Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 5/11 maq. 15-18
  • Buka eo U ka e Tšepang—Karolo ea 7

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Buka eo U ka e Tšepang—Karolo ea 7
  • Tsoha!—2011
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Boprofeta bo ka Tšeptjoang
  • Tšepiso eo U ka e Tšepang
  • Lemoha “Pontšo”!
  • Ha Thato ea Molimo e Etsoa Lefatšeng . . .
  • Senatla sa Boprofeta—Ho oa ha Sona ho Tla Bolela Eng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Ho Ema le ho oa ha Setšoantšo se Seholohali
    Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!
  • Meferefere ea Lipolotiki e Phethahatsa Boprofeta ba Bibele
    Lihlooho Tse Ling
  • ’Muso oa Molimo oa Busa!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
Bala Tse Ling
Tsoha!—2011
g 5/11 maq. 15-18

Buka eo U ka e Tšepang​—Karolo ea 7

’Muso oa Bosupa o Matla oa Lefatše

Sehlooho sena ke sa ho qetela letotong la tse supileng tse hlahang makasineng ea “Tsoha!” tse tšohlang mebuso e supileng e matla ea lefatše eo ho buuoang ka eona historing ea Bibele. Sepheo sa sona ke ho bontša hore Bibele e ka tšeptjoa le hore e bululetsoe ke Molimo ’me molaetsa oa eona o fana ka tšepo ea hore mahlomola a bakiloeng ke puso e mpe ea batho a tla fela.

RE PHELA nakong e khethehileng le ea bohlokoa haholo—eo ho hlahellang ’muso oa bosupa o matla lefatšeng, oo ho buuoang ka oona historing ea Bibele. Ho feta moo, ’muso ona ke oona feela o boletsoeng ka tsela ea boprofeta ka Bibeleng, kaha e meng e tšeletseng e tlileng pele ho oona e ile ea kenyelletsoa tlalehong ea histori ea Bibele. Ha e bua ka mebuso, kapa “marena” a supileng, Bibele e ile ea bolela esale pele, ea re: “Ho na le marena a supileng: a mahlano a oele, e mong o teng, e mong ha a e-s’o fihle, empa ha a fihla o tla lula nakoana e khutšoanyane.”a—Tšenolo 17:10.

Lilemong tse fetang 1 900 tse fetileng, ha mantsoe ao a ne a ngoloa, “marena” a mahlano ho ao a supileng, kapa mebuso e mehlano ea lipolotiki, a ne a se “a oele.” E ne e le Egepeta, Assyria, Babylona, Medo-Persia le Greece. Mantsoe a reng “e mong o teng” a ne a bolela Roma. Empa Roma e ne e ke ke ea busa ka ho sa feleng. Ho ne ho tla ba le ’muso o mong hape, empa boprofeta bo ile ba re: “Ha [o] e-s’o fihle.” Tumellanong le boprofeta boo ba Bibele, ‘morena’ oa bosupa o ile a fela a hlahella lefatšeng! ’Muso oo ke ofe? Na o tla busa ka ho sa feleng? Haeba ha o na ho busa ka ho sa feleng, o tla felisoa joang lefatšeng? Bibele e re hlakisetsa seo hantle.

Boprofeta bo ka Tšeptjoang

’Muso oa bosupa o ile oa hlokomeleha ha Engelane e qala ho ipha matla karolong e ka leboea-bophirimela ea ’Muso oa Roma. Lilemong tsa bo-1760, sechaba sena se lulang sehlekehlekeng e ne e se e le ’Muso o matla oa Brithani. Brithani e ile ea ’na ea rua le ho ba matla, ’me lekholong la bo19 la lilemo e ne e le eona naha e ruileng le e matla ka ho fetisisa lefatšeng. Buka e ’ngoe e re: “’Muso oa Brithani e ne e le oona o moholo ho feta eohle e kileng ea e-ba teng lefatšeng. O ne o e-na le baahi ba limilione tse 372 ’me o busa sebakeng se boholo ba lisekoere k’hilomithara tse limilione tse fetang 28.”

Leha ho le joalo, ntoa ea pele ea lefatše (1914-1918) e ile ea etsa hore Brithani e thehe maqhama a khethehileng le United States, eo pele e neng e le kolone ea eona. Phello ea seo e bile efe? ’Muso oa Brithani o ile oa hlahisa selekane sa Manyesemane le Maamerika, seo ha e le hantle e leng ’muso o matla oa lefatše o entsoeng ka linaha tse peli tse buang Senyesemane, o ntseng o busa ho fihlela kajeno.—Sheba lebokose le reng “Selekane se Ikhethang.”

Boprofeta bo ho Tšenolo 17:10 bo lumellana le boprofeta bo bong bo bukeng ea Daniele. Daniele o ile a ngola ka ‘setšoantšo se seholohali’ seo Morena Nebukadnezare oa Babylona a ileng a se bona ponong eo a neng a e filoe ke Molimo. (Daniele 2:28, 31-43) Daniele o ile a senolela morena eo hore likarolo tsa ’mele oa setšoantšo seo li emela mebuso ea lipolotiki ka ho latellana ha eona, ho qala ka Babylona, eo e neng e le ’muso o matla oa lefatše ka nako eo. (Egepeta le Assyria li ne li se li le sieo.) Histori e tiisa lintlha tse latelang:

Hlooho ea khauta e ne e emela ’Muso oa Babylona.

Sefuba le matsoho a silevera li ne li tšoantšetsa Medo-Persia.

Mpa le lirope tsa koporo li ne li emela Greece ea boholo-holo.

Meomo ea tšepe e ne e tšoantšetsa ’Muso oa Roma.

Maoto, e leng motsoako oa tšepe le letsopa, a tšoantšetsa karohano e teng lipolotiking le sechabeng nakong ea ’muso oa lefatše oa Manyesemane le Maamerika.

Ho latela Tšenolo 17:10, ’muso oa bosupa o matla oa lefatše “o tla lula nakoana e khutšoanyane.” Nakoana eo e khutšoanyane e tla ba nako e kae? O tla fela ka tsela efe lefatšeng? Hona ho tla etsahala’ng ka mor’a moo? Daniele o araba lipotso tsena ka tsela e hlakileng.

Tšepiso eo U ka e Tšepang

Ka mor’a hore Daniele a hlalose setšoantšo se boletsoeng ka holimo, o ile a ngola a re: ‘Lejoe la khephoha thabeng empa eseng ka matsoho, ’me la otla setšoantšo seo maotong a sona a tšepe le letsopa le bōpiloeng ’me la a silakanya.’ (Daniele 2:34) Pono ee e hlollang e ne e tšoantšetsa eng?

Daniele o ile a tsoela pele, a re: “Matsatsing a marena ao [a ho qetela] Molimo oa leholimo o tla emisa ’muso o ke keng oa senngoa le ka mohla. ’Muso oo o ke ke oa fetisetsoa ho batho leha e le bafe ba bang. O tla silakanya o felise mebuso ena [ea lefatše] kaofela, ’me o tla ema ho isa linakong tse sa lekanyetsoang.”b (Daniele 2:44, 45) Ela hloko lintlha tsena tsa bohlokoa:

1. ’Muso o hlōlang, o emeloang ke lejoe le leholo, o ‘emisoa’ ke Molimo, eseng ke “matsoho” a batho. Kahoo, ka nepo o bitsoa ’Muso oa Molimo.

2. ’Muso oa Molimo “o tla silakanya” mebuso eohle ea batho, ho akarelletsa ’muso oa bosupa o matla oa lefatše. Hobane’ng? Hobane mebuso eo kaofela e tla hana ho rola marapo a puso ’me e tla hanyetsa Molimo ntoeng e khōlō ea ho qetela e tla loaneloa sebakeng sa tšoantšetso se bitsoang Har–Magedone, kapa Armagedone. Bibele e hlakisa hore ntoa ena e ama “marena a lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona.”—Tšenolo 16:13, 14, 16.

3. Ho fapana le mebuso ea batho ea nakoana, ho akarelletsa mebuso e supileng e matla ea lefatše, ’Muso oa Molimo ‘o ke ke oa senngoa le ka mohla.’ Hape o tla busa lefatšeng lohle.—Daniele 2:35, 44.

Ho timetsoa ha bahanyetsi ba Molimo e tla ba phethahatso e hlollang ea boprofeta bo ho Genese 3:15, bo boletsoeng sehloohong sa pele letotong lena. Peō ea mosali, e leng Jesu Kreste, e ne e tla silakanya noha ea tšoantšetso, e leng Satane le peō ea hae. (Bagalata 3:16) Peō ea Satane e akarelletsa batho bohle ba latelang litsela tsa hae tse khopo le ba buellang puso ea batho ho e-na le ho amohela hore ba busoe ke Molimo le Kreste.—Pesaleme ea 2:7-12.

Sena se re lebisa potsong ea bohlokoa haholo: Timetso ee e tla etsahala neng? Ha e le hantle, “lejoe” lee—e leng ’Muso oa Molimo—le tla tlosa neng mesaletsa eohle ea puso ea motho? Bibele e araba potso eo ka ho fana ka “pontšo,” e neng e tla khetholla matsatsi a ho qetela.—Matheu 24:3.

Lemoha “Pontšo”!

Pontšo ea mehla ea bofelo e akarelletsa lintoa, “litšisinyeho tse khōlō tsa lefatše,” “mafu a seoa” le “likhaello tsa lijo.” (Luka 21:10, 11; Matheu 24:7, 8; Mareka 13:8) Ntho e ’ngoe e neng e tla tšoaea ‘matsatsi a ho qetela’ ke ho hlepha ha boitšoaro le ho se hlomphe melao ea Molimo ea boitšoaro. (2 Timothea 3:1-5) Na ‘lintho tsee tsohle’ li etsahetse? (Matheu 24:8) E, li etsahetse—hoo batho ba bangata ba tšohileng hore na ho tla etsahala’ng nakong e tlang. Koranta ea The Globe and Mail e ile ea re: “Litsebi tse ngata tse hlomphehang tsa saense le kahisano li fana ka temoso e tšosang ea hore haufinyane batho bohle ba tla fela.”

Empa ho na le ntlha e le ’ngoe ea bohlokoa eo litsebi tseo li e fositseng ha li fana ka temoso eo—ke ea hore hase batho bohle ba tla fela. Ha e le hantle, ho kenella ha ’Muso oa Molimo litabeng ke tiiso ea hore seo se tla etsahala! Ha Jesu Kreste a ne a fana ka pontšo ea mehla ea bofelo, o ile a re: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.” (Matheu 24:14) Boprofeta boo bo phethahetse joang?

Lipaki Tsa Jehova li phatlalatsa ’Muso oa Molimo linaheng tse fetang 230. Ha e le hantle, sehlooho sa makasine ea tsona e ka sehloohong ke Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—’me Jehova ke lebitso la Molimo. (Pesaleme ea 83:18) Lenaneo la thuto ea Bibele la Lipaki le thusa batho ba bangata le malapa hore ba khaotse ho phela ka tsela e kotsi, ho e-na le hoo ba phele ka boitšoaro bo hloekileng le ka khotso tumellanong le melao ea Molimo. (1 Bakorinthe 6:9-11) Ka lebaka leo, batho ba limilione lefatšeng ka bophara, ba kholisehile hore Molimo o tla ba sireletsa ha ’Muso oa hae o kenella litabeng tsa batho.

Ka sebele, ba tla bona ho phethahala ha mantsoe ao Kreste a a buileng thapelong ea mohlala, eo ka linako tse ling e bitsoang Thapelo ea Morena, a reng: “Ho tle ’muso oa hao; thato ea hao e etsoe lefatšeng, joalo ka ha e etsoa leholimong.” (Matheu 6:10, Bibele ea Sesotho) Na u kile ua ipotsa hore na bophelo bo tla ba joang lefatšeng ha batho bohle ba rata Molimo ba bile ba mo mamela? Litemana tse latelang tsa Bibele li ka ’na tsa u thusa ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha poleloana ena “litaba tse molemo” e loketse.

