Seporo se Tlohang Leoatleng le Leng ho ea ho le Leng
HOO e kang lilemong tse 150 tse fetileng, sebaka se seholo sa Canada, e leng naha ea bobeli e khōlō ka ho fetisisa lefatšeng, e ne e le lehoatata le neng le sa tsejoe. Rahistori e mong ea bitsoang Pierre Berton o re: “Karolo ea 75 lekholong ea baahi e ne e lula libakeng tse arohaneng tsa mapolasi,” ’me boemo ba litsela “bo ne bo etsa hore ho be thata ho tsamaea.” Hape ho ne ho le thata ho tsamaea matšeng le linōkeng, kaha li ne lula li le leqhoa ka likhoeli tse ka bang hlano ka selemo.
Ka lebaka la mathata ana, ka 1871 tona-khōlō, Sir John A. Macdonald, o ile a etsa tlhahiso ea hore ho etsoe seporo se hokahanyang Lebōpo la Leoatle la Atlantic, Canada le Lebōpo la Leoatle la Pacific. United States e ne e qetile ho etsa seporo se joalo ka 1869, empa Canada eona e ne e se na chelete e ngata, ebile e lokela ho etsa seporo se telele ho feta ’me e e-na le baahi ba etsang karolo ea 10 lekholong feela ha ba bapisoa le ba United States. Moeta-pele e mong oa lipolotiki oa Canada o ile a re morero oo “ke e ’ngoe ea lintho tse booatla ka ho fetisisa tseo motho a ka li nahanang.” Moeta-pele e mong eena o ile a phoqa tona-khōlō ka hore ntho e latelang eo a tla e nahana ke hore a etse seporo se eang khoeling.
Mosebetsi o Bitsang Chelete e Ngata
Leha ho le joalo, ’muso o ile oa tšepisa hore o tla qeta ho etsa seporo seo ka lilemo tse leshome. Sandford Fleming, e leng moenjiniere oa liporo oa Scotland, o ile a hakanyetsa hore seporo seo se ne se tla bitsa lidolara tse limilione tse ka bang 100, e leng chelete e neng e le ngata haholo mehleng eo. Le hoja ho etsa hore karolo e itseng ea seporo e paroletse le United States ho ne ho ka khutsufatsa tsela le ho bebofatsa lintho, Macdonald o ile a tsitlella hore seporo seo se tsamaee Canada feela, e le hore ho sireletsoe naha haeba ntoa e ka qhoma.
Bo-ramatsete ba bangata ba ne ba le leqe ho kena morerong o bitsang chelete e ngata hakaalo o bileng o leng kotsi. Leha ho le joalo, ka 1875 mosebetsi o ile oa qala ha ba Canadian Pacific Railway (CPR) ba etsa seporo seo se seholo. Lilemo tse leshome hamorao mosebetsi ona o ne o le kotsing ea ho emisoa ka ho feletseng. Ka la 10 July, CPR e ne e lokela ho lefa sekoloto sa $400 000 ka hora ea boraro thapama, empa e ne e sa khone ho se lefa. Eitse ka hora ea bobeli thapama letsatsing lona leo, qetellong Paramente ea Canada e ile ea lumela ho alimana ka chelete e eketsehileng, molemong oa ho sireletsa morero oo.
Mathata a Kaho
Ha ba ntse ba kenya seporo karolong e ka leboea ea Ontario, ba ile ba fumana lefika le thata botebong ba lisenthimithara tse 30. Kahoo ba ile ba lokela hore ba late mobu hōle haholo. Karolong e bohareng ea Canada, lithempereichara tsa mariha li ile tsa theohela likhatong tse 47 Celsius ka tlaase ho ntlha ea khoamo, e leng se ileng sa baka mathata a mangata mosebetsing oa kaho. Ho phaella moo, ka karolelano, ka selemo ho ne ho khetheha lehloa la botebo ba lisenthimithara tse makholo. Karolo e Lithabeng Tsa Rocky e ka bophirimela ea seporo e ne e bitsoa, “moo lefu le fihlang le sa rerisa.” Ho ne ho hlokahala hore ho hahoe lithanele tse ngata le marokho. Ka tloaelo batho ba ne ba sebetsa lihora tse leshome ka letsatsi, ho sa tsotellehe pula, seretse, kapa lehloa.
Qetellong, ka la 7 November, 1885, ho se na menyakoe e mekaalo, ho ile ha otlelloa tšepe ea ho qetela e tšehetsang seporo Lekhalong la Eagle le ka bophirimela ho British Columbia. Seteishene seo se ile sa rehoa Craigellachie, e leng motse o mong oa Scotland oo ho neng ho tšoareloa liboka tsa mekha ho oona ’me o tsebahala ka ho tella ba boholong ha ho le thata. Ha mookameli oa CPR a bitsoa hore a tl’o fana ka puo o ile a re: “Seo nka se buang feela ke hore ona e bile mosebetsi o tsoileng matsoho.”
Kamoo se Ileng sa Ama Batho Kateng
Basebetsi ba likete ba Machaena ba neng ba tlisitsoe naheng eo ba ile ba tiisetsoa hore ba tla tsoela pele ba sebetsa seporong seo. Hangata mosebetsi oo o ne o le kotsi, haholo-holo Lithabeng Tsa Rocky. Lilemo tse ’maloa ka mor’a hore ho otlelloe tšepe ea ho qetela e tšehetsang seporo, basebetsi ba bangata ba ile ba khona ho ba le chelete e lekaneng ea hore ba khutlele hae.
Ho qaleha ha seporo ho ile ha etsa hore mesebetsi ea khoebo e isoe ka bophirimela, e leng se ileng sa ama hampe tsela eo batho ba neng ba tloaetse ho phela ka eona. Ho ile ha thehoa metse le metsana ’me matsoalloa a libaka ka ho fapana a isoa libakeng tseo a lulang ho tsona a le mang. Likhoebo tse nyenyane tse kang libara tse pel’a tsela li ile tsa koaloa litseleng tseo bahoebi ba neng ba tsamaea ho tsona pele. Empa phello e ntle e bile hore ho tsamaea ka terene “ho lokolle batho bokhobeng ba lerōle le seretse” le “bokhobeng ba serame.” Ho phaella moo, lijo tse neng li fihlela Lebōpong la Pacific, Canada li tsoa Linaheng Tsa Bochabela li ne li fihla metseng e ka bochabela ka mor’a matsatsi a ’maloa.
Le hoja literene li ntse li sebelisoa haholo ho tsamaisa thepa ho pholletsa le Canada, ho sebelisoa ha likoloi le lifofane haholo ho entse hore baeti ba tsamaeang ka literene ba fokotsehe. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba ntse ba thabela hore ba ke ba khefutse hanyenyane bophelong bo maphathaphathe ba lekholong lena la bo21 la lilemo, ka hore ba palame terene e mabothobotho ’me ba bohe botle ba naha ho tloha Toronto ho ea Vancouver. Ho e-na le ho potlakisa lintho, joalokaha e ne e etsa pele, terene e etsa hore bapalami ba qhanolle ’me ba nahane ka histori e thahasellisang ea seporo seo ha ba tloha leoatleng le leng ho ea ho le leng seporong sena sa Canada.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 18]
RE BOLELLA BA BANG KA TŠEPO EA RŌNA TERENENG
Ho tsamaea ka terene e ntse e le mokhoa o ka sehloohong oa ho nka maeto ho baahi ba bang ba Canada, kahoo Lipaki Tsa Jehova li tsamaea ka eona ha li ea libakeng tse thōko ho ea bolela molaetsa oa Bibele o buang ka ’Muso oa Molimo. (Esaia 9:6, 7; Matheu 6:9, 10) Lipaki tseo li re, “ho bonolo ho bua ka Bibele le batho ha re le ka tereneng, kaha ba labalabela ho tseba hore na re ea hokae le hore na re il’o etsa’ng.”
Ha Paki e ’ngoe e bua ka leeto la ho ea sebakeng se seng sa Ojibwa, seo ho lulang matsoalloa a moo feela, haufi le Letša la Nipigon le karolong e ka leboea ho Ontario, e re: “Le hoja naha e ne e le ntle, liphoofolo li khahleha, ntho e thabisang ka ho fetisisa eo re e hopolang ke batho bao re ileng ra kopana le bona. Kaha ba ba le baeti ba seng bakae feela, ba ile ba thaba haholo ha re fihla moo. Ba bang ba ile ba re alima liketsoana tsa bona, ’me ba re lumella ho sebelisa phaposi sekolong sa bona re sa lefe letho. Ka mor’a ho bolela litaba tse molemo letsatsi lohle, batho ba motse ba ile ba bokana ho tla shebella video e buang ka mosebetsi oa rōna oa boboleli lefatšeng lohle.”
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Sir John A. Macdonald
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Mosebetsi oa ho etsa seporo o ne o le thata
[Litšoantšo tse leqepheng la 17]
Ho ile ha lokela hore ho hahoe lithanele tse ngata le marokho lithabeng
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Ho otlelloa ha tšepe ea ho qetela ho ile ha tšoaea ho phethoa ha seporo se pholletsang le naha ea Canada
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Ho palama terene kajeno
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 16]
Top: Canadian Pacific Railway (A17566); middle: Library and Archives Canada/C-006513
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 17]
Top, left to right: Canadian Pacific Railway (NS13561-2); Canadian Pacific Railway (NS7865); Library and Archives Canada/PA-066576; bottom: Canadian Pacific Railway (NS1960)
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 18]
Top: Canadian National Railway Company; right: Courtesy VIA Rail Canada Inc.