Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 8/12 maq. 26-28
  • Na ho Loketse ho Kopitsa e le Hore U Pase Hantle?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ho Loketse ho Kopitsa e le Hore U Pase Hantle?
  • Tsoha!—2012
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha ho Kopitsa ho Jele Setsi Hakaale?
  • Ke Hobane’ng ha Motho a ka Khetha ho se Kopitse?
  • Botšepehi—Bo ka Atlehisa Motho
  • Ke Eng e Phoso ka ho Kopitsa?
    Tsoha!—2003
  • Na Kannete ke ho se Tšepahale?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Na ho na le Motho ea ka Tšeptjoang?
    Tsoha!—2010
Tsoha!—2012
g 8/12 maq. 26-28

Na ho Loketse ho Kopitsa e le Hore U Pase Hantle?

NA U seithuti? Haeba ho joalo, mohlomong u tseba liithuti-’moho le uena tse kopitsang e le hore feela li pase hantle. Ka sebele bothata bona ke kobo anela. Ka 2008, Mokhatlo oa Josephson o ile oa etsa liphuputso liithuting tse ka bang 30 000 tse kenang likolong tse phahameng United States, ’me tse 64 lekholong li ile tsa lumela hore li ile tsa kopitsa selemong seo ha li ne li ngola litlhahlobo. Leha ho le joalo, batho ba bang ba lumela hore palo ea liithuti tse kopitsang e tlameha e le holimo ho feta moo—mohlomong e ka holimo ho liphesente tse 75.

Europe teng, ho kopitsa ke bothata bo boholo, haholo-holo tloaelo ea hore batho ba utsoe likhopolo tsa ba bang ebe ba etsa eka ke tsa bona. Sehlooho se phatlalalitsoeng makasineng ea Digithum e fumanehang Inthaneteng se itse: “Liwebsaete tse rekisetsang liithuti tsa likolo tse phahameng le tsa liunivesithi meqoqo e seng e ngotsoe, eo liithuti li etsang eka ke tsona tse e ngotseng, ke bothata bo bocha le bo ntseng bo tota.”

Ke hobane’ng ha ho kopitsa e le bothata bo tšoenyang hakaale? Na ehlile batho ba kopitsang ba rua molemo? Na ho se kopitse ho molemo—esita le haeba motho a ke ke a pasa hantle?

Ke Hobane’ng ha ho Kopitsa ho Jele Setsi Hakaale?

Ho hlepha ha boitšoaro. American School Board Journal e re: “Matichere a mangata a re ho kopitsa ho se ho atile hobane batho ba mehleng ena ba inahana bobona feela ebile ha ba sa mamela melao.” Ha seithuti se seng se bua ka tlelase eo se neng se le ho eona sekolong se phahameng se ile sa re: “Kaofela ha rōna . . . re ile ra kopitsa; re ne re batla ho pasa e le hore re ka amoheloa likolong tsa thuto e phahameng. Re ne re le liithuti tse molemo, tse itšoereng hantle; re ne re sa tšoane le batho ba tsoileng tseleng . . . Re ne re mpa re batla ho amoheloa liunivesithing tsa maemo a holimo.” Batsoali ba bang le bona ba se ba “amohetse” monahano oa mofuta ona. Kaha ba batla ho bona bana ba bona ba “atleha” bophelong, ba ba lumella ho kopitsa kapa ba iphapanyetsa hona, ka tsela eo ba etsa hore bana ba bona ba qetelle ba se na mekhoa e metle.

Khatello ea ho batla ho atleha. Ho ea ka Donald McCabe, e leng mothehi oa Setsi sa Machaba sa Thuto le Botšepehi, liithuti tse kopitsang li lumela hore ho tšepahala ho etsa hore li se ke tsa atleha ha li bapisoa le liithuti tse kopitsang ebe ha li tšoaroe.

Ho thusoa ke theknoloji. Theknoloji ea morao-rao e etsa hore liithuti li khone ho kopitsa habonolo feela le ka tsela e tsoetseng pele. Li ka kopitsa meqoqo e ngotsoeng Inthaneteng le ho fumana likarabo tsa mosebetsi o etsetsoang hae ’me tsa li arolelana le liithuti tse ling. Hangata ho tšoaroa liithuti tse ’maloa feela ’me sena se etsa hore liithuti tse ling li be sebete sa ho kopitsa.

Ho susumetsoa ke batho ba mekhoa e mebe. Ho qhekella e se e le ntho e tloaelehileng le ho batho ba baholo—likhoebong tse khōlō, lipolotiking, lipapaling esita le malapeng moo batsoali ba qhekellang inshorense kapa ho lefa lekhetho. David Callahan, e leng mongoli oa buka e bitsoang The Cheating Culture o re: “Haeba batho ba boholong kapa ba behang mohlala ba qhekella, ke nahana hore sena se etsa hore bacha ba nke hore ho qhekella ke ntho e nepahetseng.” Empa na ho nepahetse? Na ho batla ho pasa hantle ho lokafatsa ho kopitsa?

Ke Hobane’ng ha Motho a ka Khetha ho se Kopitse?

Ipotse sena, ‘Morero oa thuto e molemo ke ofe?’ Na ha se ho hlomella liithuti hore li be le boikarabelo bophelong, joaloka ho seka-seka mathata le ho a rarolla mosebetsing? Liithuti tse tloaetseng ho kopitsa li ka ’na tsa hlōleha ho ithuta bokhoni boo ba bohlokoa. Kahoo, batho ba lulang ba qhekella ba pata bofokoli ba bona ’me ba itšenyetsa monyetla oa hore ba atlehe likarolong tse ngata bophelong.

Ho phaella moo, Callahan o re: “batho ba sa batleng ho sebetsa ka thata ha ba sa le bacha—ba kang ba kopitsang haholo sekolong—ba ka tla le mekhoa eo ea bona le mosebetsing.” Ka tsela eo, batho ba joalo ba tšoana le seaparo kapa oache e shebahalang eka kea ’nete empa e se eona, eo qetellong e soetsang.

Ka sebele, batho ba qhekellang ba ipeha kotsing ea ho tšoaroa ebe ba fumana liphello tse bosula. Qetellong sena se ka ba soabisa kapa sa etsa hore ba ikutloe ba le basesaane. Empa hape ba ka lelekoa sekolong kapa ba fumana kotlo e boima le ho feta. Bibele e fana ka keletso ena e hlakileng: “Etsoe leha e le sefe seo motho a se jalang, o tla boela a se kotule.” (Bagalata 6:7) Leha ho le joalo, ho tšaba ho tšoaroa ha ea lokela ho ba lebaka le ka sehloohong la hore motho a tšepahale. Ho na le mabaka a utloahalang ho feta leo.

Botšepehi—Bo ka Atlehisa Motho

Bacha ba bohlale ba loanela ho ba le litšobotsi tse tla ba tsoela molemo eseng feela ha ba ngola litlhahlobo, empa bophelong bohle ba bona. Kahoo, ba sebetsa ka thata sekolong ’me ba loanela ho ba le litšobotsi tse tla etsa hore ba itlhomphe le ho hlomphuoa ke bahiri ba bona ba ka moso, ’me seo se tla fella ka hore ba be le thabo e tšoarellang nako e telele.

Melao ea boitšoaro e ka fumanoa ka Bibeleng, ’me bacha ba phelang ka eona ha ba fetoe ke menyetla. Ho fapana le hoo, joalokaha 2 Timothea 3:16, 17 e bolela, ba “hlomelloa ka ho feletseng bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o molemo.” Jorge ea sehlopheng sa borobong o re: “Liithuti-’moho le ’na li kopitsa hobane li batla ho pasa ntle le ho sebetsa ka thata. Empa ’na ke batla ho thabisa Molimo. Ho Liproverbia 14:2 Bibele e re, ‘ea tsamaeang ho lokeng ha hae o tšaba Jehova, empa ea litsela li khopameng oa Mo nyelisa.’ Kea tseba hore ha ho na letho leo re ka le patelang Molimo. Kahoo, ha ke kopitse ebile ha ke thuse liithuti tse ling ho kopitsa.”

Liithuti tse lekang ho phela tumellanong le melao ea Bibele e ka ’na ea se ke ea e-ba tse ipabolang ka ho fetisisa ka tlelaseng. Empa ke tsona tse bohlale ka ho fetisisa, kaha li rala motheo o tiileng oa hore li atlehe bophelong. (Pesaleme ea 1:1-3; Matheu 7:24, 25) Ho feta moo, liithuti tseo li ka kholiseha hore lia amoheleha ho ’Mōpi le hore o tla li tšehetsa.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 28]

MELAO-MOTHEO EO U LOKELANG HO NAHANA KA EONA

● “Molomo oa ’nete o tla tiisoa ka thata ka ho sa feleng, empa leleme la bohata le tla ba teng feela ka motsotsoana.”—Liproverbia 12:19.

● “Motho oa liketso tse tšepahalang o tla fumana litlhohonolofatso tse ngata.”—Liproverbia 28:20.

● “Molimo oa ’nete o tla tlisa mosebetsi oa mofuta o mong le o mong kahlolong kamanong le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e patiloeng, ebang e ntle kapa e mpe.”—Moeklesia 12:14.

● “Re lakatsa ho itšoara ka botšepehi linthong tsohle.”—Baheberu 13:18.

[Setšoantšo se maqepheng a 26, 27]

Theknoloji ea morao-rao e etsa hore liithuti li khone ho kopitsa habonolo feela le ka tsela e tsoetseng pele

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Liithuti tse kopitsang li tšoana le oache eo e seng ea ’nete e shebahalang e le ntle feela

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela