Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 10/09 maq. 27-31
  • U Tla Araba Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U Tla Araba Joang?
  • Tsoha!—2009
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • E Etsahetse Hokae?
  • Bana Batlang Litšoantšo
  • Tse Hlahang Makasineng Ena
  • U Tseba’ng ka Moahloli Gideone?
  • Likarabo Bakeng Sa Leqephe La 31
  • U Tla Araba Joang?
    Tsoha!—2009
  • U Tla Araba Joang?
    Tsoha!—2009
  • Se ka Tšohloang ke Lelapa
    Tsoha!—2010
  • U Tla Araba Joang?
    Tsoha!—2009
Bala Tse Ling
Tsoha!—2009
g 10/09 maq. 27-31

U Tla Araba Joang?

E Etsahetse Hokae?

1. Ketsahalo ee e etsahetse motseng ofe?

NTLHA E THUSANG: Bala Liketso 18:1-3.

Tšoaea karabo ka ho etsa selikalikoe ’mapeng.

Roma

Korinthe

Efese

Tarsase

◼ Batho baa ba bararo ba etsa’ng?

․․․․․

◼ Banyalani baa ke bo-mang ’me motsoalle oa bona ke mang?

․․․․․

SE KA TŠOHLOANG:

Lebitso la motho e mong eo banyalani baa ba mo thusitseng ke mang?

NTLHA E THUSANG: Bala Liketso 18:24-26.

U nahana hore banyalani baa ba ne ba thabela ho etsa mosebetsi ofe haholo, hona hobane’ng?

Bana Batlang Litšoantšo

Na u ka fumana litšoantšo tsee makasineng ee? Hlalosa ka mantsoe a hao se etsahalang setšoantšong ka seng.

Tse Hlahang Makasineng Ena

Araba lipotso tsena, u be u fane ka temana kapa litemana tsa Bibele tse sa tlatsoang.

LEQEPHE 3 Motho ea sa hlokomeleng ba lelapa la hae o mobe ho feta motho ea joang? 1 Timothea 5:․․․

LEQEPHE 5 Ke hobane’ng ha ba babeli ba le molemo ho feta a le mong? Moeklesia 4:․․․

LEQEPHE 11 Bohlale bo ka fumanoa har’a ba joang? Jobo 12:․․․

LEQEPHE 29 Ke eng seo motho a lokelang ho se ila? 1 Bathesalonika 4:․․․

U Tseba’ng ka Moahloli Gideone?

Bala Baahloli 6:1–7:25. Joale araba lipotso tse latelang.

2. ․․․․․

E ne e le oa moloko ofe?

3. ․․․․․

O ile a lopolla Baiseraele sechabeng sefe?

4. ․․․․․

’Nete kapa bohata? O phetse pele ho Moshe.

SE KA TŠOHLOANG:

Qalong Gideone o ile a bonahatsa tšobotsi efe ha Jehova a mo khetha?

NTLHA E THUSANG: Bala Baahloli 6:14-16.

Na u nahana hore tšobotsi ee e molemo? Hlalosa hore na ke hobane’ng ha u araba joalo.

◼ Likarabo li leqepheng la 27

Likarabo Bakeng Sa Leqephe La 31

1. Korinthe.

◼ Ba etsa tente.

◼ Akuila, Prisilla le Pauluse.

2. Manase.—Baahloli 6:15.

3. Bamidiane.—Baahloli 6:6.

4. Bohata.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela