Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g17 no. 1 maq. 12-13
  • “Re Ile ra Thaba Haholo ha re Bona Kamoo Ba re Ratang Kateng”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Re Ile ra Thaba Haholo ha re Bona Kamoo Ba re Ratang Kateng”
  • Tsoha!—2017
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “HONA JOALE RE BONA MELEMO!”
  • “RE ILE RA UTLOA RE ATAMELANE HAHOLO”
  • Ba Ile ba Kholiseha ha ba le Kathmandu
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Ho Sebetsana ka Katleho le Liphello
    Tsoha!—2002
  • Ho Lebeletsoe Litšisinyeho Tse Eketsehileng Tsa Lefatše Tse Khōlō
    Tsoha!—2010
  • Tšisinyeho ea Lefatše!
    Tsoha!—2000
Bala Tse Ling
Tsoha!—2017
g17 no. 1 maq. 12-13

“Re Ile ra Thaba Haholo ha re Bona Kamoo ba re Ratang Kateng”

KA MOQEBELO oa la 25 April 2015, ho ile ha e-ba le tšisinyeho ea lefatše e matla haholo Nepal, e leng naha e lithaba e ka leboea ho India. Tšisinyeho ena e ile ea fihla sebakeng se bohole ba lik’hilomithara tse 80 ka leboea-bochabela ho motse-moholo oa Kathmandu. Ho ile ha shoa batho ba fetang 8 500 ’me ena e bile koluoa e kholo ka ho fetisisa Nepal. Matlo a fetang halofo ea milione a ile a senyeha. Naheng ea Nepal ho na le Lipaki Tsa Jehova tse 2 200 ’me bongata ba tsona bo ile ba ameha kotsing ena. Ka bomalimabe, mosali e mong oa Paki le bana ba hae ba babeli ba ile ba hlokahala.

Mosali e mong oa Paki ea bitsoang Michelle o re: “Liphuthehong tse ling tšisinyeho eo e ile ea fihla barab’abo rona ba ntse ba tšoere seboka. Haeba e ne e ba fumane ba le matlong a bona bongata ba bona bo ka be bo ile ba shoa kapa ba lemala.” Ke hobane’ng ha batho ba neng ba le sebokeng ba ile ba sireletseha? Ba ile ba sireletsoa ke tsela eo Holo ea ’Muso ea Lipaki Tsa Jehova e hahiloeng ka eona.

“HONA JOALE RE BONA MELEMO!”

Liholo tsa Lipaki Tsa Jehova tsa Nepal li hahiloe ka tsela e etsang hore li se ke tsa senyeha nakong ea litšisinyeho tsa lefatše. Monna e mong ea bitsoang Man Bahalur, ea sebetsang likahong tsa liholo tsa Lipaki Tsa Jehova, o re: “Re ne re botsoa khafetsa hore na ke hobane’ng ha re etsa metheo e tsitsitseng empa re haha liholo tse nyenyane. Hona joale re bona melemo!” Ka mor’a tšisinyeho eo, ho ile ha fanoa ka tumello ea hore batho ba lule liholong tseo. Le hoja batho ba ne ba ntse ba tšohile, Lipaki Tsa Jehova le baahisane ba tsona li ile tsa ikutloa li sireletsehile ka liholong tseo.

Baholo ba liphutheho ba ile ba batla barab’abo rona ba neng ba sa tsejoe hore na ba hokae. Mosali e mong oa Paki ea bitsoang Babita o re: “Baholo ba ile ba itela bakeng sa rona. Re ile ra thaba haholo ha re bona kamoo ba re ratang kateng.” Letsatsi ka mor’a hore ho be le tšisinyeho, litho tse tharo tsa komiti e hlokomelang mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova tsa Nepal hammoho le balebeli ba etelang liphutheho, ba ile ba etela liphutheho tse neng li anngoe ke ketsahalo ena e le hore ba ka sheba hore na li hlokang le hore ba thuse baholo.

Gary Breaux le mosali oa hae Ruby, ba tsoang ntlo-kholo ea Lipaki Tsa Jehova e United States ba ile ba etela Nepal. Setho se seng sa komiti e hlokomelang mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova tsa Nepal, e leng Reuben o re: “Ka lebaka la pherekano e neng e le teng Kathmandu, re ne re nahana hore Mor’abo rona Breaux a ke ke a khona ho re etela. Empa o ile a fihla! Lipaki li ile tsa thabela ketelo eo haholo.”

“RE ILE RA UTLOA RE ATAMELANE HAHOLO”

Monna e mong ea bitsoang Silas ea sebetsang ofising ea Lipaki Tsa Jehova e Nepal o re: “Hang feela ka mor’a hore lifounu li lokisoe, re ile ra fumana mehala bosiu le motšehare! Lipaki tsa linaheng tse fapaneng li ne li tšoenyehile ka rona. Le hoja ba bang ba ne ba sa bue puo ea rona, re ne re khona ho utloa hore baa re rata le hore ba thabela ho re thusa.”

Ka mor’a matsatsi a ’maloa ho bile le tšisinyeho, Lipaki tse tsoang metseng e haufi li ile tsa fana ka lijo. Ho ekelletsa moo, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa theha Komiti ea Liphallelo, ’me lithuso li ile tsa fihla, haholo-holo ho tsoa naheng ea Bangladesh, India, le Japane. Ka mor’a matsatsi a seng makae, ho ile ha fihla lingaka tsa Lipaki ho tsoa Europe ’me li ile tsa sebeletsa ka har’a e ’ngoe ea Liholo tsa ’Muso ea Lipaki Tsa Jehova. Ba ile ba kena mosebetsing hang-hang ’me ha baa ka ba ba thusa feela ka maqeba a ’meleng empa ba ile ba boela ba ba thusa hore ba sebetsane le bothata ba ho sithabela maikutlong.

Ha a hlalosa tsela eo ba neng ba ikutloa ka eona, mosali e mong ea bitsoang Uttara o re: “Tšisinyeho eo ea lefatše e ne e le mpe haholo ebile e tšosa. Empa ka morao ho ketsahalo eo, re ile ra utloa re atamelane haholo le bara le barali babo rona.” Ruri tšisinyeho eo ha ea ka ea fokolisa lerato leo Lipaki li ratanang le ho rata Jehova ka lona. Ho e-na le hoo, lerato leo le ile la tiea le ho feta.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela