Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
Ba Ile ba Kholiseha ha ba le Kathmandu
MOETSI oa litšoantšo o ile a qala ho batla ’nete ha a le Brittany, Fora, ka 1980. O ile a buisana le ba bolumeli ba Pentekonta ’me a ithuta malumeli a Bochabela—empa a se ke a khotsofala. Joale o ile a qoqa ka makhetlo a ’maloa le e mong oa Lipaki tsa Jehova empa kapele-pele a khaotsa. O ile a kopana le moetsi e mong oa litšoantšo ’me a qala ho sebetsa le ho phela le eena.
Nakoana ka mor’a sena balekane bana ba sa nyalanang ba ile ba etsa qeto ea ho etela Nepal. Ba ile ba khahloa haholo ke botle le khotso tsa naha eo empa ba ile ba nyahamisoa ke tsamaiso ea ho khethollana ka maemo sechabeng eo ho neng ho bonahala e le ho hloka toka ho motho ea tsoang Bophirimela.
Hoba ba khutlele Fora, mosali o ile a etsa tlhahiso ho motsoalle oa hae ea hore ba ithute Bibele hammoho, ’me ho ileng ha mo makatsa ke hore o ile a lumela. Ba ile ba ikopanya le Paki eo a neng a ile a ba le lipuisano le eona lilemo tse peli pejana. Qalong ba ne ba sebelisa Bibele feela, empa qetellong ba ile ba lumela ho sebelisa buka ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng ’me hamorao ba sebelisa buka U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng. Pele selemo se fela ba ile ba tlohela ho sebelisa lithethefatsi.
Ka mor’a hore ba etele Nepal hape ka likhoeli tse peli, balekane bana ba ile ba khutlela Fora moo ba ileng ba tsoela pele ho ithuta. Ba ile ba tlohela ho tsuba le ho ea libareng le ho li-nightclub ’me ba qala ho ba teng libokeng tsa Lipaki tsa Jehova. Leha ho le joalo, ha ba qeta buka Phela ka ho sa Feleng, ba ile ba etsa qeto ea ho khaotsa ho ithuta.
Ba ile ba ea Nepal hape, moo ba neng ba lula ntlong e nyenyane mosikong oa Lithaba tsa Himalaya. Ka tsatsi le leng monna e mong ea hōlileng, ea apereng sutu ’me a tlamme thae, o ile a kokota monyakong oa bona. Mosali o ne a le mong lapeng, ’me o ile a nahana hore e tšoanetse e be ke morekisi oa litšoantšo ea tl’o bona litšoantšo tsa bona. Ho ileng ha mo makatsa ke hore e ne e le Paki e neng e rometsoe ke motho ea neng a ithuta le bona Fora. Kapele-pele motsoalle oa hae o ile a khutlela hae, ’me puisano ea lihora tse peli e ile ea latela.
Matsatsi a ’maloa hamorao, balekane bao ba ile ba kopanela sebokeng sa Lipaki tsa Jehova Kathmandu ’me ba ile ba khahloa haholo ke ponahalo e hloekileng ea ba neng ba le teng. Ba ile ba hlokomela lerato la boena le thabo tse tšoanang le tseo ba ileng ba li bona libokeng Fora. Ba ile ba boela ba hlokomela bonngoe ba batho ba Nepal ba neng ba le teng, le hoja batho bana ba ne ba e-tsoa maemong a fapaneng sechabeng. Joale ba ne ba kholisehile hore e tšoanetse e be ona ke mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova.
Khoeli hamorao ba ile ba khutlela Fora ’me hang-hang ba tsoela pele ka thuto ea bona ea Bibele ’me ba kopanela libokeng. Ba ile ba nyalana, ’me ba qala ho kopanela mosebetsing oa bopaki, ’me qetellong ba ile ba kolobetsoa. Hona joale monna ke mohlanka ea sebeletsang, ’me mosali oa hae o kopanela ka mehla tšebeletsong ea bopula-maliboho bo thusang. Kannete, moea oa Jehova o tla thusa ba nang le boemo bo nepahetseng ba pelo hore ba tsoele pele ’me ba fetohe barapeli ba hae.—Tšenolo 7:15-17.
[Lebokose/’Mapa o leqepheng la 9]
NEPAL
Baahi - 17 712 221
Tlhōrō ea Bahoeletsi ka 1990 - 63
Karolelano, Mohoeletsi a le mong ho - 281 146
Karolelano ea Bahoeletsi ba Bo-pula-maliboho - 10
Palo ea Liphutheho - 1
Karolelano ea Lithuto tsa Bibele - 107
Ba Bileng Teng Sehopotsong - 220
[’Mapa]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
NEPAL
INDIA
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Sebaka sa ’maraka Kathmandu, Nepal