Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 2/08 maq. 23-25
  • Lilemo Tse Fetang 120 Hore e Haole le Naha

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lilemo Tse Fetang 120 Hore e Haole le Naha
  • Tsoha!—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Hlokahala Seporo
  • Mocheso o Matla, Lifefo Tsa Marōle le Likhohola
  • Mosebetsi o Emisa Nako e Telele
  • Botle ba Libaka Tsa Mahaeng
  • Ha e Tsoa Mahaeng, e Leba Libakeng Tse Chesang Tse Mongobo
  • “Seporo sa Bohlanya” sa Afrika Bochabela
    Tsoha!—1998
  • Seporo se Tlohang Leoatleng le Leng ho ea ho le Leng
    Tsoha!—2010
  • Terene e se Nang Mabili
    Tsoha!—2008
  • “Sebeletsang, e Seng Lijo Tse Senyehang”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Bala Tse Ling
Tsoha!—2008
g 2/08 maq. 23-25

Lilemo Tse Fetang 120 Hore e Haole le Naha

KA MONGOLI OA TSOHA! AUSTRALIA

KA LA 3, February, 2004, terene e ka bang bolelele ba lik’hilomithara tse 1,1 e ile ea kena e sesela Seteisheneng sa Terene sa Darwin, motseng oa Australia o se nang baahi ba bangata o Karolong e ka Leboea. Batho ba likete ba ne ba e emetse moo hore ba e amohele ka thabo. Terene ena e bitsoang The Ghan e ne e sa tsoa qeta leeto la eona le e khakolang la lik’hilomithara tse 2 979, ’me e ne e nkile matsatsi a mabeli ho haola naha eo ho tloha ka boroa ho ea ka leboea.—Bona lebokose le reng “Moo Lebitso Lena le Tsoang Teng,” leqepheng la 25.

Ho ne ho khobokane bashebelli ba nkileng lik’hamera ba fetang 2 000 mathōkong a seporo, ka hona terene ena e ile ea lokela ho tsamaea butle ha e atamela motseng oa Darwin. Ka hona, e ile ea fihla ka mor’a nako ka metsotso e ka bang 30. Empa ha ho motho ea ileng a tletleba. Ho ne ho fetile lilemo tse fetang lekholo batho ba Australia ba letetse sena. Ho ne ho nkile lilemo tse 126 hore ho qetoe seporo sena sa terene se parolang libaka tse ommeng ka ho fetisisa, tse chesang ka ho fetisisa le tse thōko ka ho fetisisa, ho tloha Adelaide ho ea Darwin.

Ho Hlokahala Seporo

Ho ella mafelong a bo-1870, baahi ba motsana oa Adelaide, o ka bochabela koung e khōlō e bitsoang Great Australian Bight, ba ne ba labalabela ho etsa khoebo e atlehileng sebakeng seo le ho ba le mokhoa oa hore bahoebi ba tsamaee hantle ho ea libakeng tse hōle tse ka leboea. United States e ne e qetile ho haha seporo sa eona sa terene se parolang naha ka 1869. Kaha baahi ba Adelaide ba ne ba batla ho etsa se tšoanang, ba ile ba nahana ho etsa seporo sa terene se neng se tla kopanya motsana oa bona le Port Darwin, e leng kamoo Darwin e neng e bitsoa kateng mehleng eo. Seporo sena se ne se tla etsa hore ho be bonolo ho ea libakeng tse ling naheng ena, hape se ne se tla fokotsa nako e ngata ea leeto la ho ea Asia le Europe.

Ho ne ho bonahala eka seo se tla ba bonolo, empa seporo seo se ne se lokela ho feta libakeng tse sa feteheng habonolo tse nang le maralla le mekoloko ea lithaba, lihlahla tse teteaneng le mahoatata a lehlabathe le majoe—’me libaka tse ling li ne li e-ba qhafutso kapa li phorosela metsi ka mor’a lipula. ’Matlisisi John Stuart o ile a qetella a atlehile ho haola sebaka sena seo ho leng thata ho tsamaea ho sona ha a leka ka lekhetlo la boraro ka 1862. Empa ha ba le tseleng, eena le moifo oa hae ba ile ba batla ba bolaoa ke tlala le lenyora.

Mocheso o Matla, Lifefo Tsa Marōle le Likhohola

Ho sa tsotellehe litšitiso, baahi ba Adelaide ba ne ba ikemiselitse ho phetha morero oa bona. Ka 1878, ba ile ba qala ho etsa seporo Port Augusta. Ba sebelisa lithulusi tsa letsoho feela, lipere le likamele, basebetsi ba 900 ba ile ba etsa seporo ho elella ka leboea ba iphaphathile ka litselana tsa pele tsa Matsoalloa a Australia tse neng li parola Mekoloko ea Lithaba tsa Flinders. Tseleng ena ho ne ho e-na le liliba tsa metsi tse neng li fumaneha sebakeng sena feela, e leng se neng se thusa kaha terene ea mashala e hloka metsi hore e sebetse.

Ho ile ha nka lilemo tse peli le halofo hore ho etsoe seporo se bolelele ba lik’hilomithara tse 100. Ka linako tse ling hlabula ho ne ho chesa hore thempereichara e nyolohele likhatong tse 50 tsa Celsius. Ka lebaka la moea o ommeng sebakeng sena se chesang, manala a matsoho a ne a peperana, enke e oma le pele e fihla pampiring, ’me seporo se kobeha. Ho ne ho tloaelehile hore terene e tsoe seporong. Ka mor’a lifefo tsa marōle, basebetsi ba ne ba lokela ho tlosa qubuhali ea lehlabathe le pakellaneng seporong lik’hilomithara tse ’maloa, ’me liqubu tse ling li ne li ka ba bophahamo ba limithara tse peli. Basebetsi ba ne ba atisa ho ema le monn’a mateneng ha lifefo tse ling hape li boela li ba khutlisetsa morao.

Joale ho ile ha latela lipula. Ka metsotso e se mekae, linōka tse neng li omme ngo! li ile tsa fetoha linōka tsa metsi a phallang ka sekhahla a ileng a sotha seporo, a senya mosebetsi o entsoeng ka likhoeli tse ngata ’me literene tsa baeti tsa hloka moo li fetang le teng. Mokhanni oa terene e ’ngoe o bile a thunya lipōli tse hlaha e le hore a fepe bapalami. Lilemo tse ngata hamorao, bapalami ba neng ba tsietsoe ba ile ba tlisetsoa lijo ka sefofane.

Ka mor’a lipula, limela tsa lehoatateng li ile tsa tlokoma ’me tsa bitsa boieane ba litsie. Ka lekhetlo le leng ha li ne li hlasetse ka bongata, seporo se ile sa khenathela litsie hoo ho ileng ha hlokahala terene e ’ngoe hore e sututse e ka pele. Seoa sa likhoto le sona se ile sa baka bothata bo bong. Likhoto li ile tsa ja ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo li neng li ka e ja—lintho tse neng li sebelisoa kampong, liseile, litōmo esita le lirifi. Setša sa mabitla se haufi le seporo ke khopotso ea hore ho ile ha e-ba le seoa sa feberu ea mala, ’me ke bopaki ba hore maemo a bohloeki kampong a ne a se matle ha mosebetsi ona o sa tsoa qala.

Bakeng sa boithabiso, ba sebetsang ka har’a terene ba ne ba rata ho bapala hampe ka batho ba bang. Ka lekhetlo le leng ha sebaka sa Alice Springs se ne se hlasetsoe ke mebutlanyana, basebetsi bao ba ile ba kenya e meng ka sekhukhu ka har’a The Ghan. Buka ea The Ghan—From Adelaide to Alice, e re letsatsing le hlahlamang ha bapalami ba tsoa ka makarecheng a bona ho ea lijong tsa hoseng, ba ile ba kopana le “mebutlanyana e ferekaneng e neng e phasaphasa” liphasejeng. Leetong le leng, e mong o ile a kenya lelinyane la kangaroo ka makarecheng a ho robala.

Ka linako tse ling, Matsoalloa a Australia a neng a lula libakeng tse ka thōko a ne a atamela pel’a seporo ha terene e feta. A eme hōjana, a ne a bona batho ka har’a terene. Ke ntho e utloahalang hore ebe pele Matsoalloa ana a ne a qoaea, a mang a bile a tšoha. Ha e le hantle, a mang a ne a lumela hore “noha e khōlōhali ea meleko” e ne e koentse batho bokoilitane ba ntse ba phela!

Mosebetsi o Emisa Nako e Telele

Ka mor’a lilemo tse 13 ho sebetsoa ka thata, lichelete li ile tsa fela ha seporo se ne se saletsoe ke lik’hilomithara tse 470 hore se fihle Alice Springs. Australian Geographic e re, “mosebetsi oo o moholohali o ile oa imela motsana oo.” Ka 1911, ’muso oa kopanelo o ile oa nka mosebetsi oo ’me oa atolosa seporo ho ea fihla Alice Springs. Empa morero oa hore seporo se fihle Darwin, lik’hilomithara tse 1 420 ho ea ka leboea, o ile oa chechisetsoa morao.

Ha The Ghan e fihla ka lekhetlo la pele Alice Springs ka 1929, batho bohle ba motse—ba neng ba ka ba 200 ka nako eo—ba ile ba tla ho tla e amohela ka thabo. Baahi ba ile ba tsota terene ena e nang le lekareche leo ho jelloang ka ho lona, empa ntho e ileng ea ba hlolla le ho feta e ne e le lekareche le letlehali leo ho hlapeloang ka ho lona. Mehleng eo, ho ba le bate tereneng e ne e le ntho e sa tloaelehang le e mabothobotho. Alice Springs ke moo seporo se neng se fella teng karolong e ka leboea ho fihlela ka 1997. Selemong seo, ’muso le puso ea kopanelo li ile tsa lumellana ho qetela seporo sena seo e neng e le khale batho ba letetse hore se fele, ho tloha Alice Springs ho ea Darwin. Mosebetsi o ile oa qala ka 2001.

Ho ile ha sebelisoa mechine e meholohali ho etsa seporo sena se jeleng chelete e kaalo ka liranta tse limilione tse likete li 7,7, ’me ka letsatsi ho ne ho etsoa seporo se bolelele ba lik’hilomithara tse 1,6, se neng se tšela marokho a ka bang 90 a hahiloeng ka thata hore a se hoholoe ke likhohola. Seporo sena se bolelele ba lik’hilomithara tse 1 420, se hlalosoang e le “morero o moholo ka ho fetisisa oa ntšetso-pele ea sechaba Australia,” se ile sa phethoa ka October 2003 pele ho nako e neng e behiloe le ka chelete e ka tlaase ho e neng e beheletsoe ka thōko.

Botle ba Libaka Tsa Mahaeng

Kajeno The Ghan e ntse e tloha mantsiboea motseng oa sejoale-joale oa Adelaide, ho kena leetong la eona ho haola le naha. Ha e furalla toropo, terene ena e lienjene li peli e nang le makareche a 40 e tsoelipana masimong a koro ho ea Port Augusta, lik’hilomithara tse ka bang 300 ka leboea. Sebakeng sena ponahalo ea naha ke e sa khahliseng mahlo ’me ho tletse lehlabathe, mofero le lihlahla tse bonahalang ho fihlela moo mahlo a fellang teng.

Ka nģ’ane ho Port Augusta, The Ghan e tsamaea seporong se loketseng maemo ’ohle a leholimo se bolelele ba lik’hilomithara tse ka bang 250 ka bophirimela ho seporo sa khale se neng se khathatsoa ke meroallo. Bosiu lehoatateng lena, bapalami baa robala ha terene e ntse e tsamaea, e feta matšeng a letsoai a lulang a chele boholo ba nako empa linakong tsa lipula teng a phatsima ha khoeli e le teng. Linaleli tse ngata-ngata li bonahala sepakapakeng bosiu ha maru a apohile. Leha ho le joalo, ha ho sa na lerata la lilemong tse fetileng le neng le etsoa ke terene ha e tsamaea seporong, kaha seporo ha e sa le likoto tse ngata tse kopantsoeng, empa e se e le tšepe e le ’ngoe e telele e le hore ho be bonolo ho se hlokomela.

Ha mafube a hlaha, lehoatata le haufi le Alice Springs le khanya bofubelu le bosehla. Mopalami e mong o ile a re: “Pono ena ea hlolla ka botle. Ke ntse ke le ka tereneng, ke ile ka utloa kamoo letsatsi le leng matla kateng. Le chabela lehoatateng lena le leholohali, le mebala-bala le sabaletseng ka tsela e tšosang, hoo ke ileng ka sala ke hloletsoe. Sebaka sena se etsa hore motho a ikutloe a le mosesaane.”

Ha e Tsoa Mahaeng, e Leba Libakeng Tse Chesang Tse Mongobo

Ha The Ghan e tloha Alice Springs moo e neng e emisitse teng motšehare oa mantsiboea, e leba motseng oa Katherine, ebe e fetela seteisheneng sa ho qetela se ka leboea, motseng o chesang le o mongobo oa Darwin. Larry Ierace eo e neng e le mookameli oa terene ea The Ghan ha e ne e khakoloa leetong la eona la pele, o re: “Bapalami ba The Ghan ba thabela mabothobotho a terene ena,” ha ba le ka makarecheng a eona a nang le sefehla-moea. Ha ba shebile ka ntle ka lifensetere, ba nahana ka mathata le litsietsi tseo e tlamehang ebe basebetsi ba pele ba ho etsa seporo sena ba ile ba thulana le tsona.

Ntle le hore The Ghan e tlatselitse khoebong le mokhoeng o motle oa ho nka maeto lefatšeng, e boetse e tlisitse tlhaboloho libakeng tsa mahaeng. Ngoanana e mong ea lilemo li 19 eo e leng Letsoalloa la Australia, ea ileng a bona terene ena ha e ne e nkile leeto la eona la pele le e khakolang ka February 2004, o ile a re: “Ke ne ke qala ho bona terene bophelong. E ntle.”

[Lebokose /Setšoantšo se leqepheng la 25]

Moo Lebitso Lena le Tsoang Teng

The Ghan ke lebitso le khutsufalitsoeng le reneketsang The Afghan Express. Ha ho tsejoe hantle hore na ho tlile joang hore terene ena e rehelloe ka bo-ralikamele ba Maafghan. Leha ho le joalo, lebitso lena le re hopotsa bajaki bao ba linatla ba ileng ba etsa hore batho ba fihle libakeng tsa mahaeng tsa Australia. Le hoja batho bao ba ne ba bitsoa Maafghan, ha e le hantle ba ne ba tsoa libakeng tse fapaneng tse kang Baluchistan, Egepeta, India Leboea, Pakistan, Persia le Turkey.

Likamele tsa bona e ne e le lipalangoang libakeng tsa mahaeng, ’me li ne li lumela ho botha kapa ho phahama ha beng ba tsona ba re “Hooshta!” Likamele tse kolokileng tse neng li ka ba 70 li ne li tsamaisa batho le thepa, ’me li tsamaea sebaka sa lik’hilomithara tse 6 ka hora li iketlile. Ha literene le likoloi li se li le teng, Maafghan a ile a lokolla likamele tsa ’ona. Kajeno, likamele tse baloang ka likete tse makholo li ntse li itsamaela ka bolokolohi hlatheng Australia bohareng.—Bona Tsoha! (ea Senyesemane) ea April 8, 2001, leqepheng la 16-17.

[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng leqepheng la 23]

Northern Territory Archives Service, Joe DAVIS, NTRS 573

[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng leqepheng la 25]

Train photos: Great Southern Railway

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela