Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 11/08 maq. 24-25
  • Terene e se Nang Mabili

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Terene e se Nang Mabili
  • Tsoha!—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Seporo sa Makenete ha se Bapisoa le se Tloaelehileng
  • Lilemo Tse Fetang 120 Hore e Haole le Naha
    Tsoha!—2008
  • “Seporo sa Bohlanya” sa Afrika Bochabela
    Tsoha!—1998
  • Molomo oa Seinoli
    Tsoha!—2010
  • Seporo se Tlohang Leoatleng le Leng ho ea ho le Leng
    Tsoha!—2010
Bala Tse Ling
Tsoha!—2008
g 11/08 maq. 24-25

Terene e se Nang Mabili

KA MONGOLI OA TSOHA! HONG KONG

LE PELE baeti ba tsamaeang ka terene Shanghai, Chaena, ba palama terene ena e ncha e phatsimang e hahiloeng ka tsela e etsang hore e thelle feela ha e tsamaea, baa elelloa hore ba tlil’o tsamaea ka terene e sa tšoaneng le tse ling. Ho hlaka le ho feta ha terene ena e tloha e khutsitse seteisheneng sa eona sa sejoale-joale ’me e matha ka lebelo la lik’hilomithara tse fetang 430 ka hora ebile e sa khohlopehe, e leng se etsang hore e be eona terene ea baeti e lebelo ka ho fetisisa lefatšeng. E nka metsotso e robeli feela ho ea Lebaleng la Lifofane la Machaba la Pudong le bohōle ba lik’hilomithara tse 30. Empa ho na le ntho e ’ngoe e ikhethang le ho feta ka terene ena—ke hore ha e na mabili!

Ke seporong se pakeng tsa Shanghai le Pudong feela lefatšeng moo ho tsamaeang terene ea baeti e sebetsang ka makenete. Terene ena ha e tsamaee ka mabili a tšepe, ho e-na le hoo e tsamaea ka ho feletseng ka matla a makenete. Ha e khannoe ke motho, empa e tsamaisoa ke mochine oa theknoloji o lulang o lekola hore na e hokae ebe o romela molaetsa seteisheneng seo e laoloang ho sona. Batho ba seteisheneng seo ba sebelisa lik’homphieutha ho laola terene eo.

Seporo sa Makenete ha se Bapisoa le se Tloaelehileng

Ho bile le mathata a ’maloa ha ho etsoa terene ena e ikhethang le seporo sa eona. Ka mohlala, ho na le sebaka se sesesaane se nang le moea pakeng tsa terene ena le seporo sa eona. Kahoo, kaha mobu oa Shanghai o bonolo, baenjiniere ba ile ba tlameha ho kopanya seporo sena ka mokhoa o khethehileng o ka feto-fetoloang ha mobu o ntse o motela ka tlhaho. Hape ba ile ba lokela ho hopola hore maballo a konkreite ha a lule a le boemong bo tšoanang, a ka ’na a kokomoha kapa a honyela, ho latela hore na hoa chesa kapa hoa bata.

Leha ho le joalo, mokhoa ona oa ho sebelisa makenete o na le melemo e mengata. Ka mohlala, terene ena ha e etse lerata la enjene kapa la mabili ebile ha e ntše mosi o kotsi. Seporo le thepa e ’ngoe ha li hloke ho lokisoa khafetsa. Terene ena ea baeti e baballa matla ka makhetlo a mararo ho feta koloi le ka makhetlo a mahlano ho feta sefofane. Ha e le hantle, matla ao terene ena e a sebelisang ha e tsamaea a fokola ho feta a sebelisoang ke mochine o fehlang moea o ka har’a eona! Ho feta moo, ho fapana le terene e nang le mabili, eona e khona ho nyoloha meepa le ho tsoelipana matsoapong, kahoo ha ho hlokahale hore ho batalatsoe sebaka.

Ha batho ba nahana ka melemo ena eohle, ho ka ’na ha bonahala ho makatsa hore ebe ha ho e-s’o hahoe liporo tse ngata tsa mofuta ona. Lebaka le leng ke litšenyehelo tse boima tse bang teng qalong. Ha e le hantle, ba boholong Chaena ba emisitse morero oa ho etsa seporo se seng sa makenete se mathang pakeng tsa Shanghai le Beijing, kaha ho se etsa ho ka bitsa chelete e menang ka makhetlo a mabeli ea ho etsa seporo sa terene e tloaelehileng e mathang ka lebelo. Hape terene e tsamaeang seporong sena sa makenete ha e na ho sebelisa liporo tse ling tsa Chaena

Seporo sa makenete sa Shanghai se entsoe ho latela botsebi ba Jeremane, ’me Jeremane, Japane le linaha tse ling li ntse li tsoela pele ho etsa lipatlisiso. Ka December 2003, terene ea Japane e tsamaeang seporong sa makenete, eo ho ntseng ho etsoa liteko ka eona, e ile ea itlhoma pele lefatšeng ka hore e mathe ka lebelo la lik’hilomithara tse 581 ka hora. Hajoale, terene ena ea Shanghai ke eona feela ea baeti lefatšeng e sebelisang matla a makenete.

Ha terene ena e tloha Pudong e khutlela Shanghai, mahlo a baeti bohle ba ka makarecheng a hanella sebakeng se bontšang hore na e matha ka lebelo le lekae, e le ha ba batla ho bona ha e se e matha ka lebelo le feletseng. Ha e le hantle, ha ba qala ho tsamaea ka eona, baeti ba bangata ha ba khone ho sheba libaka, kahoo ba boela ba e palama. Ha ba bona kamoo terene ena e fetang ka potlako kateng, ba utloisisa hantle hore na ke hobane’ng ha ho ’nile ha thoe ke “sefofane sa fatše.”

[Lebokose/Litšoantšo Tse Qanollang tse leqepheng la 24]

TERENE E TSAMAEANG KA MATLA A MAKENETE E SEBETSA JOANG?

Limakenete tse nang le matla a motlakase tse laoloang ka k’homphieutha tse (1) kentsoeng botlaaseng ba lekareche ka leng, le tse fatše seporong sa terene (2), li phahamisa terene ho fihlela likarolo tseo tse peli tsa limakenete li arohane ka bophahamo bo ka etsang senthimithara. Limakenete tse ling li (3) tsitsisa terene ka mahlakoreng. Literata tse haretsoeng (4) tse ka har’a seporo li hlahisa matla a khoheli a tsamaisang terene.

E le ho baballa motlakase, seteishene seo e laoloang ho sona se romela motlakase karolong e itseng ea seporo (5) hafeela terene e feta karolong eo. Se romela motlakase o eketsehileng libakeng tseo terene e lokelang ho eketsa lebelo ho tsona kapa moo e lokelang ho hloa moepa. Ha terene e lokela ho tsamaea butle kapa ho khutlela morao, matla a khoheli a hlahisoang ke literata tseo tse haretsoeng a fetola tsela eo a phallang ka eona.

NA HO BOLOKEHILE HO TSAMAEA KA EONA?

Le hoja terene ena e tsamaea ka lebelo le phahameng haholo, (6) e itšoareletsa ka seporo, e leng se etsang hore ho se ke ha e-ba bonolo hore e khelohe seporong. Ha ho hlokahale hore baeti ba lule ba itlamme ka mabanta ’me ba lokolohile hore ba ka itsamaela, esita le ha terene e matha ka lebelo. Haeba motlakase o khaoha, e na le mariki a khethehileng, a sebetsang ka libeteri a hlahisang matla a khoheli, a e fokotsang lebelo hore e tsamaee lik’hilomithara tse 10 ka hora. Joale terene ena e itsamaela butle feela ho fihlela e ema.

Na limakenete tse matla tsa terene ee li ka ntša batho kotsi—mohlomong, bapalami ba kentsoeng mechine e thusang pelo ho otla? Liteko tse ileng tsa etsoa li bontšitse hore ha ho na lebaka la ho tšoenyeha. Ha e le hantle, terene ena e hlahisa matla a fokolang a khoheli ho feta a hlahisoang ke literene tse tloaelehileng.

[Litšoantšo tse leqepheng la 24, 25]

Lik’hilomithara tse fetang 430 ka hora!

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 24]

Pages 24 and 25: All photos and diagrams: © Fritz Stoiber Productions/​Courtesy Transrapid International GmbH & Co. KG

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela