Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 11/15 maq. 2-4
  • Na Bolumeli bo Khotsofalitse Litlhoko tsa Rōna?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Bolumeli bo Khotsofalitse Litlhoko tsa Rōna?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Bolumeli Leha e le Bofe bo Lokile?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Bolumeli Ba Bohata Bo Haufi Le Ho Fela!
    Bolumeli ba Bohata bo Haufi le ho Fela!
  • Ke Hobane’ng ha u Lokela ho Thahasella Malumeli a Mang?
    Moloko oa Batho o Batla Molimo
  • Ho Hlahlobisisa Bolumeli
    Tsoha!—1989
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 11/15 maq. 2-4

Na Bolumeli bo Khotsofalitse Litlhoko tsa Rōna?

MARIA ebile moitlami oa Roma e K’hatholike ka lilemo tse 21. O hōletse tikolohong ea bolumeli. Ho tloha bongoaneng ba hae, o ne a tsoha bosiu ho rapella ba bang! Leha ho le joalo, qetellong, bofuma, mahlomola, le ho hloka toka tse neng li tsoela pele ho sa tsotellehe tšusumetso ea bolumeli ka lilemo tse likete-kete tsa etsa hore a ipotse: ‘Na ka sebele bolumeli bo khotsofalitse litlhoko tsa rōna?’

Malumeli a mangata a buella melao e phahameng le metheo ea boitšoaro. Empa hangata bolumeli bo talingoa e le sesosa sa mathata, bo eketsa mathata a rōna, ho e-na le ho khotsofatsa litlhoko tsa rōna. Ka mohlala, nahana ka litlhaloso tsena tsa bashebelli ba boemo ba bolumeli: “Lebaka le leholo la bobatana bo sehlōhō ba batho ke bolumeli.” (National Review) “Tšusumetso e ka sehloohong ea ntoa ha e sa le meharo empa ke bolumeli.” (Toronto Star) “Ho chesoa ha batho liontong Jeremane ‘ho ne ho etsoa ke Bakreste ba kolobelitsoeng.’”—The Tampa Tribune.

Na hoa makatsa ha batho ba sa lumele lipolelo tsa bolumeli tsa hore ke mokhotsofatsi oa litlhoko tsa rōna? Ba bone litholoana tsa bona. Ka mohlala, “ke Boshinto, bolumeli ba Majapane, bo sa kang ba tšehetsa feela ka pelo eohle lihlomo tsa ntoa empa hape bo thusitse ho theoeng ha tsona,” ho boletse The Christian Century. Ke malumeli a makae a entseng joalo—‘a tšehelitseng ka pelo eohle lihlomo tsa ntoa’! Nahana ka ho bolaoa ho sehlōhō ha batho la rita le liphutuhelano tse susumelitsoeng ke Mabuddha le Mahindu Sri Lanka, lipolao le mahloriso a sehlōhō tse neng li etsoa ke Mak’hatholike le Maprostestanta Ireland—e, letoto le bonahala le sa fele! “Mahindu, Mamoseleme, Masikh le mekha e meng ea bolumeli e ’nile ea bolaeana ka makholo-kholo a lilemo India,” ho boletse U.S.News & World Report.

Mohlomong ba bang ha ba nke bolumeli e le tšusumetso e mpe, empa ke ’nete hore ha ba bo talime e le tšusumetso e matla ea ho loka. National Catholic Reporter e buile ka “ho hlōleha ha kereke ho natsa lintho tseo batho ba li batlang le tseo ba li hlokang.” ’Me koranta Liberty e boletse hore ho bonahala batho ba se ba talima moruti e le “mohlohonolofatsi oa mohalaleli ea se nang sekoli” ea tsoelang ka ntle feela ka linako tsa tšebeletso. E ekelitse: “Likelellong tsa batho ba bangata ke mosebeletsi oa maemo a phahameng.” Na u kile ua talima bolumeli leseling leo—e le bo ke keng ba re ntša kotsi empa e le bo ke keng ba re etsetsa molemo o moholo?

Kajeno bolumeli bo tšoana hantle le nakong ea ha Jesu Kreste a le lefatšeng. O boletse hore baetapele ba bolumeli ba mehleng ea hae ba ne ba hlompha Molimo ka melomo ea bona feela. Phello ea liketso tsa bona e ne e le ho imetsa batho ho e-na le ho khotsofatsa litlhoko tsa bona. O itse, “Ba bofa liphahlo tse boima, tse imelang, ’me ba li jarisa batho mahetleng.” (Mattheu 23:4) Kajeno, bolumeli bo tšepisa lintho tse ngata empa bo fana ka ho honyenyane. Kahoo na ho na le lebaka la ho lumela hore bolumeli bo ka khotsofatsa litlhoko tsa rōna?

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 2]

Lifoto, maqepheng 30, 31: Sebaka sa Polokelo (Near Eastern History) Est.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela