Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g02 4/8 maq. 20-22
  • Ho Sebetsana ka Katleho le Liphello

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Sebetsana ka Katleho le Liphello
  • Tsoha!—2002
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ka Mor’a ho Pholoha
  • Ho Fana ka Tšepo Bathong ba Nyahameng
  • Tšisinyeho ea Lefatše!
    Tsoha!—2000
  • Ho Lebeletsoe Litšisinyeho Tse Eketsehileng Tsa Lefatše Tse Khōlō
    Tsoha!—2010
  • Seo Tšisinyeho ea Lefatše e Leng Sona
    Tsoha!—2002
  • “Re Ile ra Thaba Haholo ha re Bona Kamoo Ba re Ratang Kateng”
    Tsoha!—2017
Tsoha!—2002
g02 4/8 maq. 20-22

Ho Sebetsana ka Katleho le Liphello

“HAESALE RE TSAMAEA HO TLOHA HOSENG. RE BALEHISA BOPHELO BA RŌNA. HA HO NA METSI A NOOANG, HA HO NA LIJO. MATLO ’OHLE A SOAHLAMANE.”—HARJIVAN, MOPHONYOHI OA TŠISINYEHO EA LEFATŠE E BOHOLO BA 7,9, INDIA.

HO BA le phihlelo ea ho sisinyeha ho hoholo ha lefatše ho tšosa haholo. Mophonyohi e mong oa tšisinyeho e etsahetseng ka 1999 Taiwan oa hopola: “Libuka tse neng li le ka woteropong ea lehong e bolelele ba maoto a robeli [limithara tse 2,5], e neng e le haufi le bethe ea ka li ne li fokaela hohle.” ‘Helmete eo ke neng ke sa tsoa e reka ea sethuthuthu e ile ea oela e tloha hona moo woteropong, ea oela pel’a hlooho ea ka mona betheng.’ Oa phaella: ‘E bile mohlolo, e ka be e mpolaile.’

Ka Mor’a ho Pholoha

Ho sisinyeha ha lefatše ke phihlelo e tšosang, empa ho e pholoha ke qalo feela. Lihora tse latelang ketsahalo eo, basebetsi ba pholoso ba leka ka sebete ho fumana le ho thusa ba tsoileng likotsi. Hangata ba etsa joalo ba ntse ba tšohile litšisinyeho tse nyenyane tsa lefatše tse latelang. Monna e mong ea neng a nahana ho fata qubuhali ea mobu o neng o kupelitse sebaka sa boahelani ka mor’a ho sisinyeha ho sa tsoa etsahala El Salvador o itse: “Re tlameha ho ba hlokolosi haholo. Haeba lefatše le ka thothomela hape, lerallana lena le setseng le ka putlama.”

Ka linako tse ling batho ba bontša boitelo bo sa tloaelehang hore ba finyelle bahlaseluoa. Ka mohlala, ha tšisinyeho e khōlō ea lefatše e etsahala India mathoasong a 2001, monna-moholo ea bitsoang Manu, ea seng a lula United States, o ile a khutlela ha habo. O ile a re: “Ke tlameha ho tsamaea, eseng ho ea thusa ba heso feela, empa ho ea thusa bohle ba mahlomoleng.” Manu o ile a fumana maemo a sisimosa libakeng tseo a ileng a li etela. Leha ho le joalo, o ile a hlokomela: “Sebete se bontšoang ke batho sea tsoteha.” Moqolotsi e mong oa litaba o ile a ngola: “Bohle ba lulang sebakeng seo ke lulang ho sona ba ile ba fana ka ntho leha e le efe eo ba ka e telang—moputso oa bona oa letsatsi, oa beke kapa oa khoeli, karolo e itseng ea chelete eo ba neng ba e behile bankeng kapa ntho leha e le efe eo ba ka e telang e le ho thusa ba bang.”

Ke ’nete hore ho hloekisa likotoana tsa lintho le ho thusa ba lemetseng ho batla ho le bonolo; empa ho tsitsisa likelello tsa bao bophelo ba bona bo kopakantsoeng ke metsotsoana e seng mekae ea tlokotsi ho thata le ho feta. Nahana ka Delores, mosali ea ileng a lahleheloa ke lehae ha ho ne ho sisinyeha El Salvador. O re: “Sena se sebe ho feta ntoa. Bonyane nakong ea ntoa re ne re ntse re e-na le lehae.”

Joalokaha ho boletsoe sehloohong se qalang, ka linako tse ling ho na le tlhokahalo e khōlō, eseng feela ea lintho tse bonahalang, empa ea ho fana ka tšehetso maikutlong. Ka mohlala, ha tšisinyeho ea lefatše e ne e ripitla motse oa Armenia, Colombia bophirimela mathoasong a 1999, ba fetang sekete ba ile ba lahleheloa ke bophelo, ’me ba bang ba bangata ba sala ba ferekane maikutlong ba bile ba feletsoe ke tšepo. Roberto Estefan eo e leng ngaka ea mafu a kelello, ’me folete ea hae le eona e senyehile koluoeng ena, o itse: “Kae kapa kae moo u eang, batho ba kōpa thuso. Ha ke re ke ea lebenkeleng ho ea batla hamburger, hoo e batlang e le bohle ba ntumelisang ba nka monyetla oo ho mpolella kamoo ba hlobaelang kateng bosiu le kamoo ba saretsoeng kateng.”

Joalokaha Dr. Estefan a tseba, liphello tsa tšisinyeho ea lefatše maikutlong a batho e ka ba tse mpe. Mosali e mong ea ileng a ithaopela ho thusa ha ho hahoa kampo ea liphallelo o ile a hlokomela hore batho ba bang ba sebetsang ba ne ba sa itšoenye ka ho ea mosebetsing hobane ba lumela hore ba se ba ntse ba tl’o shoa.

Ho Fana ka Tšepo Bathong ba Nyahameng

Nakong ea likoluoa tse joalo, Lipaki tsa Jehova li etsa boiteko ba ho thusa baphonyohi nameng, moeeng le maikutlong. Ka mohlala, hang ka mor’a hore ho be le tšisinyeho eo ho builoeng ka eona pejana Colombia, ofisi ea moo ea lekala ea Lipaki tsa Jehova e ile ea hlophisa komiti ea boemo ba tšohanyetso. Lipaki tse likete tse hlahang ka makhalo ’ohle naheng eo li ile tsa fana ka lijo le chelete. Ka potlako, lithane tse 70 tsa lijo li ile tsa romeloa sebakeng se amehileng.

Hangata tšehetso ea moea ke eona ea bohlokoa ka ho fetisisa. Hoseng ho hong ka mor’a tšisinyeho eo ea Colombia, e mong oa Lipaki tsa Jehova o ile a hlokomela mosali e mong eo ka ho khetheha a neng a bonahala a tepeletse a theosa le seterata motseng o soahlamaneng oa Armenia. O ile a atamela mosali enoa ’me a mo fa pampitšana e nang le sehlooho se reng, Ho na le Tšepo Efe Bakeng sa Baratuoa ba Shoeleng?a

Mosali eo o ile a nka pampitšana eo ’me a ea e bala ka hloko hae. Lekhetlo le hlahlamang ha e mong oa Lipaki tsa Jehova a kokota ha hae, o ile a ikutloa a tlameha ho mo phetela pale ea hae. Tšisinyeho eo ea lefatše e ne e ripitlile matlo a hae a ’maloa a neng a le motseng oo, e leng ’ona a neng a mo tlisetsa chelete e ngata. Joale o ne a le bohloking. Empa e ne e se seo feela. Nakong ea tšisinyeho eo ea lefatše, ntlo eo a neng a lula ho eona le mora oa hae ea lilemo li 25 e ile ea putlama ’me ea mo bolaea. Mosali enoa o ile a bolella Paki ena e neng e mo etetse hore o ne a e-s’o ka a e-ba le thahasello bolumeling, empa hona joale o ne a e-na le lipotso tse ngata. Pampitšana eo a neng a ile a e fuoa e ne e mo file tšepo ea sebele. Ho ile ha qalisoa thuto ea lehae ea Bibele ka potlako.

Lipaki tsa Jehova li kholisehile hore ho tla ba le nako eo ka eona moloko oa batho o ke keng oa hlola o sokeloa ke likoluoa tsa tlhaho, ho kopanyelletsa le litšisinyeho tsa lefatše. Sehlooho se latelang se tla hlalosa lebaka.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E hatisitsoe ke Lipaki tsa Jehova.

[Lebokose le leqepheng la 20]

LULANG LE ITOKISITSE!

◼ Etsang bonnete ba hore lihitara tsa metsi li faselelitsoe hantle fatše le hore lintho tse boima li lutse fatše kapa li behiloe karolong e tlaase lirakeng.

◼ Rutang litho tsa malapa hore na li ka tima motlakase joang hammoho le khase le ho koala metsi.

◼ Etsang hore ho be le setima-mollo le thepa ea thuso ea pele mahaeng a lōna.

◼ Lulang le e-na le seea-le-moea se senyenyane le libeteri tse ncha.

◼ Ikoetliseng le le lelapa hore na le lokela ho etsa joang boemong ba kotsi, ’me le totobatse bohlokoa ba ho (1) khoba matšoafo, (2) ho tima setofo le lihitara, (3) ho ema monyako kapa ho kena tlas’a tafole kapa deske le (4) ho emella thōko le lifensetere, liipone le lichomela.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 21]

LITŠISINYEHO TSA LEFATŠE ISERAELE

Moprofesa Amos Nur ha a ngola o re Iseraele e na le “histori e telele ka ho fetisisa lefatšeng le e sa khaotseng ea litšisinyeho tsa lefatše.” Sesosa ke hore karolo ea Great Rift Valley—phohla e pakeng tsa karolo ea Mediterranean le ea Arabia—e parola Iseraele ka lehare, ho tloha leboea ho ea boroa.

Ho thahasellisang ke hore litsebi tse ling tse epollang lintho tsa khale li lumela hore lienjiniere tsa boholo-holo li ne li sebelisa mokhoa o khethehileng ho fokotsa tšenyo e bakoang ke tšisinyeho ea lefatše. Sena se lumellana le tlhaloso ea Bibele ka mokhoa oo Solomone a neng a haha ka oona: “Ha e le lebaleng le leholo, ho ne ho e-na le mela e meraro ea majoe a betliloeng le mola oa libalaka tsa lehong la kedare ka hohle; le sona sena e ne e le bakeng sa lebala le ka hare la ntlo ea Jehova, le bakeng sa mathule a ntlo.” (1 Marena 6:36; 7:12) Libakeng tse fapa-fapaneng, ho fumanoe bopaki ba mokhoa ona oa ho haha ka ho kopanya libalaka tsa lehong le majoe—ho akarelletsa le heke ea Megido, eo ho nahanoang hore ke ea mehleng ea Solomone kapa pele ho moo. Setsebi David M. Rohl o lumela hore e ka ’na eaba libalaka tsena li ne li “kenngoa molemong oa ho sireletsa mohaho hore o se senngoe ke ho sisinyeha ha lefatše.”

[Setšoantšo]

Tšenyo e bakiloeng ke tšisinyeho ea lefatše Bet Sheʼan, Iseraele

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 22]

METSOTSO E ’MELI EA TŠABO—TLALEHO EA MOPHONYOHI E MONG

Ahmadabad, India, lelapa leso le ne le lokisetsa lechato la motsoala. Ka la 26 January, 2001, ha kea ka ka tsosoa ke oache ea alamo, empa ke ile ka tsosoa ke ho sisinyeha ho mabifi. Ke ile ka utloa liraka tsa tšepe li ritsetsa koana le koana ’me ka tseba hore ho na le ho phoso. Rangoane o ne a hoeletsa, “Tsoang ka tlung!” Ha re le ka ntle, re ne re khona ho bona ntlo e sisinyehela koana le koana. E ne eka tšisinyeho ena ha e na ho fela. Empa ha e le hantle, ho thothomela hona ho etsahetse feela metsotso e ’meli.

Khatello e ileng ea e-ba teng maikutlong e ne e tšabeha kaha sena se etsahetse ka potlako. Re ile ra etsa bonnete ba hore litho tsohle tsa lelapa li sireletsehile. Litšebeletso tsa thelefono le tsa motlakase li ne li khaohile, ka hona, re ne re sitoa ho tseba ka potlako hore na boemo ba beng ka rōna ba bang bo ne bo le joang metseng e meng. Ka mor’a ho lula joalo re sa tsebe letho hora kaofela, re ile ra tseba hore ba sireletsehile. E ne e se bohle ba bileng lehlohonolo. Ka mohlala, Ahmadabad, ho ne ho oele mehaho e ka holimo ho lekholo, ’me ho ne ho shoele batho ba fetang 500.

Libekeng tse ’maloa tse latelang, motho e mong le e mong o ne a aparetsoe ke tšabo. Batho ba ne ba robala bosiu bo bong le bo bong ba tšohile hore ho tla ba le ho sisinyeha ho hong, joalokaha ho ne ho ile ha boleloa esale pele hore ho ka ’na ha e-ba teng. Ho tsosolosa lintho tse senyehileng ho ile ha etsoa butle, ’me ba bangata ba ne ba setse ba se na mahae. Sena sohle se etsahetse ka lebaka la tšisinyeho ea lefatše e nkileng feela metsotso e ’meli, empa e tla lula mehopolong ea rōna ka ho sa feleng.—Joalokaha ho boletse Samir Saraiya.

[Setšoantšo se leqepheng la 20, 21]

Mophonyohi oa tšisinyeho ea lefatše e bileng teng ka January 2001 India, o nkile foto ea ’mè oa hae ea shoeleng eo joale ho chesoang setopo sa hae

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© Randolph Langenbach/UNESCO (www.conservationtech.com)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela