Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 9/10 maq. 6-9
  • Kamoo U ka Fumanang Tharollo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo U ka Fumanang Tharollo
  • Tsoha!—2010
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na ho Hlokahala Hore ke Fetole Tsela eo ke Talimang Lintho ka Eona?
  • Na ke Tšaba ho Kopana le Batho ba Bang?
  • Na ke na le Bothata ba ho Nahana Lintho Tse Nyahamisang?
  • Na ke Itšehla Thajana?
  • Na U Batla Molekane oa Lenyalo?
  • U ka Atleha ho Hlōla Bolutu
  • Ho Fumana Metsoalle e Molemo ka ho Fetisisa
  • U se ke Ua Lumella Bolutu ho Ama Bophelo ba Hao ka Mokhoa o Kotsi
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lintho Tse ka Etsang Hore Batho ba Jeoe ke Bolutu
    Tsoha!—2010
  • Ke Hobane’ng ha ke se na Metsoalle?
    Bacha Baa Botsa
  • Ho Sebetsana ka Katleho le ho Jeoa ke Bolutu
    Tsoha!—2004
Bala Tse Ling
Tsoha!—2010
g 9/10 maq. 6-9

Kamoo U ka Fumanang Tharollo

HAEBA u jeoa ke bolutu, ho ka ’na ha e-ba molemo hore u ipotse: ‘Na ho na le lintho tseo nka li etsang ho ntlafatsa boemo boo? Na mohlomong ho hlokahala hore ke etse liphetoho tse itseng bophelong? Haeba ho joalo, ke life?’ Lipotso tse latelang li ka ’na tsa u thusa hore u itlhahlobe ’me u fumane tharollo e khotsofatsang.

Na ho Hlokahala Hore ke Fetole Tsela eo ke Talimang Lintho ka Eona?

Motho leha e le mang a ka jeoa ke bolutu. Empa boikutlo bona bo sa thabiseng bo fetoha bothata ba sebele hafeela bo phehella. Haeba bo phehella, eo e ka ’na ea e-ba temoso ea hore ho na le phoso e itseng tseleng eo u talimang lintho ka eona bophelong. E ka ’na eaba bothata bo bakoa ke tsela eo u etsang lintho ka eona ha u e-na le batho ba bang. Ba sa hlokomele, batho ba bang ba ka ’na ba thibela ba bang ho etsa setsoalle le bona. Ka linako tse ling, se hlokahalang feela ke hore ba fetole tsela eo ba talimang lintho ka eona.

Nahana ka se etsahaletseng Sabine ha a ne a fallela Engelane. O re: “Ho nka nako hore metsoalle e mecha e tšepane ’me e phutholohe ha e le ’moho. Ke hobane’ng ha u sa botse ba bang hore na ba hōtse joang? Motho e mong o ile a mpolella hore: ‘Ha ho na setso seo e leng sona se nepahetseng. Ithute mekhoa e metle ho tsona kaofela.’” Joalokaha Sabine a ile a khothalletsoa, u ka ’na ua batla ho sheba mekhoa eo u ka e etsisang litsong tse ling, e tla u tsoela molemo.

Na ke Tšaba ho Kopana le Batho ba Bang?

U ka ’na ua ipotsa: ‘Na ke atisa ho ikarola ho ba bang? Na ba ne ba ka ba botsoalle haholoanyane haeba ke ba bontša botsoalle?’ Haeba u nahana hore ho joalo, leka ho ba bontša botsoalle haholoanyane. Roselise ea lilemo li 30 ea falletseng Engelane a tsoa Guadeloupe, o re: “Batho ba jeoang ke bolutu ba atisa ho itšehla thajana.” Kahoo o fana ka keletso ena: “Batla batho ba bonahalang eka le bona ba jeoa ke bolutu. E-ea ho bona ’me u bue le bona. Ka linako tse ling ho hlokahala feela hore u botse motho potso e le hore le qalise setsoalle se tšoarellang.”

Leha ho le joalo, ho hlokahala nako le boiteko hore batho e be metsoalle e haufi. Ho ithuta ho mamela ke tsela e molemo eo u ka qalang ka eona. Ha u mamela ka hloko, u tla ba boemong bo botle ba ho bua ka lintho tseo motho e mong a li thahasellang. Hopola hore ho bontša kutloelo-bohloko ho tsoala setsoalle!

Na ke na le Bothata ba ho Nahana Lintho Tse Nyahamisang?

Ho ikhalala ho ka u sitisa ho theha setsoalle le ba bang. Ipotse, ‘Na ke tloaetse ho ikhella fatše ho feta tekano?’ Abigaïl ea lilemo li 15 ea tsoang Ghana, o re: “Ka linako tse ling ke ne ke nahana lintho tse nyahamisang ’me li etsa hore ke jeoe ke bolutu. Ke ne ke ikutloa ke sa ratoe ke bile ke se na thuso.” U ka kholiseha hore haeba u ithaopela ho thusa ba bang ka lintho tse itseng, ba tla hlokomela hore u na le thuso. Seo se ka ’na sa etsa hore ba u bontše botsoalle. Kahoo, ke hobane’ng ha u sa nke bohato ba pele?

Ho nahana ka lintho tse hahang ho tla boela ho u thuse hore u thehe setsoalle le bao e seng lithaka tsa hao. Ho theha setsoalle le motho ea batlang a le moholo kapa a le monyenyane ho uena e ka ba ho putsang. Ntho e ileng ea thusa Abigaïl e monyenyane hore a loantše bolutu e bile hore a itloaetse batho ba baholo ho eena. O re: “Ke ruile molemo phihlelong eo ba nang le eona bophelong.”

Na ke Itšehla Thajana?

Batho ba bangata ba jeoang ke bolutu ba itlosa bolutu ho se hokae ka hore ba qete nako e ngata ba shebeletse TV, ba bapala lipapali tsa video, kapa ba sebelisa k’homphieutha. Empa ha ba khaohana le tsona, ba jeoa ke bolutu joaloka pele. Elsa ea lilemo li 21 oa Paris, o re: “Thelevishene le lipapali tsa video li ka fetoha sethethefatsi se amang motho hoo a seng a sa batle ho ba le metsoalle.”

Bothata ba ho shebella TV ke hore ha e fe motho monyetla oa ho buisana, ho fapanyetsana maikutlo, kapa ho theha setsoalle. Lipapali tsa video li etsa se tšoanang—li isa batho lefatšeng la litoro le nyamelang hang feela ha ba khaotsa ho li bapala. Ho fepetla Inthanete ho ka u lebatsa litsietsi, empa ho ka boetse ha u bontša boitšoaro bo bobe kapa ha u kopanya le batho ba patang seo ba leng sona. Inthanete hase sebaka se molemo seo motho a ka batlang kapa a etsa metsoalle ea sebele ho sona.

Na U Batla Molekane oa Lenyalo?

Masoha a mang a ka ’na a batla ho kena lenyalong e le hore feela a loantše bolutu. Ke ’nete hore ho ba le molekane ea mosa le ea lerato ho ka u tlisetsa thabo e khōlō bophelong, empa ela hloko hore u se ke ua potlakela ho etsa qeto ea bohlokoa joalo, e kang ea ho kena lenyalong.

Hase hakaalo hore lenyalo le ka rarolla bothata ba ho jeoa ke bolutu. Ho boleloa hore banyalani ba nang le bothata ba ho buisana ke “ba bang ba batho ba jeoang ke bolutu ka ho fetisisa lefatšeng.” Ka bomalimabe, ho na le batho ba bangata ba boemong boo ho feta kamoo motho a ka nahanang kateng. Kahoo haeba u lakatsa ho ba le molekane ka le leng, ho ka ba molemo hore u rarolle bothata ba ho jeoa ke bolutu pele u kena leferehong. Ha u fetola tsela eo u nahanang ka eona le eo u etsang lintho ka eona ’me u nka bohato ba pele ba ho batla metsoalle ha u ntse u le lesoha, u ka ’na ua theha moralo o tiileng oa ho ba le lenyalo le thabisang.

U ka Atleha ho Hlōla Bolutu

Mohlomong ho ka ’na ha se ke ha e-ba le tharollo e tlang kapele bothateng ba ho jeoa ke bolutu. Empa u ka atleha ho bo hlōla ka hore u sebelise Molao oa Khauta, oo Jesu a o boletseng ka ho hlaka. O ile a re: “Ka hona, lintho tsohle tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lōna ka ho tšoanang le ba etse tsona.” (Matheu 7:12) Kahoo haeba u batla hore ba bang ba u bontše botsoalle, ba bontše botsoalle le uena. Haeba u batla hore batho ba bang ba bue le uena, u bue le bona. Ba bang ba ka ’na ba se ke ba phutholoha hang-hang, empa ha nako e ntse e ea ba bang ba tla phutholoha. Esita le haeba ba sa phutholohe, u tla thabisoa ke hore ebe u ile ua leka.

Jesu o ile a bolela ntlha e ’ngoe e matla e ka ’nang ea u thusa hore u hlōle bolutu, ha a re: “Ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.” (Liketso 20:35) Haeba u tela nako ea hao hore u thuse batho ba bang—u thusa ngoana ho etsa mosebetsi oa hae oa sekolo kapa u ela motho ea hōlileng mabenkeleng kapa u mo hloekisetsa ntlo kapa jarete—u tla ikutloa u thabile, mohlomong u be u qalise setsoalle sa sebele le eena.

Ho Fumana Metsoalle e Molemo ka ho Fetisisa

Ho na le litsela tse ling tse molemo tseo u ka loantšang bolutu ka tsona. Kopana le batho ba bang. Ha ho khoneha, otlolla maoto phakeng kapa sebakeng se seng feela se ka thōko. Ha u le mong lapeng, etsa lintho tse batlang hore u nahane, tse kang ho roka, ho lokisa lintho tse robehileng kapa ho bala. Motho e mong o ile a ngola a re: “Kamehla ha ke sithabetse, ke ikutloa ke imolohile ka mor’a hore ke qete hora ke bala.” Ba bangata ba fumane khothatso, haholo-holo ha ba bala lipesaleme tsa Bibele.

Litsebi li hlokometse hore ho kopana le balumeli-’moho ho ka thusa motho hore a loantše bolutu ’me ho ka ba ha mo thusa hore a phele hantle ’meleng. U ka fumana batho ba lekang ho latela Molao oa Khauta hokae? Bukeng e ’ngoe e buang ka mekhatlo ea bolumeli, motho e mong ea se nang leeme o ile a re: “Litho tsa phutheho ea Lipaki [Tsa Jehova] li tšepana e le kannete ebile lia amohelana.”

Jesu o ile a fana ka se ka ’nang sa bitsoa letšoao le khethollang Bakreste ba ’nete ha a ne a re ho barutuoa ba hae: “Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.” (Johanne 13:35) Lerato lena—le bontšoang Molimo pele le ntan’o bontšoa barapeli-’moho—ke lona ka ho khetheha le khethollang ba bolumeling ba ’nete.—Matheu 22:37-39.

Tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho loantša bolutu ke ho theha setsoalle le Molimo. Ha e le motsoalle oa hao, ha ho mohla u tla utloa eka u mong!—Baroma 8:38, 39; Baheberu 13:5, 6.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 8]

KAMOO KE ITLOSANG BOLUTU KATENG

Anny, eo e leng mohlolohali o re: “Ke leka ho laola tsela eo ke nahanang ka eona le ho talima boemo ba ka ke e-na le boikutlo bo nepahetseng.”

Carmen, eo e leng lesoha o re: “Ke ithutile hore ke se ke ka ‘hanella’ linthong tse fetileng empa hore ke tsoele pele ’me ke batle metsoalle e mecha.”

Fernande, eo e leng mohlolohali o re: “Ha u leka ho thusa ba bang, u lebala mathata a hao.”

Jean-Pierre, eo e leng lesoha o re: “Kamehla ke qeta nako e telele ke otlolla maoto, ’me ka nako eo ke tšollela pelo ea ka ho Molimo ka thapelo.”

Bernard, ea hlokahalletsoeng ke mosali o re: “Ke buisana le metsoalle ka fono, eseng hore ke ikhopotse lintho tse bohloko, empa hore feela ke thabele ho bua le eona.”

David, eo e leng lesoha o re: “Le hoja ka tlhaho ke le motho ea ratang ho iketsetsa lintho ke le mong, ke entse boiteko bo khethehileng ba hore ke bue le ba bang.”

Lorenna, eo e leng lesoha o re: “Ke ea ho batho ebe ke ba bontša botsoalle.”

Abigaïl, ea lilemo li 15 o re: “Ke qeta nako ke e-na le metsoalle ea ka e seng e hōlile ’me ke rua molemo phihlelong ea eona.”

Cherry, eo e leng lesoha o re: “Ke hlokometse hore ha u bolella batho hore u jeoa ke bolutu, ba leka ka matla ho etsa setsoalle le uena.”

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 9]

LITSELA TSA HO HLŌLA BOLUTU

● Itloaetse ho nahana ka lintho tse hahang

● Fokotsa nako eo u e qetang u le mong boikhathollong, joaloka ho shebella TV

● Etsa setsoalle le ba lumelang linthong tseo u li lumelang, ho akarelletsa batho bao e seng lithaka tsa hao

● Ka holim’a tsohle, etsa setsoalle le Molimo

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Theha setsoalle le batho bao e seng lithaka tsa hao

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela