Lekhotla la Lefatše la Likereke—Na ke Tšebelisano-’moho Kapa ke Pherekano?
Ka mongolli oa Tsoha! oa Australia
LEKHOTLA lena le ile la buloa ka February 7, 1991, mabaleng a bohehang a Univesithi ea Sechaba ea Australia e Canberra, Australia, motse-moholo oa naha eo. Batho feela ba tloaelehileng ba ka bang 4 000 le baeta-pele ba likereke ba 316 ba tsoang linaheng tse fetang lekholo ba ne ba le teng. Liboka tse tšeletseng tse fetileng tsa WCC (World Council of Churches [Lekhotla la Lefatše la Likereke]) li ile tsa tšoareloa linaheng tse sa tšoaneng nakong ea lilemo tse 35, ho tloha ka 1948 Amsterdam, Netherlands.
WCC ke eng? Hase kereke e khōlō ka ho fetisisa. Ke kopano ea likereke, lekhotla la ho fapanyetsana maikutlo. Puo e bulang ea kamohelo bakeng sa seboka sena sa bosupa e ile ea fanoa ke tona-khōlō ea Australia, Robert J. Hawke—le hoja a ipolela hore o na le maikutlo a hore Molimo ha o tsejoe. Sehlooho se khethiloeng bakeng sa seboka sena sa libeke tse peli se ne se e-na le sebōpeho sa thapelo: “Tloo Moea o Halalelang—Nchafatsa Pōpo Eohle!”
Leha ho le joalo, phetoho e sa lebelloang ea liketsahalo holim’a lefatše e ile ea suthisetsa maikutlo le litebello tsa baemeli ba etileng hōle le nchafatso ea moea o halalelang ea a isa lipolotiking le tabeng ea hore na ntoa ea Koung ea Persia e lumellana le litekanyetso tse loketseng tsa boitšoaro. Ho sutha kapele tjena puisanong ea litaba tsa moea ho ile ha etsa hore Monghali Paul Reeves, moareka-bishopo oa Chache eo e neng e le ’musisi-kakaretso oa New Zealand, a hlalose ho makala ha hae ka mantsoe ana: “Libokeng tse kang tsena, re sekamela tabeng ea ho etsa khang ka puso, e sa amaneng le Moea o Halalelang.” Moareka-bishopo oa Canberra o ile a leka ho beha mabaka mabapi le bohlokoa ba ho se lumellane: “Kopano ke mpho ea Moea o Halalelang. Ho se lumellane ho molemo e sa ntse e le mpho ea ’ona Moea o Halalelang.”
David Gill, mongoli-kakaretso oa Lekhotla la Likereke la Australia, le eena o ile a bontša ho ameha ka botšepehi ba WCC bo neng bo le kotsing, a hlokomela hore mokhatlo ona o ne o ntse o tsoela pele ho lumella lihlopha tse sekametseng lipakaneng tse itseng tse batlang monyetla oa ho phatlalatsa lintho tse itseng tseo tsona ka botsona li amehileng ka tsona.
Ho Khetheloa Boruti ha Basali—Karohano e Eketsehileng
Karolo eo basali ba e phethang ka likerekeng tsa kajeno e ne e le teng lenaneong, empa basali ba ne ba sa thaba. Bongata ba bona bo ne bo lumela hore lenaneo leo le busoa ke banna. Lois Wilson oa Canada o ile a akaretsa taba ena ka khalefo: “Lipolotiki tsa WCC li tletse tšenyeho ’me ha ke nahane hore ke seo Jesu a neng a se nahanne.” Ke’ng se ileng sa tlisa tsieleho ee? Koranta ea Canberra Times e ile ea re: “Basali ha baa thaba kapa ba tšoenyehile ’me ba ea sebakeng sa boikhutso ba il’o lla ka baka la mathata a bona hobane ba tšositsoe ka hore ba se ke ba lumela ho khetheloa ho ba litho tsa komiti e ka sehloohong ea lekhotla lena. Mosali e mong o ile a bolelloa hore o ne a tla khaoloa kerekeng ea hae e le boiteko ba ho mo nyahamisa hore a se ke a lumela ho khethoa.”
Ho Ile ha Etsahala’ng ka Sehlooho sa Litaba tsa Moea?
Ba bang ba ne ba amehile ka hore seboka sena ha sea hatisa ka ho lekaneng boleng ba mosebetsi oa sona oa Bibele kapa oa boruti. Hona ha ho makatse, hobane bongata ba lintlha tse khōlō tse neng li le lenaneong li ne li sekametse lipolotiking. Ha e le hantle, litlalehong tse hatisitsoeng mabapi le seboka sena, ’mali o ile a lebisoa lengolong le le leng feela le lekhutšoanyane la Bibele.
Makasine oa bolumeli National Outlook o ile oa re David Gill “o bontša monahano oa ba bang ba ileng ba ba teng lipokanong tsa WCC nakong e fetileng, le bao, joalokaha motho e mong a ile a bolela haufinyane, ba ileng ba ea ka litebello tse phahameng empa litebello tseo tsa se ke tsa phethahatsoa.”
Ka ho fapaneng, ha ba lapileng le ba nyoriloeng moeeng ba ne ba kopana le Kreste Jesu, ba ne ba sa khutle ba e-na le boikutlo ba hore “litebello tsa bona ha lia phethahatsoa.” Ba ne ba khutla ba khatholohile: “Tlong ho ’na, lōna bohle ba khathetseng, ba imeloang, ’me ke tla le imolla! Inkeleng joko ea ka, ’me le ithute ho ’na; hobane ke mosa le pelo e nolo, ’me le tla fumanela meea [“liphefumolohi,” NW] ea lōna phomolo. Hobane joko ea ka e chatsi, le phahlo ea ka ha e na boima.”—Mattheu 11:28-30.