U Tla Araba Joang?
Ke Eng e Fosahetseng Setšoantšong See?
Bala Liketso 3:1-10. Joale sheba setšoantšo sena. Ke lintlha life tse sa nepahalang ho sona? Ngola likarabo meleng ena e ka tlaase.
1. ․․․․․
2. ․․․․․
3. ․․․․․
SE KA TŠOHLOANG:
Ke hobane’ng ha baapostola ba ne ba khona ho etsa mehlolo? See se re fa tšepo efe ka bokamoso?
NTLHA E THUSANG: Bala Tšenolo 21:3, 4; 22:2.
Bana Batlang Litšoantšo
Na u ka fumana litšoantšo tsee makasineng ee? Hlalosa ka mantsoe a hao se etsahalang setšoantšong ka seng.
Tse Hlahang Makasineng Ena
Araba lipotso tsena, u be u fane ka temana kapa litemana tsa Bibele tse sa tlatsoang.
LEQEPHE 5 Ke eng se tla etsahala ka moshanyana kapa ngoanana ea hōlisitsoeng hantle? Liproverbia 22:․․․
LEQEPHE 5 Ke eng seo Molimo a se entseng ho tsoa mothong a le mong? Liketso 17:․․․
LEQEPHE 11 Mantsoe a molemo a ka etsa’ng? Liproverbia 12:․․․
LEQEPHE 23 Ke mang e moholo har’a Bakreste? Luka 9:․․․
U Tseba’ng ka Moahloli Ehude?
Bala Baahloli 3:12-30. Joale araba lipotso tse latelang.
4. ․․․․․
E ne e le oa moloko ofe?
5. ․․․․․
O ile a lopolla Baiseraele ho ’musi ofe?
6. ․․․․․
’Nete kapa bohata? O phetse pele ho Morena Davida.
SE KA TŠOHLOANG:
Balang Baahloli 3:15, 28. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a ba hlahisetsa Ehude? Ehude o ile a re ke mang ea mo thusitseng ho hlōla? Ha u tobane le mathata, u lokela ho etsa’ng, hona hobane’ng?
◼ Likarabo li leqepheng la 29
Likarabo Bakeng Sa Leqephe La 31
1. Petrose le Johanne ba ne ba le teng.
2. Monna eo o ne a holofetse, a sa foufala.
3. Monna eo ea holofetseng o ne a le pel’a heke ea tempele, eseng sebakeng se ka thōko
4. Benjamine.—Baahloli 3:15.
5. Eglone.—Baahloli 3:14.
6. ’Nete.