Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 9/10 maq. 4-6
  • Lintho Tse ka Etsang Hore Batho ba Jeoe ke Bolutu

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lintho Tse ka Etsang Hore Batho ba Jeoe ke Bolutu
  • Tsoha!—2010
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • U se ke Ua Lumella Bolutu ho Ama Bophelo ba Hao ka Mokhoa o Kotsi
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Ke Hobane’ng ha ho E-na le Batho ba Bangata Hakaale ba Jeoang ke Bolutu?
    Tsoha!—2004
  • Kamoo U ka Fumanang Tharollo
    Tsoha!—2010
  • Ho Sebetsana ka Katleho le ho Jeoa ke Bolutu
    Tsoha!—2004
Bala Tse Ling
Tsoha!—2010
g 9/10 maq. 4-6

Lintho Tse ka Etsang Hore Batho ba Jeoe ke Bolutu

HO JEOA ke bolutu ha ho tšoane le ho ba boinotšing. Ha e le hantle, ho ea ka dikishinari e ’ngoe, ho jeoa ke bolutu “ho atisa ho fana ka maikutlo a ho ba mong empa motho a labalabela ho ba le ba bang.” Dikishinari eo e hlalosa hore ho ba boinotšing ke ha “motho a ikhethela . . . ho se kopane le batho ba bang.”

Kahoo, ho ba boinotšing e ka ba ntho e loketseng maemong a itseng. Ba bangata ba atisa ho batla ho ba boinotšing ha ba rapela kapa ba thuisa, joalokaha Jesu Kreste a ne a etsa. (Matheu 14:13; Luka 4:42; 5:16; 6:12) Empa ka lehlakoreng le leng, ho jeoa ke bolutu ke ntho e utloisang bohloko. Ke lintho life tse ka etsang hore motho a jeoe ke bolutu?

● Ho Jeoa ke Bolutu Metseng e Nang le Baahi ba Bangata

Metseng e meholo, batho ba likete—esita le ba limilione—ba lula haufi le ba bang. Empa ho makatsang ke hore taba ena ea ho petetsana ha batho e etsa hore ba bangata ba jeoe ke bolutu. Bophelo bo potlakileng ba metseng e meholo bo ka sitisa batho ba bangata hore ba tloaelane le baahelani ba bona. Kahoo, batho ba lulang metseng e meholo ba qetella ba sa tsebane. Ntho e ’ngoe e atisang ho bakela batho bolutu metseng e meholo, ke ho se tšepe batho bao ba sa ba tsebeng le ho lakatsa ho sireletsa litaba tsa bona tsa botho.

● Tšoaro e Mpe ea Basebetsi

Tsela eo likhoebo le lik’hamphani tse khōlō li tsamaisoang ka eona e etsa hore basebetsi ba jeoe ke bolutu le ho ikutloa ba sa tšoanelehe. Hangata basebetsi ba lula ba le tlas’a khatello e sa eeng moriting ba bile ba imetsoe kelellong.

Ho feta moo, lik’hamphani tse khōlō tse lulang li isa basebetsi libakeng tse ling, li etsa hore ba ikutloe ba sa sireletseha, ba itšehle thajana ’me ba jeoe ke bolutu. Ha koranta ea International Herald Tribune e bua ka seoa sa batho ba ipolaeang likhoebong tse ling tsa Fora, e ile ea re basebetsi ba bangata ba Fora ba ikutloa “ba tlameha ho etsa lintho tse ba imelang ka lebaka la sekhahla seo moruo o fetohang ka sona.”

● Puisano e sa Bontšeng Maikutlo

Moprofesa Tetsuro Saito oa Japane o ile a re: “Ha ho kamoo bokhoni ba batho ba ho buisana bo ke keng ba fokotseha kateng kaha ba sitisoa ke liselefouno le lisebelisoa tse ling.” Koranta ea Australia e bitsoang The Sunday Telegraph e ile ea re: “Theknoloji e . . . etsa hore batho ba itšehle thajana le ho feta. Batho . . . ba romellana melaetsa ka e-mail kapa ka fono ho e-na le hore ba buisane.”

Ha Rachel ea lilemo li 21 oa Fora a hlalosa lebaka leo a jeoeng ke bolutu ka lona, o re: “Ke hlokometse hore batho ha ba sa ikhathatsa hakaalo ho tla mpona, kaha ba lumela hore ha ba nthometse molaetsa ka fono, ka e-mail le ha re buile ka Inthanete ho lekane. Empa seo se etsa hore ke jeoe ke bolutu le ho feta.”

● Ho Falla

Mathata a moruo a entse hore batho ba bangata ba falle, ba tlamehe ho ea libakeng tse ling e le hore ba boloke mesebetsi ea bona kapa ba batle mosebetsi. Ho falla ho arola batho le baahelani ba bona, metsoalle, likolo ’me ka linako tse ling le ba malapa abo bona. Seo se etsa hore ba ikutloe eka ke limela tse lenngoeng bocha empa li siile metso ea tsona morao.

Francis o hopola letsatsi leo a neng a fihla Fora ka lona a tsoa Ghana. O re: “Ho se tsebe puo ha ho kopana le ho se be le metsoalle le serame sa moo, ho ne ho etsa hore ke qetoe ke bolutu.”

Ha Behjat a bua ka nako eo a neng a qala ho fihla Engelane ka eona, o re: “Ke ne ke thatafalloa ho tloaela tsela eo batho ba moo ba phelang ka eona. Ho ne ho e-na le batho bao ke ba tloaetseng feela, empa e ne e se metsoalle ea ka kapa ba lelapa leso, bao ke neng ke hlile ke khona ho buisana le bona le ho ba phetlela sefuba.”

● Ho Shoeloa ke Moratuoa

Ho shoeloa ke molekane ho siea sekheo se seholo bophelong ba molekane ea setseng. Sena se etsahala haholo ha a qetile nako e telele a mo oka. O atisa ho ikutloa a sithabetse haholo.

Mohlolohali e mong ea lulang Fora ea bitsoang Fernande, o re: “Ntho e nthatafallang ka ho fetisisa ke hore ebe ha ke sa khona ho bolella motsoalle oa ka oa hlooho ea khomo makunutu—e leng monna oa ka.” Anny o re o hloloheloa monna oa hae “haholo-holo ha ke tlameha ho etsa liqeto tsa bohlokoa tse amanang le ho kula kapa lintho tse ling.”

● Tlhalo, Karohano le ho ba Lesoha Motho a sa Batle

Hangata ka mor’a tlhalo kapa karohano, motho o jeoa ke bolutu ’me o ikutloa eka o hlōlehile. Bana ke bona ba atisang ho utloa bohloko haholo ho feta kamoo batho ba neng ba nahana kateng pele. Litsebi tse ling li lumela hore ho na le monyetla o moholo oa hore bana bao batsoali ba bona ba hlalaneng ba jeoe ke bolutu ha e se e le batho ba baholo.

Masoha a sitoang ho fumana balekane ba tšoanelehang a atisa ho jeoa ke bolutu ka linako tse itseng. Boikutlo boo bo ka ’na ba tota le ho feta ha ba bang ba ipuela feela ba sa nahane, mohlomong ba re, “Na u ne u ke ke ua thaba haholoanyane ha u e-na le molekane?”

Batsoali ba se nang balekane le bona ba jeoa ke bolutu. Ho hōlisa bana ho tlisa thabo empa ho boetse ho na le mathata, ’me batsoali ba se nang balekane ba lokela ho rarolla mathata ao ho se na molekane eo ba ka buisanang le eena.

● Botsofali le ho Hloka Phihlelo Bocheng

Batho ba hōlileng ba atisa ho jeoa ke bolutu esita le haeba ba malapa a bona ba ntse ba ba hlokomela. Beng ka bona kapa metsoalle ba ka ’na ba ba etela ka linako tse itseng, empa ho etsahala’ng har’a nako—mohlomong ka matsatsi kapa libeke tseo ho se nang motho ea ba etelang?

Ka lehlakoreng le leng, bacha le bona ba jeoa ke bolutu. Ba bangata ba lemalla boithabiso bo etsang hore ba itšehle thajana—ba shebella TV, ba bapala lipapali tsa video, ’me ba qeta nako e ngata ba le k’homphieutheng.

Na bothata boo bo ntseng bo e ja setsi bo ka rarolloa? Motho a ka loantša bolutu joang?

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]

“Ho se tsebe puo ha ho kopana le ho se be le metsoalle le serame sa moo, ho ne ho etsa hore ke qetoe ke bolutu”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela