Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 1/11 leq. 3
  • Na Bolumeli bo Khothalletsa Khotso?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Bolumeli bo Khothalletsa Khotso?
  • Tsoha!—2011
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Histori e Tletseng Pefo
  • Ho Loanela Sebaka se “Halalelang”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Na Bolumeli bo Khotsofalitse Litlhoko tsa Rōna?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lebaka Leo ka Lona Bolumeli ba Lefatše bo Tla Fela
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Na Bolumeli bo Molato?
    Tsoha!—2011
Bala Tse Ling
Tsoha!—2011
g 1/11 leq. 3

Na Bolumeli bo Khothalletsa Khotso?

KEREKE eo ba bang ba e thoholetsang ka ho re ke e halalelang ka ho fetisisa malumeling a ipolelang hore ke a Bokreste, e leng Kereke ea Lebitla le Halalelang, e Jerusalema, e boetse e fetohile letšoao la liqabang le lintoa tsa bolumeli. Ho latela neano, kereke e re sebaka seo “ke hona moo ho nahanoang hore Kreste o ile a patoa teng a ba a tsohela teng.” Leha ho le joalo, sebaka sena se hlomphuoang se boetse se fetohile lepatlelo la likhohlano tse ngata tse mabifi. Baitlami le baprista ba likereke tse tšeletseng tsa “Bokreste” ba ’nile ba loantšana ba tseka hore na ke kereke efe e nang le tokelo ea ho sebelisa sebaka seo. Lilemong tsa morao tjena, bora bo pakeng tsa tsona bo iphile matla. Mapolesa a hlometseng ka lithunya a qhalang merusu a ’nile a tlameha ho kenella ’me a laole sebaka seo ka nakoana.

Histori e Tletseng Pefo

Kereke ea Lebitla le Halalelang e na le histori ea nako e telele ea tšollo ea mali le lipolao tse amanang le ho chesehela bolumeli. Ha e bua ka liketsahalo tsa morao tjena tse etsahetseng likarolong tse sa tšoaneng tsa lefatše, buka e bitsoang Violence in God’s Name e re: “Ho tloha Indonesia ho ea Ireland Leboea, ho tloha Bochabela bo Hare ho ea Kashmir, ho tloha India ho ea Nigeria, ho tloha Linaheng Tsa Balkan ho ea Sri Lanka, Bakreste, Mabuddha, Bajuda, Mahindu, Mamosleme le Masikhe a lokafatsa taba ea ho ba mabifi ka ho re a sireletsa bolumeli ba ’ona le lithahasello tsa ’ona.”

Leha ho le joalo, malumeli a mangata a lumela hore khotso le kutloano ke mokokotlo oa tumelo ea ’ona. Ho theosa le lilemo, bolumeli bo ’nile ba khothalletsa ka matla melao-motheo e khabane, e kang ho rata moahelani le ho nka hore bophelo boa halalela. Na joale bolumeli ha boa lokela ho sebelisa tšusumetso ea bona e matla hore bo khothalletse khotso? Barapeli ba ratang ’nete ba lokela ho hlahlobisisa potso ena.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela