Ke Tatetse ho ba Bolella Hore “Kaofela re Teng!”
Joalokaha ho boletse Abigail Austin
Ke ne ke le lilemo li robong. E ne e le ka April 1995 ’me ho pholile hamonate, ha litho tse ling tsa phutheho ea heso ea Lipaki Tsa Jehova li etsa qeto ea hore re e’o qeta letsatsi re le sebakeng sa mahaeng sa Engelane. Re ile ra tsamaea ka likoloi. ’Na le ausi oa ka Sarah, le motsoalle e mong oa rōna ea bitsoang Deborah, re ne re tsamaea le Ntate le ’Mè. Ka tšohanyetso, ho ile ha hlaha koloi e mathang ka lebelo e tsamaea ka lehlakoreng lesele la tsela ’me ea re thula. Ke ile ka pholoha ke le mong.
KE ILE ka tsoha sepetlele ka mor’a libeke tse peli. Lehata la ka le ne le pshatlehile, ’me lingaka li ile tsa le kopanya ka makapa a ’maloa. Leha ho le joalo, ke ile ka hlaphoheloa kapele. Qetellong beng ka ’na ba ile ba mpolella se etsahetseng, empa ke ne ke sa kholoe. Ke ne ke lula ke nahana hore batsoali ba ka le ausi oa ka ba ’nile ba nketela ha ke robetse kahoo ke sa ba bone. Ha ke fihla lapeng ke hona ke ileng ka elelloa hore ha ba eo. Ke ile ka sithabela.
Ke eng e ileng ea nthusa ho sebetsana le tlokotsi ee e tšabehang?
Lefa la ka la Moea
Ke ngoana oa ho fela baneng ba bahlano. Ha kotsi eo e etsahala, Sarah o ne a le lilemo li 22, Shane a le lilemo li 20, Jessica a le lilemo li 17, ’me Luke a le lilemo li 15. Re ne re e-na le batsoali ba molemo le ba re tsotellang. Ntate oa ka, Steve, o ne a sebeletsa e le moholo ka Phuthehong ea West Yorkshire ea Lipaki Tsa Jehova e Shipley ’me bohle ba ne ba mo rata kaha o ne a lula a ipha nako ea ho mamela ba bang le ho ba thusa. ’Mè oa ka le eena, e leng Carol, o ne a ratoa haholo, a hlokomela ba hōlileng ka phuthehong joaloka morali oa bona. Rōna bacha o ne a re hlophisetsa ’moka a bile a re thusa ho fumana metsoalle e molemo. Batho bohle ba ne ba amoheloa lapeng. Batsoali ba rōna ba ne ba re rutile hore re be mosa ho baahelani ba rōna le hore re ba nahanele.
Ka Laboraro le leng le le leng mantsiboea re ne re ithuta Bibele hammoho re le lelapa. Ka linako tse ling re ne re tšoantšetsa lipale tsa Bibele re apere joaloka batho bao re ba tšoantšetsang. ’Mè le Ntate ba ile ba re ruta re sa le banyenyane ho lokisetsa liboka tsa phutheho le ho bolella batho molaetsa oa Bibele malapeng a bona. Le hoja batsoali ba rōna ba ne ba sebetsa ka thata ho hōlisa bana ba bahlano, ba ne ba qeta nako ba e-na le rōna ’me ba re thusa ho ba matla moeeng.
Ha Sarah, Shane le Jessica hammoho le motsoalle oa rōna Deborah ba qeta sekolong, e ile ea e-ba bo-pula-maliboho, e leng basebeletsi ba Bakreste ba nako e tletseng. ’Na le Sarah re ne re utloana haholo. E ne eka ke ’mè oa ka e mong ’me ha likolo li koetsoe re ne re qeta nako re thusa ba bang ho ithuta Bibele. Ho ne ho le monate nakong eo. Ke ne ke bona kamoo bo-pula-maliboho bohle ba neng ba thabile kateng ’me ke thabela ho ba le bona. Pakane ea ka e ne e le ho bula maliboho le Sarah ha ke qeta sekolong.
Ka matsatsi a phomolo, ba lelapa leso le ba bang ka phuthehong ba ne ba atisa ho qeta nako ba le hammoho. Batho ba baholo le ba bacha ba ne ba tloaelane ’me ba ratana. Ka nako eo, ke ne ke sa hlokomele kamoo metsoalle ena e molemo e tlang ho nthusa le ho ntšelisa kateng nakong e tlang!
Ka Mor’a Kotsi
Ha ke tloha sepetlele, ke ile ka ea lapeng. Shane le Jessica ba ne ba sebetsa ka thata ba re hlokomela, ba sebetsa ba bile ba le tšebeletsong ea nako e tletseng.
Lipaki tse ngata phuthehong ea habo rōna le tsona li ile tsa re phallela. Li ile tsa re etsetsa lintho tse ngata! Li ne li re lokisetsa lijo, li re hloekisetsa, li re ela mabenkeleng le ho re hlatsoetsa, ho fihlela re khona ho itlhokomela. Re ile ra ananela seo haholo. Lipaki tsa hōle le haufi li ile tsa re fa limpho le likarete tse ngata, e leng se bontšang lerato le ka har’a mokhatlo oa Jehova.
Ka mor’a hoo e ka bang selemo, bo-abuti le ausi ba ile ba etsa qeto ea hore ho hlokahala hore ke lule lelapeng le tsitsitseng. Malapa a mang a molemo ka phuthehong a ile a ithaopela ho re thusa, kahoo re ile ra lula fatše eaba re buisana ka seo ’Mè le Ntate ba neng ba tla nahana hore se tla ntsoela molemo le ho nthusa moeeng. Ho na le lelapa le leng le neng le ikhetha. Billy eo e leng moholo le mosali oa hae, Dawn, e ne e le metsoalle e haufi ea lelapa ’me ba e-na le morali ea lilemo li hlano ea bitsoang Lois. Ba ile ba nkamohela ka mofuthu lelapeng la bona, ’me haesale ba ntlhokometse ka lerato joaloka morali oa bona. Le hoja Lois a ile a tlameha ho arolelana nako eo a e qetang le batsoali ba hae le ’na, o ne a sa boulele, ’me hona joale ekare re bana ba motho hantle.
Kamoo ke Ileng ka Sebetsana le Tlokotsi Ena
Qalong, ke ne ke ipotsa hore na ke hobane’ng ha lelapa leso le hlahetsoe ke tlokotsi e tšabehang hakana, haholo-holo ha batsoali ba ka, hammoho le Sarah le Deborah, ba bontšitse hore ba rata Jehova le batho ba bang. Empa ke ile ka hopola tlaleho e ka Bibeleng ea Jobo, ea ileng a lula a tšepahala ho Molimo le hoja a ne a shoetsoe ke bana. (Jobo 1:19, 22) Ke ile ka re ka pelong, ‘Ha e le hantle ke Satane ea qalileng ho tlisa mahlomola le lefu lefatšeng, ’me o tla thaba haeba tlokotsi ena e ka etsa hore re khaotse ho sebeletsa Molimo.’ (Genese 3:1-6; Tšenolo 12:9) Ke ile ka boela ka hopola hore ka lerato Jehova o re file tšepo e babatsehang ea tsoho. (Johanne 5:28, 29) Re tla boela re bone ba lelapa leso le Deborah, lekhetlong leo re se re le lefatšeng la paradeise! Ha e le hantle, sena se ile sa matlafatsa lerato la ka ho Jehova le ho feta.
Ha ke kopana le batho ba hlahetsoeng ke tlokotsi, ke utloa bohloko haeba ba e-s’o utloe tšepiso ea bohlokoa e ka Bibeleng ea tsoho. Seo se etsa hore ke batle ho ba bolella tšepo eo re nang le eona, kaha ke kholisehile hore ke Jehova feela le mokhatlo oa hae ea re thusitseng ho feta nakong eo e thata, ’me re na le tšepo.
Mohlomong phihlelo ea rōna e thusitse ka tsela e ’ngoe hape, e entse hore batsoali ba bang ba ipotse, ‘Na re file bana ba rōna motheo oa moea o tiileng hoo le haeba re ka hlaheloa ke ntho e itseng ba ka tsoelang pele ba sebeletsa Jehova?’
Ke leka ho phela joalokaha eka ’Mè le Ntate ba ntse ba le teng. Kea tseba hore ba ne ba tla rata hore ke sebetse ka thata ho thusa ba bang, joalokaha ba ne ba etsa. Ke ile ka nka bopula-maliboho ha ke qeta sekolong, ’me hona joale Lois o bula maliboho le ’na. Bo-abuti ba nyetse le ausi o nyetsoe ’me ba sebeletsa Jehova ba thabile liphuthehong tsa habo bona.
Ke emetse lefatše le lecha la Molimo le tsoho ea bafu ka tjantjello! Ka nako eo ha ho sa tla ba le motho ea utloang bohloko kapa ea shoang. (Tšenolo 21:3, 4) Ho tseba hore re tla boetse re kopana ho nthusa hore ke tsoele pele. Ke tatetse ho tla haka ’Mè, Ntate, Sarah le Deborah le ho ba bolella hore, “Kaofela re teng!”
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Abigail (oa bobeli ho tloha ka ho le letšehali) le lelapa le mo hōlisang kajeno