U Tla Araba Joang?
E Etsahetse Hokae?
1. Ketsahalo ee e etsahetse motseng ofe?
NTLHA E THUSANG: Bala Liketso 2:1-13.
Tšoaea karabo ka ho etsa selikalikoe ’mapeng.
Athene
Jerusalema
Babylona
◼ Barutuoa ba bangata ba ne ba tsoa hokae?
․․․․․
◼ Ke hobane’ng ha batho ba ne ba soma barutuoa?
․․․․․
SE KA TŠOHLOANG:
Ketsahalo ee e tšoana joang le e tlalehiloeng ho Genese 11:1-9, hona e fapana joang le eona?
Tse Hlahang Makasineng Ena
Araba lipotso tsena, u be u fane ka temana kapa litemana tsa Bibele tse sa tlatsoang.
LEQEPHE 4 Motho a ka sithabetsoa ke eng? 2 Bakorinthe 2:․․․
LEQEPHE 6 Khotso ea Molimo e tla re etsetsa’ng? Bafilipi 4:․․․
LEQEPHE 28 Ba bang ba chesehela Molimo, empa ha ba na eng? Baroma 10:․․․
LEQEPHE 29 Ke mang eo re lokelang ho mo mamela? Liketso 5:․․․
Bana Batlang Litšoantšo
Na u ka fumana litšoantšo tsee makasineng ee? Hlalosa ka mantsoe a hao se etsahalang setšoantšong ka seng.
U Tseba’ng ka Moahloli Othniele?
Bala Baahloli 3:7-11. U ntan’o araba lipotso tse latelang.
2. ․․․․․
E ne e le oa moloko ofe?
NTLHA E THUSANG: Bala Joshua 15:17, 20.
3. ․․․․․
O ile a lopolla Baiseraele ho ’musi ofe?
4. ․․․․․
’Nete kapa bohata? O phetse pele ho Moshe.
SE KA TŠOHLOANG:
Kalebe, e leng ntate-moholo oa Othniele, o ile a beha mohlala ofe o motle?
NTLHA E THUSANG: Bala Numere 14:6-9. Bolela mong ka uena eo u mo nkang e le mohlala u be u hlalose se u khahlang ka eena.
◼ Likarabo li leqepheng la 11
Likarabo Bakeng Sa Leqephe La 31
1. Jerusalema.—Liketso 2:5.
◼ Galilea.—Liketso 2:7.
◼ Ba ne ba nahana hore ba tahiloe.—Liketso 2:13.
2. Juda.—Joshua 15:17, 20.
3. Kushane-rishathaime.—Baahloli 3:8.
4. Bohata.