Mohatlana oa Baktheria
Na o Entsoe?
● Esita le ha o shejoa ka mochine o matla ka ho fetisisa o hōlisang ponahalo ea lintho, o ntse o bonahala o le monyenyane haholo ebile e se oa bohlokoa hakaalo. O ’nile oa tšoantšoa le enjene e nyenyane ea seketsoana. Mohatlana oa baktheria ke eng?
Ho na le likokoanyana tse nyenyane haholo tse nang le mehatlana ena ka mefuta e sa tšoaneng, empa ho ka etsahala hore ebe oa baktheria (oo ka Selatine o bitsoang “whip”) ke oona o hlahlobiloeng ka ho fetisisa. Mohatlana ona o leboteng la sele ea baktheria oa potoloha, e leng se nolofaletsang kokoanyana ena e nyenyane haholo hore e ee pele, e eme, e cheche le ho thinya. Ho hakanngoa hore hoo e ka bang halofo ea libaktheria tsohle tse tsejoang li na le mehatlana ea mefuta e sa tšoaneng.
DNA ea baktheria e na le litaelo tsa hore na mehatlana ena e sebetse joang. Mehatlaneng ena ho na le liprotheine tse ka bang 40, tse ka bapisoang le likarolo tsa enjene. Ho hlollang ke hore ho nka metsotso e 20 feela hore li ikopanye!
Buka e bitsoang The Evolution Controversy e re: “Mohatlana oa baktheria o khona ho bilika ka makhetlo a 6 000 ho isa ho a 17 000 ka motsotso. Ho hlollang le ho feta ke hore e khona ho thinya ka potlako, e ntan’o bilika ka makhetlo a 17 000 ka motsotso.” Makasine ea New Scientist e re mohatlana oa baktheria ke “mohlala o motle oa tšebetso e rarahaneng ea molek’hule, e leng mochine o monyenyane haholo empa o rarahane hoo ho seng moenjiniere ea ka tsebang ho o etsa.”
Bo-rasaense ba makatsoa ke taba ea hore mohatlana o monyenyane oa baktheria o ikopanya hantle ka tatellano ea likarolo tsohle tse 40 tse hlokahalang e le hore li lule hantle li be li sebetse hantle.
U nahana’ng ka see? Na mohatlana oa baktheria o bile teng ka tšohanyetso, kapa na o entsoe?
[Setšoantšo se Qanollang/Setšoantšo se leqepheng la 24]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Karolo e bilikang
Karolo e thibelang ho hohlana
Karolo e hokelang
Karolo e tsamaisang baktheria
Mehatlana ea baktheria
[Setšoantšo]
Setšoantšo se hōlisitsoeng sa baktheria
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
Bacterium inset: © Scientifica/Visuals Unlimited, Inc.; flagellum diagram: Art source courtesy of www.arn.org