Ho Jeoa ke Bolutu le Hoja ho E-na le Litsela Tse Ngata Tsa Puisano
HO FOUNELANA ka selefouno, ho romellana melaetsa ka tsona, ka e-mail, ho qoqa ka Inthanete—ha ho mohla ho kileng ha e-ba le mekhoa e mengata hakana ea puisano le hona e fumaneha habonolo. Le hoja ho e-na le litsela tsena tse ngata tsa puisano, batho ba bangata—ba bacha le ba hōlileng—ba jeoa ke bolutu haholo. Hobane’ng?
Bukeng ea bona e bitsoang Loneliness—Human Nature and the Need for Social Connection, bafuputsi John T. Cacioppo le William Patrick ba tšohla ka ho pharaletseng taba ena ea ho jeoa ke bolutu. Ba bua ka phuputso e bontšang hore “ho sebelisa Inthanete haholo ho ka etsa hore motho a ikarole ho ba bang haholoanyane le hore a be le khatello ea maikutlo haeba a sa kopane le batho ba bang.”
Tsela e maphathaphathe eo batho ba phelang ka eona kajeno e ba thatafaletsa ho thabela botsoalle ba le hammoho. Hangata ho buisana ka fono kapa ho romellana melaetsa ka k’homphieutha ha ho bontše pososelo le kameho e mofuthu e bonahalang sefahlehong sa motho.
Sena se boletsoeng ka holimo se ka etsahala mesebetsing empa se ka etsahala le ho feta malapeng. Malapeng a mangata, litho tsa lelapa li fihla lapeng li be li itsamaele li sa je hammoho kapa hona ho buisana. Bana ba lilemong tsa bocha ba na le lik’homphieutha tsa bona ’me ba qeta nako e ngata ba ikarotse ho ba malapa abo bona. Ho makatsang ke hore le hoja ba e-na le lisebelisoa tsa puisano tsa elektronike, bacha ba bangata ba jeoa ke bolutu.
Matsatsing ana, esita le maqhama a lenyalo a kotsing ka lebaka la ho jeoa ke bolutu. Ha balekane ba lenyalo ba sa buisane, seo se ka etsa hore le hoja ba phela hammoho e be ka seoelo ba etsang lintho hammoho. Ho jeoa ke bolutu motho a ntse a lula le molekane oa lenyalo ke e ’ngoe ea lintho tse sithabetsang ka ho fetisisa.
Ka ho khetheha, batsoali ba se nang balekane ba ka ’na ba tlameha ho loantša bolutu. Har’a lintho tse ling tse ngata, mekhoa ea puisano e ka ba sitisa hore ba buisane le bana ba bona, e leng se etsang hore ba jeoe ke bolutu le ho feta. Ho boetse ho na le masoha a mangata a labalabelang ho ba le balekane, empa litlhoko tsa bona tsa maikutlo li ntse li sa khotsofatsoe.
Ho jeoa ke bolutu ho fetohile bothata bo tebileng bo tlatsetsang mathateng a kang ho lemalla tahi, ho ja ho tlōla, ho sebelisa lithethefatsi, ho kopanela boitšoarong bo hlephileng esita le ho ipolaea. Kahoo ke habohlokoa hore motho a tsebe lintho tse etsang hore a jeoe ke bolutu. Ho nka mohato ona oa pele ho ka mo thusa hore a atlehe ho hlōla bothata bona.