Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 10/10 maq. 4-5
  • Na ho na le Motho ea ka Tšeptjoang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ho na le Motho ea ka Tšeptjoang?
  • Tsoha!—2010
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Melao-motheo e Phahameng Haholo ea Boitšoaro
  • Ho Tšepa ba Bang ke Habohlokoa Hore Motho a Thabele Bophelo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Na ho Loketse ho Kopitsa e le Hore U Pase Hantle?
    Tsoha!—2012
  • Ke Hobane’ng ha Batsoali ba ka ba sa Ntšepe?
    Tsoha!—2008
  • U ka Tšepa Bara le Barali Babo Rona
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
Bala Tse Ling
Tsoha!—2010
g 10/10 maq. 4-5

Na ho na le Motho ea ka Tšeptjoang?

Ho ne ho nkoa hore ke eena ngaka ea pele e sibolotseng lintho tsa bohlokoa merianeng e kokobetsang bohloko. Leha ho le joalo, ka lilemo tse fetang leshome, ho tloha ka 1996, setsebi seo se hlaheletseng sa meriana e thethefatsang bohloko se ne se qapile leshano ka sephetho sa liphuputso se neng se phatlalalitsoe likhatisong tse tummeng tsa bongaka.

DR. STEVEN L. SHAFER ea qotsitsoeng tlalehong ea Anesthesiology News, o re: “Ha ke utloisise hore na ke hobane’ng ha motho a ka etsa ntho e joalo.”

Ke’ng e ka susumelletsang setsebi se hlomphehang hore se thetse batho ba bang? Nahana ka mabaka ana a mane a ka ’nang a baka seo.

● Meharo. Tlalehong ea New York Times, Dr. Jerome Kassirer, eo e neng e le mohlophisi oa The New England Journal of Medicine, o re: “Ha bafuputsi ba fumana boholo ba chelete ea bona lik’hamphaning [tse rekisang meriana], ba atisa ho sotha sephetho hore se lumellane le se thabisang lik’hamphani tseo.”

● Ho batla katleho ho sa tsotellehe liphello. Ho lumeloa hore liithuti tsa saense tsa Jeremane li file matichere tjotjo ea lieuro tse likete e le hore li “tšoanelehe” ho bitsoa Doktor, e leng tlotla e bontšang hore motho o atlehile naheng eo. Phuputso e hlalositsoeng ho The New York Times e bontšitse hore liithuti tse ngata tse etsang bolotsana li re “li ikemiselitse ho khomarela melao e behiloeng” ka mor’a hore li atlehe.

● Ha ho na batho ba behang mohlala. Ha a bua ka liithuti tsa sekolo se phahameng, moprofesa e mong ea qotsitsoeng ho The New York Times, o re: “Re ka ba ra qeteletse re itse ha li na melao ea boitšoaro e li tataisang . . . Mohlomong ho ka ba molemo ha re re matichere le barupeli le sechaba ka kakaretso ha ho mohla ba kileng ba li ruta melao-motheo e hlakileng ea boitšoaro le hore li phele ka eona.”

● Mekhoa e sa amoheleheng. Phuputsong e entsoeng ho liithuti tse ka bang 30 000, tse etsang karolo ea 98 lekholong li boletse hore li nka botšepehi e le ba bohlokoa haholo litšebelisanong tsa batho. Empa liithuti tse 8 ho tse 10 li ile tsa lumela hore li ’nile tsa thetsa batsoali ba tsona, ’me tse etsang karolo ea 64 lekholong tsa lumela hore li kopilitse ha ho ne ho ngoloa litlhahlobo selemong se fetileng.

Melao-motheo e Phahameng Haholo ea Boitšoaro

Joalokaha ho bontšitsoe lebokoseng le leqepheng lena, ho bonahala eka batho ba etselitsoe hore ba tšepe ba bang. Leha ho le joalo, ka ho utloahalang Bibele e bolela hore “tšekamelo ea pelo ea motho e mpe ho tloha bocheng ba hae.” (Genese 8:21) U ka loantša tšekamelo ee joang ’me ua hanela tloaelo ee ea ho se tšepahale e atileng hakaale kajeno? Melao-motheo e latelang ea Bibele e ka u thusa:

● “U se ke ua rerela oa heno letho le lebe, ha a lutse le uena a ikutloa a sireletsehile.”—Liproverbia 3:29.

Ho rata baahelani ba rōna ho re susumelletsa hore re ba batlele se molemo, eseng hore re ba tsoe tlaase. Molao-motheo ona o ka felisa litsela tse ngata tseo batho ba tšoaroang hampe ka tsona tse susumetsoang ke meharo, tse kang ho rekisoa ha meriana ea mokunyata, ho boletsoeng sehloohong se qalang.

● “’Nete e tla hlola ka ho sa feleng; mashano ’ona a tla fumanoa kapele.”—Liproverbia 12:19, “Contemporary English Version.”

Kajeno, batho ba bangata ba lumela hore batho ba tšepahalang ba ka mosing. Empa ak’u ipotse, ‘Ho bohlokoa ho feta ke hofe—na ke ho fumana moputso o tlang hang-hang kapa melemo e tla tšoarella nako e telele, e akarelletsang boitlhompho?’ Seithuti se ka ’na sa kopitsa ha ho ngoloa litlhahlobo e le hore se thetse ba bang ka tsebo kapa bokhoni boo se nang le bona, empa se tla tsoella joang mosebetsing?

● “Ea lokileng o tsamaea botšepehing ba hae. Ho thaba bara ba hae ka mor’a hae.”—Liproverbia 20:7.

Haeba u motsoali, behela bana ba hao mohlala o motle ka hore u ‘tsamaee botšepehing.’ Ba hlalosetse hore na u ruile molemo joang ka ho phela ka bokhabane. Ha bana ba bona motsoali a tsamaea botšepehing, ho ka etsahala hore le bona ba tsamaee tseleng ea botšepehi.—Liproverbia 22:6.

Na melao-motheo ee ea Bibele e boletsoeng ka holimo e hlile ea sebetsa? Na batho ba tšepahalang ba ka fumanoa kajeno?

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 4]

Ho ea ka koranta e bitsoang Le Figaro, batho ba ntseng ba eketseha ba Fora “ba nahana hore baeta-pele ba sechaba—lipolotiking, moruong, kahisanong le litabeng tsa setso—ha baa itšoara hantle, ’me bona ha ba bone lebaka leo ka lona ba lokelang ho itšoara hantle.”

[Lebokose le leqepheng la 5]

NA RE ETSELITSOE HO TŠEPA BA BANG?

Liteko tse entsoeng ke Michael Kosfeld, e leng moprofesa oa tsamaiso litabeng tsa khoebo Univesithing ea Frankfurt, Jeremane, li ile tsa etsa hore a fihlele qeto ea hore “ka tlhaho batho” ba etselitsoe hore ba tšepe ba bang. Kosfeld o ile a sibolla hore ha batho ba babeli ba sebelisana, boko bo ntša oxytocin, e leng homone e susumetsang batho ho tšepana. Kosfeld o re: “Ha e le hantle, ke e ’ngoe ea litšobotsi tse khethollang batho. Haeba re sa tšepane, seo se bolela hore re lahlehetsoe ke botho.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela