Kamoo U ka Phelang ka Chelete e Fokolang
HO PHELA ka chelete e fokolang ho hloka hore motho a rere lintho ka hloko. Jesu o ile a totobatsa bohlokoa ba sena. O ile a botsa: “Ke mang ho lōna ea batlang ho haha tora ea sa luleng fatše pele ’me a bale litšenyehelo, ho bona haeba a e-na le ho lekaneng ho e phetha?” (Luka 14:28, 29) Ha u latela molao-motheo oo, u ka ‘bala litšenyehelo’ tsa ho phela ka chelete eo u nang le eona, haeba u etsa moralo oa tšebeliso ea chelete. Moralo oo o sebetsa joang? Leka ho etsa sena:
Ha u tla le moputso hae, beha chelete ka mahlopho a eo u tla e sebelisa hona joale le nakong e tlang. (Sheba lebokose le leqepheng la 8.) Ha u hlophisitse litšenyehelo tsa hao, u tla bona hore na chelete e fella hokae le hore na u sebelisa e kae linthong tseo e seng tsa bohlokoa. Seo se tla u thusa ho bona moo u ka fokotsang litšenyehelo teng.
E le hore u etse moralo oa tšebeliso ea chelete o tla u thusa, latela litlhahiso tsena.
Reka ka Bohlale
Ha Raúl a felloa ke mosebetsi, mosali oa hae, Bertha, o ile a fetola tsela eo a neng a reka ka eona. O re: “Ke ne ke batla litlankane tse fanang ka litheolelo ke bile ke sheba mabenkele a korosari a entseng linyehlisetso, a rekisang lintho tse peli ka theko ea e le ’ngoe.” Litlhahiso tse ling ke tsena:
● Etsa qeto ea seo le tla se ja ho latela hore na ke’ng e theotsoeng.
● Reka lintho tse hlokahalang e le hore u iphehele, ho e-na le ho reka lijo tse phuthetsoeng.
● Reka lintho ka bongata ha theko ea tsona e theohile kapa ha e le nako ea tsona.
● Reka lintho ka bongata, empa u ele hloko hore ha u reke lintho tse tla qetella li senyehile.
● Fokotsa litšenyehelo tsa liaparo ka hore u reke liaparo tsa khale tsa boleng bo botle.
● E-ea libakeng tse tummeng ka hore li rekisa lintho ka theko e tlaase, haeba seo se tla baballa chelete.
● Fokotsa makhetlo ao u rekang ka ’ona.a
Ngola Fatše
Fred o re: “Re ile ra tlameha ho etsa moralo oa tšebeliso ea chelete, kahoo ke ile ka boloka tlaleho ea lintho tseo re lokelang ho li lefella hang-hang le ea tseo re tla li hloka har’a khoeli.” Mosali oa hae Adele, o phaella ka ho re: “Ke tseba hantle hore na ke il’o sebelisa chelete e kae ha ke ea ’marakeng. Ka linako tse ling ha ke lokela ho rekela bana ntho e itseng kapa ho reka ntho ea ka tlung, ke sheba moralo oa tšebeliso ea chelete ebe ke re, ‘Nke ke ka khona ho e reka, kahoo e tla tlameha ho emela khoeli e tlang.’ Ho ngola lintho fatše ho nthusa haholo!”
Pele U Reka, Nahana
Itloaetse ho ipotsa: ‘Na ntho ee ke hlile kea e hloka? Na ea khale e felile, kapa ke mpa feela ke batla e ncha?’ Haeba u sa atise ho sebelisa ntho e itseng, na ha ho molemo hore u e hire? Kapa haeba u nahana hore u tla e sebelisa khafetsa, na ho reka e sebelitseng e ntseng e le boemong bo botle ho ke ha e-ba molemo?
Le hoja tse ling tsa litlhahiso tse fanoeng ka holimo li ka ’na tsa bonahala eka ha li thuse hakaalo, li etsa phapang e khōlō ha li lateloa hammoho! Taba ke hore ha u itloaetsa ho baballa linthong tse nyenyane, u tla etsa se tšoanang le linthong tse khōlō.
Leka Makhobonthithi
E le hore u fokotse litšenyehelo tse sa hlokahaleng, nahana ka lintho tse ncha tseo u ka li etsang. Ka mohlala, Adele o re: “Re ne re e-na le likoloi tse peli eaba re rekisa e ’ngoe ’me re sebelisa e le ’ngoe. E le hore re baballe mafura, re ne re rera hore ha re ea sebakeng se itseng re phethe mabaka a mangata kamoo re ka khonang. Re ile ra fokotsa lintho tsohle tse sa hlokahaleng.” Litsela tse latelang ke tse ling tseo u ka lekang makhobonthithi ka tsona:
● Lema meroho serapeng.
● Latela litaelo tsa moetsi oa thepa, kaha seo se tla etsa hore e tšoarelle nako e telele.
● Hlobola liaparo tsa bokhabane hang ha u fihla hae—’me seo se tla etsa hore li qete nako e telele li ntse li shebahala li le ncha.
U se ke Ua Itšehla Thajana!
Batho ba bangata ba felloang ke mosebetsi ba ikhula ho ba bang le ho itšehla thajana. Empa Fred eena ha aa ka a etsa joalo! Ba lelapa la hae ba ile ba mo tšehetsa ka kutloelo-bohloko, ho akarelletsa bana ba hae ba seng ba hōlile. O re: “Re ile ra ithuta ho arolelana lintho tse ngata, ’me sena se ile sa re momahanya haholoanyane. Kaofela ha rōna re ne re nka hore, ‘Re tšoarisane tabeng ena.’”
Fred o ne a boetse a matlafatsoa ke Bakreste-’moho le eena, nako le nako ha a kopana le bona Holong ea ’Muso ea Lipaki Tsa Jehova. O re: “Kamehla ha liboka tsa rōna tsa Bokreste li fela, ke ne ke ikutloa ke khothetse. Bohle ba ne ba le mosa ba bile ba bontša ho nahanela. Ka thuso le tšehetso ea bona, re ile ra hlokomela hore ha re bang.”—Johanne 13:35.
Melemo ea ho ba le Tumelo
Ho felloa ke mesebetsi ho entse hore batho ba limilione ba hlonamele bahiri ba bona, bao ba nkang hore ba ba tsoile tlaase. Raúl ea boletsoeng pejana, o ile a sithabetsoa ke ho felloa ke mosebetsi ka makhetlo a mabeli a ne a sa lebella—ha a le naheng ea habo Peru le ha a se a le New York City. Ka mor’a ho felloa ke mosebetsi ka lekhetlo la bobeli, Raúl o ile a etsa qeto ea hore, “Ha ho letho le sireletsehileng lefatšeng la kajeno.” Ho ile ha feta likhoeli a sa fumane mosebetsi. Ke’ng se ileng sa mo thusa? Raúl o re, “Ke hlaoletse botsoalle bo haufi le Molimo ’me ke hlokometse hore ke lokela ho mo tšepa e le hore ke fumane tšireletseho ea sebele.”
Raúl ke Paki ea Jehova, ’me ho ithuta Bibele ho mo thusitse hore a be le tumelo e matla ho Ntate ea tsotellang oa leholimo, ea tšepisang hore: “Ho hang nke ke ka u tlohela kapa ka u furalla.” (Baheberu 13:5) Ho ne ho nyolosetsa. O re: “Re ne re lula re rapella litlhoko tsa rōna tsa motheo, ’me re ithutile ho ananela seo Molimo a re fang sona.” Mosali oa Raúl, e leng Bertha, o phaella ka ho re: “Ka linako tse ling, ke ne ke tšoha, ke ipotsa hore na Raúl o tla ke a fumane mosebetsi kapa che. Empa re ile ra elelloa hore Jehova o araba lithapelo tsa rōna ’me o re fa lintho tseo re li hlokang letsatsi ka leng. Ka mantsoe a mang, le hoja re ne re se na lintho tse ngata joaloka pele, re ne re phela ka tsela e itekanetseng.”
