Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 2/14 leq. 16
  • Khanya ea Senakangoeli

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Khanya ea Senakangoeli
  • Tsoha!—2014
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Khanya e Batang ea Senakangoeli
    Tsoha!—2010
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2014
  • Lepheo la Serurubele
    Tsoha!—2014
  • Letlalo la Shaka
    Tsoha!—2010
Bala Tse Ling
Tsoha!—2014
g 2/14 leq. 16
Senakangoeli

NA E ENTSOE?

Khanya ea Senakangoeli

KAROLO e khantšang ea senakangoeli se itseng, e koahetsoe ke makhakhapha a se thusang hore se ntše khanya e matla.a

Makhakhapha a sa lekaneng

Makhakhapha

Ak’u nahane: Bafuputsi ba fumane hore makhakhapha a manyenyane a holim’a karolo e ntšang khanya ea senakangoeli, a teteane joaloka makhakhapha a tlhapi. Makhakhapha ao a kobehela holimo hanyenyane ka lehlakoreng le leng ka limaekromithara tse tharo feela, e leng karolo e nyenyane haholo. Leha ho le joalo, ho kobeha hona ho thusa karolo eo e ntšang khanya hore e khanye haholo ho feta kamoo e neng e ka khanya kateng ha a ne a sa kobeha!

Na see se ka thusa ho ntlafatsa tsela eo mabone a LED a sebelisoang lisebelisoeng tsa elektronike a hlahisang khanya ka eona? E le hore ba fumane seo, bo-rasaense ba ile ba koahela mabone a LED ka ntho e tšoanang le karolo eo senakangoeli se ntšang khanya ho eona. Ho ile ha etsahala’ng? Mabone a LED a ile a ntša khanya e ngata ho feta pele! Setsebi sa fisiks, se bitsoang Annick Bay se re: “Ntho ea bohlokoa haholo ka mosebetsi ona ke hore o bontša hantle kamoo re ka ithutang lintho tse ngata kateng linthong tsa tlhaho.”

U nahana’ng ka see? Na khanya ea senakangoeli e bile teng ka ho iphetola ha lintho? Kapa na e entsoe?

a Bo-rasaense ha ba e-s’o etse lipatlisiso ka mefuta eohle ea senakangoeli sena.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela