Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 1/11 maq. 4-5
  • Na Bolumeli bo Molato?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Bolumeli bo Molato?
  • Tsoha!—2011
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bothata ba Bolumeli
    Tsoha!—2011
  • Na Bolumeli bo Tla ke bo Khothalletse Khotso?
    Tsoha!—2011
  • Ke Hobane’ng ha u Lokela ho Thahasella Malumeli a Mang?
    Moloko oa Batho o Batla Molimo
  • Na Bolumeli Leha e le Bofe bo Lokile?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
Bala Tse Ling
Tsoha!—2011
g 1/11 maq. 4-5

Na Bolumeli bo Molato?

JONATHAN SWIFT, eo e neng e le moruti ebile e le mongoli mathoasong a lekholo la bo18 la lilemo, o ile a re: “Re na le tšusumetso ea bolumeli e lekaneng ho etsa hore re hloeane, empa ha re na e lekaneng ho etsa hore re ratane.” Batho ba bangata ba ’nile ba bolela hore ha e le hantle, tšusumetso ea bolumeli e arola batho ho e-na le ho ba kopanya. Empa hase bohle ba lumellanang le seo.

Ka mohlala, nahana ka qeto e ileng ea etsoa ke bafuputsi ba sebetsang Lefapheng le Etsang Lipatlisiso ka Khotso Univesithing ea Bradford, United Kingdom. Moifo oo o ne o romiloe ke Lekhotla la Khaso la Brithani hore o fane ka karabo e utloahalang potsong ea hore na bolumeli bo khothalletsa khotso kapa ntoa.

Tlalehong eo bafuputsi bao ba ileng ba e phatlalatsa, ba ile ba re: “Ka mor’a hore re hlahlobe litlaleho tsa histori tse ngotsoeng ke litsebi tse sa tšoaneng, re entse qeto ea hore ho bile le lintoa tse seng kae feela tseo ha e le hantle, e neng e le tsa bolumeli lilemong tse 100 tse fetileng.” Bafuputsi bao ba ile ba hlalosa hore lintoa tse ling “tseo ba mecha ea phatlalatso le ba bang ba atisang hore ke tsa bolumeli, kapa ke lintoa tse bakiloeng ke liqhoebeshano tsa bolumeli, ha e le hantle ke lintoa tsa bochaba, tseo ho loaneloang tokoloho ea sebaka se itseng kapa ho itšireletsa.”

Leha ho le joalo, ba bangata ba bolela hore baruti, ebang ke ka liketso kapa ka ho thōla, ba ’nile ba khothalletsa lintoa tse ngata le ho li tšehetsa, joalokaha mantsoe a qotsitsoeng ka tlaase mona a bontša:

● “Hoo e batlang e le hohle, ho bonahala bolumeli bo amana le pefo. . . . Lilemong tsa morao tjena, ho ile ha qhoma ntoa har’a Bakreste ba khomaretseng mekhoa ea khale United States, Mamosleme a halefileng le Bajuda, Bochabela bo Hare, Mahindu a qoaketsanang ka mantsoe le Mamosleme, Asia Boroa le malumeling a setso a loantšanang a Afrika le Indonesia. . . . Batho ba amehang liketsong tsena ba ’nile ba itšetleha ka bolumeli hore bo ba khethele lehlakore leo ba le tšehetsang lipolotiking le ho ba lumella hore ba latele likhopolo tsa ho iphetetsa.”—Terror in the Mind of God—The Global Rise of Religious Violence.

● “Ho makatsang ke hore lichabeng tseo batho ba chesehelang bolumeli, hangata ho etsoa lintho tse mpe ka ho fetisisa. . . . Ho ata ha bolumeli ho hlōlehile ho thibela tlōlo ea molao e mpe haholo. . . . Ho bonahala bopaki bo hlakile: E le hore u fumane sebaka se sireletsehileng, se hlomphehang le ‘se tsoetseng pele,’ u lokela ho qoba libaka tseo batho ba teng ba chesehelang bolumeli haholo.”—Holy Hatred.

● “Mabaptiste a tumme haholo ka ho loana ho fapana le ho bōpa khotso. . . Ha taba ea ho etsoa ha batho makhoba [Amerika] le liketsahalo tse ling li arola likereke le sechaba hamorao lekholong la bo19 la lilemo, Mabaptiste a ka Leboea le a ka Boroa a ile a tšehetsa ntoa eo e le ea ho loka ’me a nka hore Molimo o tšehetsa mahlakore a ’ona ka bobeli. Mabaptiste a ile a boela a amahanngoa le ho tšehetsa ntoa khahlanong le Engelane (ka 1812), Mexico (ka 1845) le Spain (ka 1898) ’me a lokafatsa ntoa khahlanong le Mexico le Spain ka ‘mabaka a hore a tlisetsa lichaba tse hateletsoeng tokoloho ea bolumeli le ho theha libaka tse ncha tsa ho etsa mosebetsi oa boromuoa.’ Hase hakaalo hore Mabaptiste a ne a rata ntoa, empa hangata ha ho ne ho loanoa, a ne a tšehetsa ntoa a bile a kenella ho eona.”—Review and Expositor—A Baptist Theological Journal.

● “Ho theosa le lilemo, bo-rahistori ba ’nile ba fumana mabaka a susumelletsang batho ba bolumeli ho loana, hoo e batlang e le litsong le lichabeng tsohle, ’me hangata ba le ka mahlakoreng a mabeli a loantšanang. Mohoo oa khale oa hore ‘melimo e ka lehlakoreng la rōna’ ke e ’ngoe ea lintho tse matla ka ho fetisisa tse susumelletsang batho ho loana.”—The Age of Wars of Religion, 1000-1650—An Encyclopedia of Global Warfare and Civilization.

● “Baeta-pele ba bolumeli . . . ba lokela ho nahana ka hloko haholoanyane ka ho hlōleha ha bona ho ba baeta-pele ba ’makhonthe le ho pakela melao-motheo e ka sehloohong ea litumelo tsa bona tse fapaneng. . . . Ke ’nete hore malumeli ’ohle a batla ho finyella khotso, empa hoa belaetsa hore na bolumeli bo kile ba phethahatsa karolo eo kapa che.”—Violence in God’s Name—Religion in an Age of Conflict.

Ho theosa le histori, baruti ba malumeli ’ohle a ka sehloohong a Bokreste-’mōtoana (Bok’hatholike, Boorthodox le Boprostanta) ba ’nile ba romela baprista le baruti ba sesole ho ea matlafatsa masole le ho rapella a shoeleng le a shoang—mahlakoreng ka bobeli a loantšanang. Ka hore ebe ba tšehelitse ntoa joalo, ba lumeletse hore ho be le tšollo ea mali ’me ba hlohonolofalitse mabotho ’ohle a sesole.

Batho ba bang ba ntse ba ka ’na ba re bolumeli ha boa lokela ho behoa molato ka hore bo baka lintoa. Empa potso ke hore, Na bolumeli bo atlehile boitekong leha e le bofe ba ho kopanya moloko oa batho?

[Lebokose le leqepheng la 5]

“Reverente Dr.Charles A. Eaton, moruti oa Kereke ea Baptiste e Madison Avenue, maobane o phatlalalitse a le sefalaneng hore ntlo ea parishe ea kereke e tlil’o fetoloa setsi seo ho ngolisoang banna ba batlang ho kena sesoleng kapa sesoleng sa metsing.

“E ne e le e mong oa baruti ba bangata motseng ona ea neng a ruta ka ntoa litšebeletsong tsa hoseng tse tšoaroang ka Sontaha se seng le se seng, ’me o ne a phehella banna le basali ho bontša hore ba tšepahalla sechaba le demokrasi ka hore ba ithaopele ho thusa ntoeng ha monyetla oa pele o hlaha. Likerekeng tse ngata ho ne ho khabisitsoe ka lifolakha.”—“The New York Times,” ea la 16 April, 1917.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela