Bacha Baa Botsa . . .
Ke Hobane’ng ha Lithaka tsa ka li sa Nkamohele?
“E ne e le tšitiso e khōlō ka ho fetisisa eo nkileng ka tobana le eona.”—Craig.
“Ke ne ke jeoa ke bolutu haholo.”—Jessica.
“Ke ile ka ikutloa ke ferekane haholo.”—Chris.
“Ho ile ha nkhalefisa le ho nkhopisa. Ke ile ka lla haholo.”—Sommar.
“Ke ile ka sala ke ferekane ’me ke hlile ke utloile bohloko.”—Erin.
NA MANTSOE ana a hlalosa ketsahalo e itseng ea koluoa? Che, batho bana ba ne ba bua ka bohloko boo ba ileng ba bo utloa hobane ha ba le bacha, ha baa ka ba amoheleha lithakeng tsa bona. ’Me haeba u kile ua khetholloa ke sehlopha sa lithaka kapa oa hlokomolohuoa ke bacha bao u neng u batla hore e be metsoalle ea hao, u tseba kamoo phihlelo e joalo e leng bohloko ka teng.
Ho hlakile hore ho batla ho amoheloa ke lithaka tsa hao ke boikutlo ba tlhaho. Bo-rasaense ba likamano tsa sechaba ba hlalosa batho e le ba ratang sehlopha sa lithaka; re na le tšekamelo ea tlhaho ea ho iketsa lihlopha. Tšusumetso ena ke e matla haholo-holo ha u sa le mocha. Micalah ea lilemo li 14 o itse: “Re ikutloa re sireletsehile ’me re amoheleha ha re le har’a batho ba nang le lithahasello tse tšoanang le tsa rōna.” Lithahasello tse joalo tse tšoanang li ka ’na tsa akarelletsa ho thabela papali e tšoanang, lijo, mesebetsi ea sekolo, liaparo kapa ’mino. Mohlomong e ka ’na ea e-ba mosebetsi oa boikhathollo kapa khetho ea boithabiso e bolokang sehlopha sa metsoalle hammoho.
Mathata aa hlaha haeba maqhama a sehlopha a sebelisoa e le mabaka a sa utloahaleng a ho khetholla bacha ba bang. Brendan oa hopola: “Haeba u ne u sa roala lieta tse loketseng tsa tenese, u ne u ke ke ua amoheleha. U ne u se karolo ea kenke.” Le hoja hona ho ka bonahala e le booatla, ha motho e mong le e mong a amoheleha empa uena u sa amohelehe, ho hlile ho ka utloisa bohloko.
Nako eo u sa Lokelang ho Batla ho Amoheloa ke Lithaka
Leha ho le joalo, ak’u ipotse, ‘Na ke hlile ke batla ho amoheleha sehlopheng sena sa lithaka?’ Esita le mehleng ea Bibele, hangata bacha ba litlokotsebe ba ne ba leka ho kenya bacha ba bang sehlopheng sa bona sa metsoalle. Ba ne ba qeka ba bang ka mantsoe a reng: “Tloo le rōna . . . u ikopanye le rōna.” Empa Bibele e ile ea lemosa: “Mor’a ka, u se ke ua ea ka tsela ea bona, u fapose leoto la hao ’mileng oa bona. Hobane maoto a bona a mathela bobeng.”—Liproverbia 1:11-16.
Ka ho tšoanang le kajeno, u ka ’na ua ba tekong ea hore u leke ho tloaelana le sehlopha sa bacha se tsebahalang. Empa ke bacha ba mofuta ofe ba leng ho sona? Mohlomong ke ba ratang boithabiso, empa na ba tšaba Molimo? Na ho tloaelana le bona ho tla matlafatsa kamano ea hao le Molimo kapa ho tla e senya? 1 Ba-Korinthe 15:33 e ea lemosa: “Litloaelano tse mpe li bolisa mekhoa e metle.”
Hape, ipotse hore na ho amoheleha ho tla u hloka eng. Mocha ea bitsoang Grace o re: ‘Ho na le khatello e khōlō ea ho sekisetsa. Ha ke ne ke sa le monyenyane, ke ne ke etsa lintho tse kang ho rohakana hobane metsoalle ea ka e ne e nkhothalletsa ho etsa joalo. E ne e hlile e le boikutlo ba ho se batle ho ba mokhelo.’ Mongoli Mary Susan Miller o bolela ka mocha e mong ea ileng a sekisetsa hore a amohelehe sehlopheng sa lithaka. Ka boomo o ile a etsa hore matšoao a lithuto tsa hae sekolong a theohe “e le hore a se bonahale a le bohlale ho feta lithaka tsa hae tsa sekolo tseo a neng a batla ho ba motsoalle oa tsona.”—Childstress!
Ho hlakile hore ha ho letho le phoso ka ho etsa boiteko bo utloahalang ba ho bontša botsoalle ho batho ba bang. (Bapisa le 1 Ba-Korinthe 9:19-23.) Empa haeba ho amoheleha sehlopheng sa lithaka ho bolela ho tsuba, ho sebelisa lithethefatsi kapa ho noa joala, ho sebelisa puo e litšila, ho qaboloa ke mesoaso e litšila, ho kopanela likamanong tsa botona le botšehali kapa linthong tse ling tse joalo, ho hlile ho fosahetse! Boo ke boemo bo fetelletseng! ’Me hase bohlale ho lumella bacha ba bang hore ba u bolelle ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u lokelang ho e etsa mabapi le moaparo oa hao, puo, kapa boitlhopho.
Ntle ho moo, Bakreste ba laeloa hore ba se ke ba batla ho amoheleha ho batho ba ikarotseng ho Molimo. Jesu o buile tjena ka barutuoa ba hae: “Lefatše le ba hloile, kahobane e se ba lefatše, joalokaha le ’na ke se oa lefatše.” (Johanne 17:14) Na ho fumana kamohelo ea Molimo ha se ho molemo ho feta ho amoheloa ke lithaka tse sa sebeletseng Molimo?—Bapisa le Jakobo 4:4.
Ho Amoheleha Sehlopheng sa Lithaka tsa Bakreste-’moho
Empa ho thoe’ng haeba u boetse u na le bothata ba ho amoheleha sehlopheng sa lithaka sa Bakreste-’moho—bacha ba nang le tumelo le maikutlo a tšoanang le a hao? Mohlomong ho na le mabaka a utloahalang.
Ka mohlala, mohlomong u motho e mocha sebakeng se itseng, ’me mohlomong bacha ba sebaka seo ba lihlong kapa ba seli ho batho bao ba sa ba tsebeng. Ha batho ba bang ba qala ho u tloaela, mohlomong lintho li tla fetoha. Jessica o bile le phihlelo ena ha lelapa la habo le ne le fallela phuthehong e ncha ea Lipaki tsa Jehova. Oa hopola: “E mong le e mong o ne a na le botsoalle ’me a le mosa ho ’na, empa ho ile ha nkuka hoo e ka bang selemo pele ke ikutloa ke le karolo ea sehlopha. Ha ke talima morao, ke ile ka elelloa hore ho hlaolela botsoalle ho hloka nako.” Jessica o phaella ka hore ho kopanela le ba bang mosebetsing oa ho bolela phatlalatsa phuthehong ea habo e ncha e bile thuso e khōlō e entseng hore a ikutloe e le karolo ea sehlopha.
Stephen o bontša ntlha e ’ngoe ea ho etsa setsoalle. O re: “Ke bile mokhelo ka lilemo tse ngata hobane ke ne ke le lihlong. Empa ke ile ka hlokomela hore haeba ke batla metsoalle ke lokela ho nka bohato ba pele.” Phello e bile efe? Hona joale Stephen o na le metsoalle e mengata ea hloho ea khomo. Kahoo le uena u ka fumana metsoalle haeba u etsa boiteko bo itseng. Ho e-na le ho letela ba bang hore ba u tloaele, leka ho ithuta bona. Mema bacha ba bang hore ba etele lelapa la heno. Kapa u ka kōpa batsoali ba hao hore metsoalle ea hao e mecha e kopanele le uena mosebetsing o itseng oa lelapa. Sena e ka ba motheo oa botsoalle bo tšoarellang nako e telele.
Ha batho ba bang ba sa arabele hamolemo boitekong ba hao, hangata ke ka baka la ho se utloisisane ho itseng. Bakreste ba Jerusalema ba ile ba qoba moapostola Pauluse ka baka la khopolo e fosahetseng ea hore e ne e sa ntse e le mohlorisi oa Bakreste. E bile feela ka mor’a hore ho lokisoe taba eo Pauluse a ileng a amoheleha phuthehong ea moo. (Liketso 9:26-28) Haeba ka ho tšoanang u ile ua ba mohlaseluoa oa ho se utloisisane ho itseng—mohlomong ka baka la ho buuoa hampe—ke hobane’ng ha u sa etse seo u ka se khonang ho lokisa taba eo?a
Leha ho le joalo, hase mathata ’ohle a nang le litharollo tse bonolo. Ka linako tse ling esita le bacha ba Bakreste ba ba le molato oa ho etsa lihlopha tse sa lokang le ho khetholla ba bang ka leeme. Hona ho ka utloisa motho ea etsoang mokhelo bohloko haholo. Leha ho le joalo, ho molemo ho hopola hore joaloka uena, metsoalle ea hao e sa ntse e lokela ho hōla pele e finyella khōlo e felletseng ea kelello. Ka mor’a nako, e ka ’na ea hlōla leeme la eona. Empa pele bacha bao ba bontša boikutlo ba Bokreste haholoanyane, ho molemo hore u se be motsoalle oa bona ea haufi-ufi.—Bona 2 Timothea 2:20, 21.
‘Ho Atoloha’
Khabareng, u se ke ua lumella hore boemo boo bo u halefise. U ka ’na ua leka ho buisana le batsoali ba hao kapa molebeli oa Mokreste ka hona. Hape, hopola hore Bakreste ba laeloa hore ba ‘mamellane’ esita leha ho e-na le lebaka le utloahalang la ho tletleba. (Ba-Kolosse 3:13) Tiffany e mocha, ea ileng a utloa bohloko ka baka la ho se amohelehe sehlopheng sa lithaka, oa hopola: “Ke ile ka rapela Jehova ho mpha matla a ho mamella ’me ka leka ho ba le pono e nepahetseng. Ke boetse ke lekile ho se lumelle sena ho nkutloisa bohloko haholo.”
Bibele e boetse e khothalletsa hore Bakreste ba “atolohe” ha ba bontša botsoalle. (2 Ba-Korinthe 6:13, NW) Bafuputsi Jane Norman le Myron Harris ba hlokomela sena ho litho tsa sehlopha sa lithaka: “Ba lekanyetsa botsoalle ba bona ’me ba ikamoha monyetla oa ho ithuta kamoo batho ba bang ba fapaneng le bona ba nahanang ka teng le kamoo ba sebetsang ka teng.” Ho na le ba bang ba bangata—ho akarelletsa le batho ba baholo—bao u ka thabelang ho ba motsoalle oa bona.
Ho Toba Bofokoli ba Hao
Mohlomong u tlameha ho toba ’nete e ka etsahalang ea hore u neha batho ba bang mabaka a utloahalang a hore ba u qobe. Ka mohlala, Dana e mocha o ile a fumana hore o ne a sa amohelehe lithakeng tsa bacha ba Bakreste ba amehileng ka lintho tsa moea. Na ba ne ba ikhantša? Che, hobane oa lumela: “Puo ea ka le moaparo e ne e le tsa lefatše,” ho bolelang hore li ne li sa lokela Mokreste. Kahoo le hoja batho ba bang ba ne ba le mosa le ho ba mofuthu ho eena, ba ne ba le lihlong hore ba ka mo tloaela.
Dana o ile a etsa liphetoho tse itseng. Oa hopola: “Ke ile ka bona hore ke hloka ho sakamela linthong tsa moea haholoanyane haeba ke ne ke tla amoheleha sehlopheng seo.” Na ho hlokahala hore u etse liphetoho tse tšoanang? Ho etsa joalo ho ke ke ha etsa hore u fumane botsoalle ba bacha ba tšabang Molimo feela empa ho tla etsa hore u fumane le botsoalle ba Molimo ka booona.—Bapisa le Liproverbia 27:11.
Mohlomong u boetse u na le litšobotsi tse itseng tsa botho tse etsang hore batho ba u qobe. Wally oa hopola: “Ke ne ke na le mokhoa oa ho bua haholo ka lintho tseo batho ba sa li thahaselleng hakaalo. Hang ha ke hlokomela kamoo sena se tenang ba bang ka teng, ke ile ka leka ho fetola botho ba ka. Ke nahana hore ho nthusitse hore ke amohelehe hamolemonyana ho ba bang.” Ka ho bua le batsoali ba hao kapa motho e moholo eo u mo tšepang u ka fumana hore u na le bofokoli bo tšoanang. Mohlomong u ka ntlafatsa lintho ka ho bontša botsoalle haholoanyane kapa ka ho bua hanyenyane le ho mamela haholoanyane.
Ho se amoheloe ke lithaka, le hoja ho ka u utloisa bohloko, ho hang ha ho kotsi. E-ba motho ea khotsofetseng ka ho tseba hore haeba u le motho ea nang le botho ba bomolimo ’me u hlile u tsotella batho, u ke ke ua haelloa ke metsoalle le ka mohla o le mong.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona sehlooho “Ke Lokela ho Etsa Eng ha Batho ba Ntšeba?” tokollong ea rōna ea August 8, 1989.
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Ho khetholloa ho utloisa bohloko