Se ka Tšohloang ke Lelapa
Ke Lintho Life Tse Sieo Setšoantšong See?
Balang Mareka 1:9-11. Joale shebang setšoantšo sena. Ke lintho life tse sieo ho sona? Ngolang likarabo meleng e ka tlaase, ’me le toroee lintho tse sieo setšoantšong sena.
1. ․․․․․
2. ․․․․․
SE KA TŠOHLOANG:
A mang a mabaka ao Bakreste ba kolobetsoang ka ’ona ke afe?
NTLHA E THUSANG: Balang Mareka 8:34; 1 Petrose 2:21; 3:21.
U nahana hore u lokela ho kolobetsoa ha u le lilemo li kae? Ke hobane’ng ha u arabela joalo?
LE TSEBA’NG KA MOAPOSTOLA JUDASE ISKARIOTA?
3. Judase o ne a e-na le kabelo efe e ikhethang eo ho seng moapostola e mong ea tlalehoang a ne a e-na le eona?
NTLHA E THUSANG: Balang Johanne 13:29.
․․․․․
4. Judase o ile a inehela tekong efe?
NTLHA E THUSANG: Balang Johanne 12:6.
․․․․․
SE KA TŠOHLOANG:
U nahana hore ke eng se entseng hore Judase a etse tlōlo ee ea molao? Ke neng u ka ’nang ua tobana le teko e tšoanang? Ho nahana ka mohlala oa Judase ho ka u thusa joang hore u etse qeto e molemo?
BANA BATLANG LITŠOANTŠO
Na le ka fumana litšoantšo tsee makasineng ee? Hlalosang ka mantsoe a lōna se etsahalang setšoantšong ka seng.
TSE HLAHANG MAKASINENG ENA
Arabang lipotso tsena, le be le fane ka temana kapa litemana tsa Bibele tse sa tlatsoang.
LEQEPHE 4 Letsatsi ka leng le lekanoe ke’ng? Matheu 6:․․․
LEQEPHE 9 Ntate oa rōna oa leholimo o tšepisa hore le ka mohla a ke ke a etsa’ng? Baheberu 13:․․․
LEQEPHE 10 Morero oa Molimo oa qalong e ne e le hore monna a etse’ng? Mareka 10:․․․
LEQEPHE 29 Basali ba hōlileng ba ka thusa basali ba bacha hore ba etse’ng? Tite 2:․․․
● Likarabo li leqepheng la 17
Likarabo Bakeng Sa Leqephe La 31
1. Johanne Mokolobetsi.
2. Leeba.
3. Ea ho hlokomela lebokose la chelete.
4. Ea ho batla chelete ’me a e utsoa.