa Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi, se tsamaisoang ke Lipaki Tsa Jehova. Sekolo sena se fana ka koetliso e khethehileng ea likhoeli tse robeli ho banna ba Bakreste ba masoha ba ikemiselitseng ho amohela kabelo ea ho sebeletsa libakeng tseo ho hlokahalang basebeletsi ba eketsehileng ba litaba tse molemo. (Mareka 13:10) Ke ile ka memeloa ho kena sehlopheng sa Senyesemane se neng se tla tšoareloa Sweden.

Sehlopha seo se ile sa qala ka la 1 September, 1994. Ke ne ke batla ho itokisa hantle, kahoo ke ile ka qeta likhoeli tse robeli ke ithuta Senyesemane lihora tse ’nè ka letsatsi ka ba ka ea phuthehong ea Senyesemane. Joale, ha sekolo se qala, ha ke ea ka ka lumella bothata boo ke nang le bona hore bo ntšitise. Ka mohlala, ha barupeli ba ne ba botsa potso, ke ne ke atisa ho phahamisa letsoho le hoja ke ne ke sa tsebe hantle hore na ke tla itlhalosa joang. Ka mor’a thupelo eo, ke ile ka abeloa ho ba pula-maliboho Copenhagen. Ho ithuta Senyesemane ho ile ha nthatafalla haholo, empa e ne e le hona likhōlō li tlang.

Ke Ithuta Setamile

Ka December 1995, ke ile ka abeloa ho ea phuthehong eo ho buuoang Setamile e motseng oa Herning, Denmark. Ke ne ke nahana hore e tlameha ebe Setamile ke e ’ngoe ea lipuo tse thata ka ho fetisisa lefatšeng. Puo ena e na le litlhaku tse 31, hammoho le liletere tse kopantseng lilumisoa le liluma-nosi ’me ha li kopana li etsa litlhaku tse ka bang 250!

Qalong ke ne ke fana ka lipuo phuthehong ka Sedanishe ’me li fetoleloa ka Setamile. Ha ke qala ho fana ka lipuo ka Setamile, ke lumela hore ho ne ho se na motho ea utloang hore na ke ntse ke re’ng. Leha ho le joalo, bamameli ba ne ba mamela ka tlhompho, le hoja ho ne ho bonahala eka ba bangata ba khanngoe ke litšeho. E le hore ke ithute Setamile ka potlako, ke ile ka etsa qeto ea ho ea Sri Lanka, e leng naha eo ho eona batho ba limilione ba buang puo eo.

Ha ke fihla Sri Lanka ka October 1996, ho ne ho e-na le ntoa ea lehae naheng eo. Ke ile ka qeta nakoana ke lula motseng oa Vavuniya o neng o le moeling o pakeng tsa mabotho a loantšanang. Lipaki tsa moo li ne li futsanehile, empa li ne li e-na le lerato le matla li bile li amohela baeti ka mofuthu, ’me li leka ka matla ho nthuta Setamile. Batho bao e seng Lipaki ba ne ba khahloa ke hore le hoja e ne e le ’na feela motho ea tsoang linaheng tsa Bophirimela ea lulang sebakeng seo, ke ne ke leka ho buisana le bona ka puo ea bona. Tsela eo ba neng ba bontša kananelo le boikokobetso ka eona e ile ea ’nolofalletsa hore ke buisane le bona ka Bibele.

Ka January 1997, ke ile ka tlameha ho khutlela Denmark, ’me selemong se latelang ka nyala Camilla, eo e neng e le pula-maliboho. Ke ne ke khahliloe ke Sri Lanka, kahoo ke ile ka khutlela teng ka December 1999, lekhetlong lena ke e-na le mohats’a ka. Ka mor’a nakoana, re ne re se re khannela malapa a mangata le batho ka bomong lithuto tsa Bibele, ’me re tsamaea le Lipaki tsa moo ha li ea lithutong tsa tsona tsa Bibele. Re ne re ikakhetse ka setotsoana tšebeletsong le ho ithuteng puo.

Ka March 2000, re ile ra tlameha ho khutlela Denmark. Ho ne ho le thata ho arohana le Lipaki tsa moo le lithuto tsa rōna tsa Bibele, kaha re ne re se li rata haholo. Empa re ne re emetsoe ke mosebetsi o eketsehileng, o akarelletsang o boima oa ho ithuta puo e ’ngoe hape!

Ka Mor’a Setamile ke Ithuta Selatvia

Ka May 2002, ’na le Camilla, eo re neng re se re qetile lilemo tse ’nè re nyalane, re ile ra kōptjoa ho ba baromuoa Latvia, e leng naha e ’ngoe ea Europe e ka bochabela ho Denmark. Camilla o ile a ithuta Selatvia kapele, ’me ka mor’a libeke tse tšeletseng feela o ne a se a khona ho se bua! Empa ho ’na ho ne ho nyolosetsa. Ha e le hantle, ho fihlela lena le holimo ke ntse ke e-s’o bone tema e kaalo, le hoja ke thusitsoe ka litsela tse ngata. Leha ho le joalo, ke ikemiselitse ho tsoela pele.a

Camilla o ntse a tsoela pele ho nthusa haholo, ’me re thabela tšebeletso ea rōna ea boromuoa. Ha e le hantle, re ithutile Bibele le batho ba bangata ba bontšang kananelo. Ha ke lebala mantsoe a itseng kapa ke fosa melao ea puo, Lipaki tsa moo le batho ba ithutang Bibele ha ba mphelle pelo empa ba leka ho utloisisa seo ke se buang ’me baa nthusa. Sena se mpha sebete le ho feta ha ke le tšebeletsong ea boboleli le ha ke fana ka lipuo libokeng tsa Bokreste.

Ke hobane’ng ha ke amohetse phephetso ea ho ithuta lipuo tse ling empa ke thatafalloa hakaale? Ha ke akaretsa taba feela, ke susumelitsoe ke ho rata batho—eseng hakaalo ke ho rata lipuo. Ke tokelo e babatsehang ho thusa motho e mong hore a tsebe Molimo oa ’nete, Jehova, le hore a atamele haufi le eena. ’Me joalokaha baromuoa ba bangata ba hlokometse seo ka makhetlo-khetlo, motho o atleha ho finyella sena haholoanyane ha a bua le batho ka puo ea bona, kaha e fihla pelong.

Ho theosa le lilemo, ’na le mosali oa ka re thusitse batho ba bangata ho ba le tsebo e nepahetseng ea ’nete ea Bibele. Empa tlotla hase ea rōna. Ho e-na le hoo, re leboha Jehova ka liphello tse ntle tseo re li boneng. Etsoe re mpa re jala le ho nosetsa peō ea ’nete ea Bibele; empa ke Molimo ea etsang hore e mele.—1 Bakorinthe 3:6.

Ha Tšitiso e Fetoha Thuso

Le hoja bothata ba ho bala bo ’nile ba ntšitisa ho etsa lintho tse itseng, bo boetse bo ntsoetse molemo. Ka tsela efe? Ha ke fana ka lipuo phuthehong, ha ke sebelise hakaalo lintlha tse ngotsoeng, ka hona ke qeta nako e ngata ke talimile bamameli. Hape ke etsa lipapiso kaha ho batla ho le bonolo ho li hopola. Kahoo, lintlheng tse ling, boemo ba ka bo nthusitse hore ke ntlafatse tsebo ea ka ea ho ruta.

Moapostola oa Mokreste Pauluse, o ile a ngola a re: “Molimo o ile a khetha lintho tse fokolang tsa lefatše, e le hore a ka hlabisa lintho tse matla lihlong.” (1 Bakorinthe 1:27) Ka sebele bothata boo ke nang le bona bo entse hore ke be ‘ntho e fokolang’ lintlheng tse ling. Empa joalokaha ’na le ba bang ba bangata re hlokometse, Jehova a ka etsa ho hongata ho koala sekheo moo re haelloang teng. Seo re lokelang ho se etsa feela ke hore re ipehele lipakane tseo re ka li finyellang, re se ke ra lebella ho etsa lintho tse fetang matla a rōna, re rapele Molimo hore a re fe moea o halalelang ’me re leke ho etsa seo re ka se khonang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ka mor’a hore ba ha Henborg ba qete lilemo tse tšeletseng ba sebeletsa Latvia, haufinyane tjena ba ile ba abeloa ho ea Ghana.

[Lebokose le leqepheng la 22]

KE ENG SEO U LOKELANG HO SE TSEBA KA BOTHATA BA HO BALA?

Bothata ba ho bala ke eng? Lentsoe la Segerike le fetoleloang e le “bothata ba ho bala” le bolela “ho se tsebe ho bua hantle.” Bothata ba ho bala boo motho a bang le bona bophelo bohle ba hae bo amana le mathata a mang a puo, haholo-holo ba ho e bala. Batho ba nang le bothata ba ho bala ba atisa ho thatafalloa ke ho amahanya litlhaku le melumo ea tsona. Leha ho le joalo, matšoao a bothata bona a ka ’na a fapana ho ea ka batho.

Ke’ng e bakang bothata ba ho bala? Sesosa sa bona se ntse se sa tsejoe hantle, le hoja lefutso le phetha karolo e itseng. Leha liphuputso li bontša hore boko bo hōla le ho sebetsa ka tsela e sa tloaelehang, seo ha se bolele hore motho ea nang le bothata ba ho bala ha a bohlale kapa hona hore ha a lakatse ho ithuta. Ha e le hantle, batho ba nang le bothata bona ba atisa ho ipabola lintlheng tse ling tse sa amaneng hakaalo le ho tseba puo.

Bothata ba ho bala bo ka phekoloa joang? Ke habohlokoa hore boemo bona bo elelloe esale qalong. E le hore motho a atlehe ho ithuta puo o lokela ho sebelisa mecha e ’maloa ea kutlo, haholo-holo oa ho utloa, oa ho bona le oa ho ama. Kahoo e le hore li ithute ho ea ka matla a tsona, liithuti tse ngata li hloka hore li be le motho ea li thusang ka bonngoe. Hape li ka ’na tsa hloka hore li tšehetsoe maikutlong ka lebaka la mathata ao li kopanang le ’ona sekolong. Haeba li fuoa koetliso e nepahetseng li bile li sebetsa ka thata, liithuti tse nang le bothata ba ho bala li ka ithuta ho bala le ho ngola hantle.b

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

b Lintlha tse ka holimo li tsoa boitsebisong bo fanoeng ke Mokhatlo oa Machaba oa Batho ba Nang le Bothata ba ho Bala. Hape, sheba sehlooho se reng, “Ho Thusa Bana ba Nang le Bothata ba ho Ithuta” Tsoheng! ea January 2009.

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Ke na le Paki e ’ngoe, Sri Lanka

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Ke na le Camilla, Latvia

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela