Bacha Baa Botsa
Nka Fumana Metsoalle e Ntoketseng Hokae?
“Ke lilemo li 21. Ha ho na batho ba bangata bao e leng lithaka tsa ka mona, kahoo ke tlameha ho qeta nako ke e-na le bana ba sekolo kapa banyalani. Bana ba sekolo ba tšoenyeha ka litlhahlobo ha banyalani bona ba tšoenyeha ka likoloto tsa matlo. Ha ho le e ’ngoe ea lintho tsena e ntšoenyang. Ke lakatsa eka nka fumana metsoalle e ntoketseng!”—Carmen.a
HOO e batlang e le motho e mong le e mong, ho sa tsotellehe hore na o lilemo li kae, o batla ho amoheloa ke batho ba bang. Ha ho pelaelo hore le uena u ikutloa ka tsela e tšoanang. Ke ka lebaka leo ho utloisang bohloko haholo ha u khetholloa u bile u hlokomolohuoa, joalokaha eka u palo feela—“ekare ha u eo,” e leng kamoo Michaela ea lilemo li 15 a itlhalosang kateng.
Ke ’nete hore haeba u Mokreste, u na le “mokhatlo oohle oa barab’abo rōna” oo u ka tloaelanang le oona. (1 Petrose 2:17) Leha ho le joalo, ka linako tse ling u ka ’na ua ikutloa eka u mokhelo. Helena ea lilemo li 20 o re: “Ha re tsoa libokeng tsa Bokreste, ke ne ke lula setulong se ka morao ka koloing ’me ke lle. Kaha ke ne ke thatafalloa ho fumana metsoalle e ntoketseng, ke ne ke ikutloa ke soetsehile.”
U ka etsa’ng haeba u nka hore u mokhelo? Ho araba potso eo, a re qale ka ho bona (1) hore na ke batho bafe bao ho leng thata hore u ba tloaele le hore na (2) u atisa ho itšoara joang ha u e-na le bona.
Tšoaea ✔ bathong bao u sa khoneng ho ba tloaela.
1. Lilemo
□ lithaka □ bacha ba u fetang ka lilemo □ batho ba baholo
2. Seo ba se etsang
□ Batho ba
□ ipabolang lipapaling □ ba nang le tsebo □ ba bohlale
3. Botho
□ Batho ba
□ itšepang □ ba tummeng □ ba ikentseng sehlotšoana
Joale tšoaea ✔ polelong e hlalosang tsela eo u tloaetseng ho itšoara ka eona ha u e-na le batho bao u ba khethileng ka holimo.
□ Ke etsa eka ke thahasella lintho tse tšoanang kapa ke na le bokhoni bo tšoanang le ba bona.
□ Ke hlokomoloha lintho tseo ba li thahasellang ebe ke bua ka tseo ke li thahasellang.
□ Kea ithōlela ebe ke batla monyetla oa pele oa hore ke tsamaee.
Kaha joale u se u hlokometse hore na ke batho bafe bao u thatafalloang ho tloaelana le bona le kamoo u ’nileng ua itšoara kateng ha u e-na le bona, re se re ka hlahloba kamoo u ka ntlafatsang boemo boo kateng. Leha ho le joalo, ho na le mathata a seng makae a sitisang motho ho atleha ao u lokelang ho a ela hloko le ho a qoba.
BOTHATA BA 1: Ho Itšehla Thajana
Se ka u sitisang. Ha u e-na le batho ba thahasellang lintho tseo u sa li thahaselleng kapa ba nang le bokhoni bo sa tšoaneng le ba hao, ho bonolo hore u ikutloe eka u mokhelo—haholo-holo haeba u motho ea lihlong. Anita ea lilemo li 18 o re: “Ha ke rate ho qalisa moqoqo. Ke tšaba hore ke tla bua ntho e itseng e fosahetseng.”
Seo Bibele e se rutang. “Ea itšehlang thajana o tla batla tabatabelo ea hae ea boithati; o tla phasoloha khahlanong le bohlale bohle bo sebetsang.” (Liproverbia 18:1) Ho hlakile hore ho itšehla thajana ho tla mpefatsa lintho le ho feta. Ha e le hantle, ha u itšehla thajana u ipakela mathata a mangata: U qetoa ke bolutu ’me seo se u kholisa hore ha ho motho eo u ka mo tloaelang, e leng se etsang hore u ikhule ho batho ba bang, ebe hoo ho u bolaisa bolutu, e leng se u kholisang hore ha ho motho eo u ka mo tloaelang. Kahoo u tla lula u tapa-tapa nģa e le ’ngoe ho fihlela u etsa ho hong ka boemo boo!
“Batho ha ba khone ho bona seo ba bang ba se nahanang. Ha u sa ba bolelle seo u se batlang, u ke ke ua se fumana. Haeba u sa buise ba bang, u ke ke ua ba le metsoalle. U lokela ho etsa boiteko bo itseng. Ha ua lokela ho nahana hore boo ke boikarabelo ba motho e mong. Botsoalle ke ’nehe ke u nehe.”—Melinda ea lilemo li 19.
BOTHATA BA 2: Ho Tsieleha
Se ka u sitisang. Batho ba bang ba batla metsoalle ka mahlo a matšo hoo ba qetellang ba entse setsoalle le batho ba fosahetseng—ba nahana hore ho ba le metsoalle leha e le efe ho molemo ho feta ho se be le eona. René ea lilemo li 15 o re: “Ke ne ke hlonamela hore ebe ha ke sehlopheng sa bana ba tummeng hoo ke neng ke bile ke lakatsa eka nka kena khathatsong e itseng, e le hore feela ba nkamohele.”
Seo Bibele e se rutang. “Ea bang le litšebelisano le ba hlokang kelello lintho li tla mo tsamaela hampe”—kapa joalokaha Contemporary English Version e bolela, “ua itematsa ha u tsamaea le maoatla.” (Liproverbia 13:20) Ela hloko hore “ba hlokang kelello” kapa “maoatla” ao ho buuoang ka ’ona temaneng ena hase batho ba bothoto. Ho e-na le hoo, ho ka etsahala hore ebe ke liithuti tse pasang hantle. Empa haeba ba sa hlomphe melao ea Bibele, ke maoatla mahlong a Molimo. U tla itematsa ha u iketsa lempetje, u feto-fetola mebala e le hore feela u tšoane le bona.—1 Bakorinthe 15:33.
“Hase batho bohle bao e leng metsoalle e molemo. Ha u batle metsoalle e etsang hore u ikutloe eka u tlameha ho fetola seo u leng sona ha u e-na le eona. U batla metsoalle e u ratang e le kannete le e tla u tšehetsa.”—Paula ea lilemo li 21.
Nka Bohato ba Pele
U se ke ua emela hore ba bang ba tle ho uena ho u kōpa hore u be motsoalle oa bona. Gene ea lilemo li 21 o re: “Ha rea lokela ho lebella hore batho ba tle ho rōna nako ena kaofela. Re lokela ho atamela batho ba bang.” Litlhahiso tsena tse peli tse latelang li tla u thusa ho etsa seo:
U se ke ua sheba lithaka tsa hao feela. Ho bonahala eka Jonathane le Davida bao ho buuoang ka bona ka Bibeleng, ba ne ba sieana ka lilemo tse 30 empa leha ho le joalo e ne e le “metsoalle ea hlooho ea khomo.”b (1 Samuele 18:1, CEV) U ithuta’ng ho see? U ka khona ho tloaelana le batho ba baholo! Nahana ka sena, Ke hobane’ng ha u ka batla metsoalle lithakeng tsa hao feela ebe ka mor’a moo u tletleba ka hore ha u fumane metsoalle? Ho etsa joalo ho ka tšoana le ho ipolaisa tlala sehlekehlekeng se se nang baahi, empa u pota-potiloe ke litlhapi! ’Nete ke hore ho na le batho ba molemo bao u ka tloaelanang le bona. ’Me tsela e ’ngoe eo u ka ba fumanang ka eona, ke ka hore u shebe batho bao e seng lithaka tsa hao.
“’Mè o ile a nkhothalletsa hore ke leke ho qoqa le batho ba baholo ka phuthehong. O ile a re ke tla makatsoa ke kamoo re thahasellang lintho tse tšoanang kateng. O ne a nepile, ’me hona joale ke na le metsoalle e mengata!”—Helena ea lilemo li 20.
Ithute mekhoa e metle ea ho qoqa. U lokela ho etsa boiteko e le hore u ntšetse moqoqo pele—haholo-holo haeba u motho ea lihlong. U ka khona ho etsa seo. Ho hlokahala hore (1) u mamele, (2) u botse lipotso, ’me (3) u bontše hore u tsotella ba bang e le kannete.
“Ke leka ho mamela ba bang ho e-na le ho bua. ’Me ha ke bua, ke leka hore ke se ke ka bua ka ’na kapa ka bua ba bang hampe.”—Serena ea lilemo li 18.
“Haeba motho a batla ho bua ka taba e itseng eo ke sa e tsebeng hantle, ke mo kōpa hore a ntlhalosetse eona ’me ke tšepa hore seo se tla etsa hore a bue le ’na haleletsana.”—Jared ea lilemo li 21.
Mohlomong u motho ea thōtseng ka tlhaho, ’me ha ho letho le phoso ka seo. Ha ho hlokahale hore u be motho ea buang haholo! Empa haeba u nka hore ha u khone ho tloaelana le batho ba bang, leka ho sebelisa litlhahiso tse fanoeng sehloohong sena. U ka ’na u ikutloa joaloka Leah. O re: “Ke motho ea lihlong, kahoo ke tlameha ho iqobella ho bua. Empa e le hore u be le metsoalle, u lokela ho ba botsoalle. Kahoo ke qalile ho bua le batho ba bang.”
Lihlooho tse ling tsa “Bacha Baa Botsa” li ka fumanoa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org/ype
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a fetotsoe sehloohong sena.
b Ho ka etsahala hore ebe Davida o ne a e-na le lilemo tse ka tlaase ho 20 ha e e-ba motsoalle oa Jonathane.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 19]
SEO BACHA BA BANG BA SE BUANG
“Ke leka hore ha ke le libokeng tsa Bokreste, ke buisane le bonyane motho a le mong eo ke e-s’o ka ke buisana le eena. Ke hlokometse hore batho ba ka qalisa setsoalle ka ho lumelisana feela!”
“Ho ne ho le bonolo ho phutha matsoho feela ebe ke re batho ba bang ha ba nthate ’me ha ho kamoo nka ba tloaelang kateng. Ke ile ka leka ka matla ho fetola seo. Ho ithaopela ho nka bohato ba pele ho oa putsa ebile ho thusa motho hore a ntlafatse botho ba hae.”
“Ke ile ka itloaetsa butle-butle ho qoqa le batho ba baholo. Qalong ke ne ke sa phutholoha! Empa seo se ile sa ntsoela molemo, kaha ke qalile ho ba le metsoalle ea ’makhonthe le e ntšehetsang kamehla, ke sa le monyenyane.”
[Litšoantšo]
Lauren
Reyon
Carissa
[Setšoantšo se Qanollang se leqepheng la 20]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
KE HOBANE’NG HA U SA BOTSE BATSOALI?
Na le ne le thatafalloa ho fumana metsoalle ha le le lilemong tsa ka? Ke batho bafe bao le neng le thatafalloa ho ba tloaela? Le ile la sebetsana joang le boemo boo?
․․․․․
[Setšoantšo se Qanollang se leqepheng la 20]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
MATHATA A BAKOANG KE HO JEOA KE BOLUTU
Ke JEOA KE BOLUTU,
e leng se etsang
hore ke ikutloe . . . ↓
. . . eka ke MOKHELO,
’me seo se etsa
↑ hore ke . . .
. . . ITŠEHLE THAJANA, ←
e leng se etsang
ke ikutloe . . .