Kaha Fred ke Paki ea Jehova, ho ithuta Bibele ho ile ha susumetsa ka matla tsela eo a sebetsanang le boemo ba hae ka eona. O re: “Ka linako tse ling, re batla tšireletseho mesebetsing, maemong a itseng, kapa cheleteng eo re nang le eona bankeng. Empa ke ithutile hore ke Jehova Molimo feela ea ka re sireletsang le hore ho etsa botsoalle le eena ho tlisa tšireletseho ea sebele.”b
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Phuputsong e ’ngoe, ho fihletsoe qeto ea hore hoo e ka bang karolo ea 60 lekholong ea lintho tsohle tseo bareki ba li rekang, ke tseo ba neng ba sa rera ho li reka.
b Ho fumana lintlha tse eketsehileng tabeng ea tšebeliso ea chelete, sheba makasine eabo ena, Molula-Qhooa oa August 1, 2009, leqepheng la 10-12.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 9]
“Re ne re lula re rapella litlhoko tsa rōna tsa motheo, ’me re ithutile ho ananela seo Molimo a re fang sona”
[Lebokose/Chate e leqepheng la 8]
Tsela ea ho Etsa Moralo oa Tšebeliso ea Chelete
(1) Ngola fatše litšenyehelo tsa khoeli le khoeli. Boloka tlaleho ea hore na ka khoeli le sebelisa chelete e kae ho lefella lijo, ntlo (rente kapa sekoloto sa ntlo), metsi le motlakase, koloi le lintho tse ling tse joalo. Likoloto tse lefuoang hang ka selemo, u li arole ka likhoeli tse 12.
(2) Arola litšenyehelo ka mahlopho. U kenyelletse lijo, ntlo, koloi, maeto le lintho tse ling.
(3) Lekanyetsa hore na ka khoeli u sebelisa chelete e kae ho lefella lintho tse sehlopheng ka seng. Likolotong tse lefuoang hang ka selemo, u lokela “ho bala” hore na ke chelete e kae eo u lokelang ho e behella ka thōko khoeli le khoeli.
(4) Ngola hore na chelete eohle eo le e fumanang ke bokae. Ho eona u ntše lintho tse kang makhetho. Ebe u e bapisa le litšenyehelo.
(5) Khoeli le khoeli, behella ka thōko chelete e hlokahalang ho lefella lintho tse sehlopheng ka seng. Haeba u sebelisa k’heshe, tsela e bonolo ke ea ho e kenya ka lienfelopong tse ngotsoeng hore na ke ea eng. Ebe nako le nako, u tšela chelete ka lienfelopong tseo ho lefella litšenyehelo tse hlokahalang.
Tlhokomeliso: Haeba u sebelisa karete ea ho reka ka mokitlane, e sebelise ka tsela e nang le boikarabelo! Meralo e mengata ea tšebeliso ea chelete e ’nile ea senngoa ke ho hoheloa ke lepetjo le reng, ‘reka hona joale u tla lefa hamorao.’
[Chate]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Chelete e Kenang ka Khoeli
MOPUTSO OA KHOELI R․․․․․ CHELETE E ’NGOE R․․․․․
MOPUTSO OA KHOELI OA
BA BANG KA LAPENG R․․․․․ CHELETE EOHLE E KENANG
R․․․․․
Litšenyehelo Tsa Khoeli Litšenyehelo Tsa Khoeli
Tse Lebeletsoeng Tse Bileng Teng
R․․․․․ Rente kapa Sekoloto sa Ntlo R․․․․․
R․․․․․ Inshorense/Makhetho R․․․․․
R․․․․․ Metsi le Motlakase R․․․․․
R․․․․․ Koloi R․․․․․
R․․․․․ Boithabiso/Maeto R․․․․․
R․․․․․ Fono R․․․․․
R․․․․․ Lijo R․․․․․
R․․․․․ Tse ling R․․․․․
KAKARETSO EA TSE LEBELETSOENG KAKARETSO EA TSE BILENG TENG
R․․․․․ R․․․․․
Bapisa Chelete e Kenang le Litšenyehelo
CHELETE E KENANG KA KHOELI R․․․․․
NTŠA− E SETSENG
LITŠENYEHELO TSA KHOELI R․․․․․ R․․․․․