U Tla Araba Joang?
Ke Lintho Life Tse Sieo Setšoantšong See?
Bala Liketso 10:9-48. Joale sheba setšoantšo sena. Ke lintho life tse sieo ho sona? Ngola likarabo meleng e ka tlaase, ’me u toroee lintho tse sieo setšoantšong sena.
1. ․․․․․
2. ․․․․․
3. ․․․․․
SE KA TŠOHLOANG:
U nahana hore ke’ng seo Jehova a neng a se ruta Petrose? NTLHA E THUSANG: Bala Liketso 10:28, 34, 35. U ka bontša joang hore ho na le seo u ithutileng sona ho Petrose ha u sebelisana le batho ba merabe e meng kapa ba litso tse ling?
Bana Batlang Litšoantšo
Na u ka fumana litšoantšo tsee makasineng ee? Hlalosa ka mantsoe a hao se etsahalang setšoantšong ka seng.
Tse Hlahang Makasineng Ena
Araba lipotso tsena, u be u fane ka temana kapa litemana tsa Bibele tse sa tlatsoang.
LEQEPHE 9 Moloko oa batho o ke ke oa fumana eng le ka mohla? Moeklesia 3:․․․
LEQEPHE 10 Lefatše le filoe bo-mang? Pesaleme ea 115:․․․
LEQEPHE 13 E le hore re thabe, ke eng eo re lokelang ho e ela hloko? Matheu 5:․․․
LEQEPHE 19 Merero e senyeha ha ho le joang? Liproverbia 15:․․․
U Tseba’ng ka Moahloli Samsone?
Bala Baahloli 13:1–16:31. Joale araba lipotso tse latelang.
4. ․․․․․
E ne e le oa moloko ofe?
5. ․․․․․
O ile a lopolla Baiseraele sechabeng sefe?
6. ․․․․․
’Nete kapa bohata? O phetse ka mor’a moprofeta Samuele.
SE KA TŠOHLOANG:
Ke hobane’ng ha Samsone a ne a le matla hakaale?
NTLHA E THUSANG: Bala Baheberu 11:32-34.
U ratile ntlha efe haholo paleng ea Samsone, hona hobane’ng?
◼ Likarabo li leqepheng la 22
LIKARABO BAKENG SA LEQEPHE LA 31
1. Ha ho na liphoofolo tse maoto a mane.
2. Ha ho na lihahabi.
3. Ha ho na linonyana.
4. Dane.—Baahloli 13:2-5.
5. Bafilista.—Baahloli 13:1.
6. Bohata.