Ho Lebeletsoe Litšisinyeho Tse Eketsehileng Tsa Lefatše Tse Khōlō
HO TLOHA ha ho qaptjoa mechine e lekanyetsang boholo ba litšisinyeho tsa lefatše, bo-rasaense ba tlalehile litšisinyeho tse khōlō tsa lefatše tse makholo. Batho ha ba amehe hakaalo ka tse etsahalang hōle le moo batho ba lulang le ba mecha ea phatlalatso ha ba tlalehe hakaalo ka tsona. Ka lehlakoreng le leng, tšenyo e ba khōlō ha tšisinyeho ea lefatše e le motseng o moholo. Hore na ho tla shoa batho ba bakae le hore na ho tla senyeha thepa e kae ho itšetleha ka hore na baahi ba itokiselitse boemo boo hakae.
Ka la 12 January, 2010, ho ile ha e-ba le e ’ngoe ea litšisinyeho tse mpe ka ho fetisisa tsa lefatše Haiti, ha ho tluoa tabeng ea batho ba shoeleng le thepa e senyehileng. Empa e ne e se ea pele selemong sena ebile e ne e se eona feela tšisinyeho e khōlō ea lefatše e bileng teng. Ka tlaase mona ho hlalositsoe litšisinyeho tse ling tsa lefatše tse bileng teng likhoeling tse seng kae tse qalang ka 2010, tseo ho ileng ha tlalehoa hore li ne li lekana le e ileng ea senya motse-moholo oa Haiti kapa li bile li le matla ho e feta.
Ka la 3 January: Tšisinyeho ea Lefatše ea Boholo ba 7, 1, Lihlekehlekeng Tsa Solomon
Tšisinyeho ena e khōlō ea lefatše eo qalong ho neng ho lumeloa hore e ka holimo ho boholo ba 7,1, e ile ea baka ‘maqhubu a tsunami a bophahamo ba limithara tse 2 ho isa ho tse 3.’ Loti Yates, e leng ofisiri e sebetsanang le likoluoa o re “sebaka sohle se koahetsoeng ke metsi” se ne se bonahala ha motho a le ka sefofaneng. Yates o bolela hore motseng oa Bainara o Sehlekehlekeng sa Rendova, matlo a 16 a ile a oa ’me a mang a mangata a senyeha.
Pele ho moo ho ne ho bile le tšisinyeho ea lefatše ea boholo ba 6,6. Batho ba bangata ba ile ba tšosoa ke tšisinyeho ena ea lefatše e neng e se matla hakaalo ’me ba balehela maralleng. Seo se ile sa ba sireletsa ha ka mor’a lihora tse peli ho e-ba le tšisinyeho ea lefatše e khōloanyane ’me e baka tsunami e ileng ea hohola libaka tseo ba lulang ho tsona tse lebōpong.
Ka la 26 February: Tšisinyeho ea Lefatše ea Boholo ba 7,0, Lihlekehlekeng Tsa Ryukyu, Japane
Tšisinyeho ena ea lefatše e etsahetse ka 5:31 hoseng, ho latela nako ea moo, ’me e qalile bohareng ba se seng sa Lihlekehleke Tsa Ryukyu, Japane, se bohōle ba lik’hilomithara tse 80 ho tloha motseng oa Naha o Okinawa. Ho ile ha fanoa ka temoso ea hore tsunami ea tla empa hamorao ea huloa. Mosali e mong ea qetileng lilemo tse fetang 90 a lula Okinawa o boletse hore o ne a qala ho utloa tšisinyeho e matla hakaalo ea lefatše.
Ka la 27 February: Tšisinyeho ea Lefatše ea Boholo ba 8,8, Chile
Tšisinyeho ena ea lefatše e ne e le ea bohlano ho tse matla ka ho fetisisa tse bileng teng ho tloha ka 1900. E matla ka ho fetisisa ke e bileng Chile, ka 1960—ea boholo ba 9,4. Tšisinyeho eo ea lefatše hammoho le e ’ngoe ea boholo ba 7,7 e ileng ea senya motse-moholo oa Chile ka 1985, e ile ea susumetsa ba boholong naheng eo hore ba kenye tšebetsong melao e tobileng ea kaho.
Ka lebaka leo, ho ile ha heleha mehaho e ’maloa Santiago le metseng e meng e ileng ea angoa ke tšisinyeho ea lefatše e bileng teng selemong sena. Empa batho ba likete-kete ba ile ba lemala le ho senyeheloa ke thepa. Ho lumeloa hore ho ile ha shoa ba ka bang 500, ’me hoo e ka bang halofo ea bona ba bolailoe ke tsunami libakeng tse lebōpong la Chile.
Ka la 4 April: Tšisinyeho ea Lefatše ea Boholo ba 7,2, Baja California, Mexico
Tšisinyeho ena ea lefatše e etsahetse lik’hilomithara tse 18 ho tloha Guadalupe Victoria, Mexico le tse 47 ho tloha Mexicali. Sebaka seo se ka thōko ’me ha se na baahi ba bangata. Empa tšisinyeho e matla ea lefatše e bileng moo e ile ea utluoa metseng le metsaneng e mengata ea Mexico le karolong e ka boroa ea United States.
Ka la 9 May: Tšisinyeho ea Lefatše ea Boholo ba 7,2, Sumatra e ka Leboea, Indonesia
Tšisinyeho ena ea lefatše e etsahetse ka tlas’a leoatle har’a mpa ea motšehare, lik’hilomithara tse ka bang 217 ho tloha motseng oa Banda Aceh o ntlheng e ka leboea ea Indonesia. Batho ba bangata ba ile ba siea matlo a bona ’me ba qeta nako ba hana ho khutlela ho ’ona hobane ba tšohile. ’Me ha ho tlaleho ea hore ho bile le ba shoeleng.
Ho Lebeletsoe Tse Eketsehileng
Ho latela tlaleho ea nako e telele ea litšisinyeho tse khōlō tsa lefatše, ke ho utloahalang ho bolela hore re lokela ho lebella tse eketsehileng lilemong tse tlang. Bafuputsi ba United States ba hlahlobang mafika ba bolela pepenene hore: “Litšisinyeho tse khōlō tsa lefatše li tla tsoela pele ho ba teng joalokaha li ’nile tsa e-ba teng nakong e fetileng.”
Ntlha e thahasellisang ke e builoeng ke mohlophisi oa koranta e ’ngoe ha a re: “Litšisinyeho tsa lefatše tse bileng teng morao tjena . . . hase tseo batho ba ka khonang ho li qoba ’me seo se re hopotsa kamoo batho ba fokolang kateng. Sena hase bolele hore re lokela ho phutha matsoho feela haeba ho e-na le seo re ka se etsang . . . , empa se bolela hore re lokela ho lula re lebeletse likoluoa tse khōlō tsa tlhaho tseo re ke keng ra li laola.”
Liithuti tse hloahloa tsa Bibele li hopola boprofeta ba Bibele boo ka ho toba bo bolelang hore litšisinyeho tsa lefatše ke karolo ea pontšo e likarolo li ngata ea matsatsi a ho qetela a tsamaiso ena ea lintho.—Matheu 24:3, 7; Mareka 13:8; Luka 21:11.
[’Mapa o leqepheng la 20, 21]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Tse ling tsa litšisinyeho tsa lefatše tsa boholo ba 7,0 kapa ho feta tse bileng teng ho tloha ka January ho isa ho May
Mexico
Haiti
Chile
Japan
Indonesia
Lihlekehlekeng Tsa Solomon