Khanya e Batang ea Senakangoeli
Na e Entsoe?
● Libakeng tse chesang tse mongobo, senakangoeli se bonahala ka khanya eo se hohelang se setona kapa se setšehali ka eona. Ho thahasellisang ke hore khanya ea senakangoeli e phahametse ea litleloubu tse entsoeng ke batho. Ha e le hantle, nakong e tlang ha u sheba sekoloto sa hao sa motlakase, ak’u nahane ka seo kokoanyana ena e ka se etsang.
Ak’u nahane: Tleloubu ea incandescent e sebelisa karolo ea 10 feela lekholong ea matla a eona e le khanya; karolo e setseng e senyeha feela, e tsoa e le mocheso. Ea fluorescent eona e sebetsa hantle ho e feta kaha e sebelisa karolo ea 90 lekholong ea matla a eona e le khanya. Empa ka bobeli ba tsona ha ho e tšoanang le senakangoeli. Kaha ha e na mahlaseli a mangata a kotsi, khanya e hlahisoang ke kokoanyana ena e sebelisa hoo e batlang e le matla a eona kaofela!
Ntho e thusang kokoanyana ena ke tsela eo lik’hemik’hale tse liseleng li kopanang le oksijene ka eona. Lisele tse ikhethang tse bitsoang li-photocyte li sebelisa lik’hemik’hale tsena ho qala tšebetso e fepeloang matla ke oksijene. Sena se hlahisa seo ho thoeng ke khanya e batang, kaha e batla e se na mocheso ka ho feletseng. Morupeli e mong oa thuto ea temo le tikoloho ea bitsoang Sandra Mason, o hlalositse ka nepo hore Thomas Edison, ea qapileng tleloubu “o tlameha a ile a honohela linakangoeli.”
U nahana’ng ka see? Na khanya e batang ea senakangoeli e bile teng ka tšohanyetso? Kapa na e entsoe?
[Setšoantšo se Qanollang/Litšoantšo tse leqepheng la 15]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
TŠEBELISO EA MATLA A KHANYA
10% 90% 96%
Tleloubu ea incandescent Tleloubu ea fluorescent Senakangoeli
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 15]
Firefly on leaf: © E. R. Degginger/Photo Researchers, Inc.; firefly in flight: © Darwin Dale/Photo Researchers, Inc.