Ha Thato ea Molimo e Etsoa Lefatšeng . . .

● Ho tla ba le khotso ea sebele; hase feela hore ntoa ha e na ho ba teng. “Jehova . . . o felisa lintoa ho isa pheletsong ea lefatše. O roba seqha ’me o robakanya lerumo; o chesa likoloi mollong.” (Pesaleme ea 46:8, 9) “Ba bonolo ba tla rua lefatše, ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.”—Pesaleme ea 37:11.

● Bohle ba tla ba le matletsetletse a lijo. “Ho tla ba le lijo-thollo tse ngata lefatšeng; ho tla ba le nala holim’a litlhōrō tsa lithaba.”—Pesaleme ea 72:16.

● Batho ba tla phela hantle ’meleng. “Ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’”—Esaia 33:24.

● Batho bohle ba tla ba le matlo a matle. “Ka sebele ba tla haha matlo ’me ba lule ho ’ona; ka sebele ba tla lema lirapa tsa morara ’me ba je litholoana tsa tsona. Ba ke ke ba haha ’me e mong a lule teng; ba ke ke ba lema ’me e mong a je.”—Esaia 65:21, 22.

● Mahlomola ’ohle a tla fela. “Tente ea Molimo e ho moloko oa batho, . . . o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.”—Tšenolo 21:3, 4.

Na u utloa u rata litšepiso tsee? Haeba ho joalo, Lipaki Tsa Jehova li u khothalletsa hore u ithute Bibele ka ho eketsehileng. Ha e le hantle, ha u etsa joalo u tla bona bopaki bo eketsehileng le ho feta ba hore puso e mpe ea batho e haufi le ho fela. U tla boela u bone hore Bibele ke buka eo u ka e tšepang ka ho feletseng, eo ha e le hantle e bululetsoeng ke Molimo.—2 Timothea 3:16.c

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Kaha hangata mebuso e matla e boletsoeng ka Bibeleng e ne e laoloa ke marena, mebuso eo e bitsoa “marena,” “mebuso,” kapa e bitsoa ka litsela tseo ka bobeli.—Daniele 8:20-22.

b Ho fumana lintlha tse eketsehileng ka ’Muso oa Molimo oa leholimo, sheba khaolo ea 8 le ea 9 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

c Haeba u rata ho tseba ho eketsehileng ka Bibele, ikopanye le Lipaki Tsa Jehova tsa sebakeng sa heno, u ngolle atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 kapa u ee mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 17]

SELEKANE SE IKHETHANG

Sebokeng seo Tona-khōlō David Cameron oa United Kingdom le Mopresidente Barack Obama oa United States ba neng ba se tšoaretse bo-ralitaba ka July 2010, Mopresidente Barack Obama o ile a re: “Ena ke ’nete e ke keng ea latoloa. United States le United Kingdom li na le maqhama a ikhethang e le kannete. Re na le meetlo e tšoanang. Re boulela mekhoa e tšoanang. . . . Ka holim’a tsohle, selekane sa rōna se atlehisoa ke hore se ntšetsa pele litabatabelo tsa rōna tse tšoanang. . . . Ha United States e ikopanya le United Kingdom, batho ba habo rōna—le batho lefatšeng ka bophara—baa sireletseha ebile baa atleha. Ka mantsoe a mang, Great Britain ke motsoalle ea haufi le ea ka sehloohong oa United States.”

[Setšoantšo se Qanollang se leqepheng la 16]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Babylona

Medo-Persia

Greece

Roma

Brithani le United States

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Bibele e tšepisa hore ho tla rena khotso ea sebele ’Musong oa Molimo

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 15]

Time line: Egyptian wall relief and bust of Nero: Photograph taken by courtesy of the British Museum; Persian wall relief: Musée du Louvre, Paris

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela