Ho Amohela Hore o Hlokahetse
“Ha ke utloa hore Ntate o hlokahetse, ke ile ka tšoha ’me ka ikutloa ke nyahame. Ke ile ka sithabetsoa ke boikutlo ba ho ba molato hobane ke ne ke se pel’a hae ha a hlokahala. Ha ho ntho e utloisang bohloko joaloka ho shoeloa ke motho eo u mo ratang. Ke hlolohetsoe Ntate haholo!”—Sara.
BATHO ba bangata ba thatafalloa ho bua ka lefu, ho sa tsotellehe hore na ke ba setso sefe kapa ba bolumeli bofe. Batho ba buang lipuo tse ling ba sebelisa mantsoe a mangata a bebofatsang bohloko ba ho shoeloa. Ka Sesotho, ho e-na le ho re motho o “shoele,” batho ba bang ba re “o fetile,” “o re siile,” kapa “ha a sa phela.”
Leha ho le joalo, esita le mantsoe a bonolo ka ho fetisisa ha a kokobetse hakaalo bohloko bo tebileng boo batho ba shoetsoeng ke eo ba mo ratang ba atisang ho bo utloa. Ba bang ba sareloa hoo ba sitoang ho amohela hore se etsahetseng se fela se etsahetse.
Haeba u hlokahaletsoe ke motho eo u mo ratang, le uena u ka ’na ua thatafalloa ho amohela hore o fela a hlokahetse. Mohlomong ebile u etsa eka lintho li tsamaea hantle, empa u tseba hore ha ho joalo. Ke ’nete hore batho ba sareloa ka litsela tse sa tšoaneng, kahoo haeba u sa bontše hore u saretsoe, seo ha se bolele hore u hateletse maikutlo a hao.a Leha ho le joalo, ho ka hlaha mathata haeba u nka hore u tlamehile ho itiisa ha u e-na le batho ba bang—mohlomong litho tse ling tsa lelapa tseo le tsona li saretsoeng.
‘Ha ke na Nako ea ho Sareloa’
Nahana ka se etsahaletseng mohlankana e mong ea bitsoang Nathaniel, ea neng a le lilemo li 24 ha ’mè oa hae a hlokahala. O re: “Qalong, ke ne ke eme hlooho. Ke ne ke nahana hore ke tlameha ho tšelisa Ntate le metsoalle e mengata ea ’Mè e neng e tsielehile. Ke ne ke se na nako ea ho sareloa.”
Ka mor’a selemo, Nathaniel o ile a hlokomela hore o ntse a e-s’o amohele lefu la ’mè oa hae. O re: “Ka linako tse ling, Ntate o ntse a mphounela ha a batla ho ntša bohloko ’me eo ke ntho e ntle. Ho hlokahala hore a bue ka taba eo, ’me ke ikemiselitse ho mo thusa. Ke feela hore ha ’na ke hloka thuso, ha ke tsebe hore na ke ee ho mang.”
Batho ba fanang ka tlhokomelo—ho akarelletsa basebetsi ba tsa bongaka, bao hangata ba tlamehang ho bona ha batho ba shoa—ba ka ’na ba nka hore ba tlamehile ho hatella maikutlo a bona. Nahana ka Heloisa, eo e bileng ngaka ka lilemo tse fetang 20. O ne a sebetsa tikolohong eo batho ba teng ba momahaneng ’me o ne a tloaetse bakuli ba hae. O re: “Ba bangata ba bona ba shoetse liatleng tsa ka, ’me ba bang ba bona e ne e le metsoalle ea ka eo ke e ratang.”
Heloisa o ile a hlokomela hore ho lla ke tsela ea tlhaho eo batho ba kokobetsang bohloko ka eona. O re: “Empa ho ne ho le thata hore ke lle. Ke ne ke amehile ka ho itiisa molemong oa ba bang hoo ke neng ke nka hore ke tlameha ho hatella maikutlo. Ke ne ke lumela hore ke seo ba bang ba lebeletseng hore ke se etse.”
“Lapeng ho ne ho le Bolutu ha a le Sieo”
E ka ’na eaba ho jeoa ke bolutu ke bo bong ba mathata a maholo ka ho fetisisa ao batho ba shoetsoeng ke eo ba mo ratang ba tobanang le ’ona. Ka mohlala, Ashley o ne a le lilemo li 19 ha ’mè oa hae a bolaoa ke kankere. O re: “Ka mor’a moo, ke ile ka ikutloa ke lahlehile ka ho feletseng ke bile ke hlorile. ’Mè e ne e le motsoalle oa ka oa hlooho ea khomo. Re ne re qeta nako e ngata re le ’moho!”
Ka ho utloahalang, Ashley o ne a thatafalloa ho ea lapeng letsatsi ka leng ’me a fumana hore ’mè oa hae ha a eo. O re: “Lapeng ho ne ho le bolutu ha a le sieo. Ke ne ke atisa ho ikela ka kamoreng ebe kea lla ha ke ntse ke sheba linepe tsa hae ’me ke nahana ka lintho tseo re neng re tloaetse ho li etsa hammoho.”
Ebang u hlokahaletsoe ke setho sa lelapa kapa motsoalle eo u mo ratang, kholiseha hore ha u mong boemong bona. Ba bangata ba ’nile ba fumana tsela ea ho sebetsana le boemo bona, joalokaha re tla bona.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Kaha batho ba sareloa ka litsela tse sa tšoaneng, e ke ke ea e-ba ho loketseng hore ba bang ba fihlele liqeto tse itseng ka batho ba sa bonahatseng maikutlo a bona ka mor’a hore ba shoeloe ke eo ba mo ratang.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]
“Ke ile ka ikutloa ke lahlehile ka ho feletseng ke bile ke hlorile. ’Mè e ne e le motsoalle oa ka oa hlooho ea khomo”—Ashley