Kamoo Boemo ba Leholimo bo ka Fetolang Histori Kateng
HISTORI e tlaleha liketsahalo tse hlollang tseo boemo ba leholimo bo ileng ba phetha karolo ea bohlokoa ho fetoleng liphello tsa tsona. A re ke re hlahlobe mehlala e ’meli feela.
Ha ho E-na le Sefefo
Ka 1588, Morena Philip oa Spain o ile a romela likepe tse tsejoang ka hore ke Likepe Tsa Ntoa Tsa Spain, ho hlasela Engelane. Empa lintho ha lia ka tsa tsamaea kamoo a neng a rerile kateng, hobane boemo ba leholimo bo ile ba ferekanya lintho.
Likepe tsa Masepanishe li ile tsa kena English Channel ’me tsa khahlametsoa ke likepe tsa Manyesemane. Likepe tsa Manyesemane tse laolehang habonolo li ile tsa hlasela tsa Masepanishe, ’me tsa senya tse seng kae. Joale Likepe Tsa Ntoa Tsa Spain li ile tsa emisa haufi le Calais, ka taelo ea hore li nke mabotho a mang a il’o hlasela Engelane joalokaha ho ne ho reriloe.
Manyesemane a ile a hotetsa likepe tse ’maloa tse se nang batho bosiu ha ho le lefifi, ’me moea le maqhubu a li sutumeletsa likepeng tsa Masepanishe tse emisitsoeng. Batsamaisi ba likepe tse ngata tsa Spain ba ile ba khaola lithapo tsa liankora e le hore ba qobe likepe tseo. Seo Masepanishe a ileng a se etsa se ile sa a tlisetsa tlokotsi hamorao.
Ka mor’a se etsahetseng Calais, likepe tsa Manyesemane le Masepanishe li ile tsa leba Leoatleng le ka Leboea, li khannoa ke moea. Ka nako eo, Manyesemane a ne a feletsoe ke libetsa, kahoo a leba lebōpong la Engelane. Kaha moea o ne o sutumeletsa Masepanishe hosele, ’me Manyesemane a thibile tsela e khutlelang Spain, a ile a tlameha ho ea leboea, a feta Scotland, a ntan’o leba ka boroa ho ea feta Ireland, ’me qetellong a khutlela Spain.
Nakong eo, ho ne ho e-na le leqeme le leholo la lijo le metsi likepeng tsa Spain, ’me likepe tse senyehileng li ne li nkile basesisi ba bangata ba tsoileng likotsi, hammoho le batho ba bang ba neng ba kulisoa ke ho haelloa ke vithamine C. Ka lebaka leo, batho bohle ba neng ba le likepeng tseo ba ne ba fuoa lijo tse nyenyane, e leng se ileng sa ba fokolisa le ho feta.
Ha likepe tseo li qeta ho feta Scotland, sefefo se matla se hlahang Leoatleng la Atlantic se ile sa sutumeletsa tse ngata lebōpong la Ireland. Mokhoa o tloaelehileng oa ho itšireletsa e ne e le ho theola liankora le ho emela hore sefefo se kokobele. Leha ho le joalo, kaha liankora tse ngata li ile tsa khaoloa nakong eo likepe tsa Spain li neng li kopana le tse tukang, tse 26 li ile tsa soahlamana lebōpong la Ireland, ’me ha shoa banna ba ka bang 5 000 ho isa ho ba 6 000.
Ha likepe tsa ntoa li fihla Spain, ho ne ho se ho shoele banna ba ka bang 20 000. E tlameha ebe lebaka le ka sehloohong le ileng la etsa hore ho shoe banna ba bangata hakaalo le hore likepe tse ngata li senyehe, ke boemo ba leholimo. Kamoo ho bonahalang kateng, ke seo Madache a neng a se nahana. Hamorao, mentleleng eo a ileng a e etsa ha a ne a keteka ho hlōloa ha Likepe Tsa Ntoa Tsa Spain, a ile a pheta mantsoe ao ka tloaelo batho ba a buang a hore Molimo ke eena ea bakang likoluoa tsa tlhaho ’me a ngola ho eona mantsoe a reng: “Jehova o ile a bulula ’me ba qhalana.”
O Sitisoa ke Pula
Ketsahalo e ’ngoe e ileng ea fetola lefatše, eo boemo ba leholimo bo ileng ba phetha karolo e khōlō ho eona ke Ntoa ea Waterloo, e loannoeng ka 1815. Tlaleho ea histori e bolela hore ntoeng ea Waterloo, e loannoeng lik’hilomithara tse ka bang 21 ka boroa ho Brussels, Belgium, ho ile ha bolaoa kapa ha lematsoa banna ba fetang 70 000 ka lihora tse seng kae feela. ’Musisi oa Brithani oa Wellington o ile a khetha ho loanela sebakeng se phahameng. Le hoja masole a Fora a Napoleon a ne a feta a Wellington ka palo, Napoleon o ne a lokela ho hlōla ba lireng pele shoalane e tšoara, hobane bosiung boo Wellington o ne a tl’o fumana thuso lebothong la Prussia. Leha ho le joalo, le lekhetlong lena boemo ba leholimo bo ile ba phetha karolo ea bohlokoa.
Bosiung ba pele ho ntoa, ho ile ha na pula ea sekhohola. Masole a mangata a re boo e bile bosiu bo bosula ka ho fetisisa bophelong ba ’ona. Le hoja a mang a ile a khona ho hloma litente tse nyenyane, lesole le leng le ile la tletleba ka hore e ne eka libethe tsa ’ona li ka letšeng. Ho ne ho le seretse fatše ka lebaka la pula e neleng ka matla. E le ho tiisa hore o hlōla Wellington kapele, Napoleon o ne a batla ho mo hlasela esale ka matjeke. Leha ho le joalo, ho ile ha tlameha ho feta lihora tse ’maloa, pele a ka mo hlasela.
Lebaka le ka sehloohong leo a ileng a lieha ho hlasela ka lona ke hobane fatše ho ne ho le qhefeqhefe, kahoo a batla hore ho ome pele a ka loana. Seretse se ne se boetse se khina likanono tseo Napoleon a neng a rata ho li sebelisa. Ntlha ea pele, seretse se ne se li sitisa ho tsamaea, kahoo masole a sitoa ho hlasela kapele. Ntlha ea bobeli, likulo tse tsoang likanonong tseo li ne li reretsoe hore li qhome ha li otla fatše, e le hore li bake tšenyo e khōlō sesoleng sa Wellington. Leha ho le joalo, seo ha sea ka sa etsahala hobane likulo tseo li ile tsa sitoa ho qhoma kaha fatše ho ne ho le metsi. Sena se ile sa tlisetsa Napoleon le masole a hae tlokotsi. Kahoo, boemo bo bobe ba leholimo bo ile ba etsa hore masole a Napoleon a hlōloe ’me Napoleon a isoa kholehong.
Liketsahalong tsena tse peli tse boletsoeng ka holimo, ho totobetse hore boemo ba leholimo bo ile ba phetha karolo e khōlō e ileng ea ama histori ea lefatše. Liketsahalo tsena le tsona li ile tsa phetha karolo ea bohlokoa tabeng ea ho hlahella ha ’Muso oa Brithani.
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Likepe tsa ntoa tsa Spain
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
© 19th era/Alamy
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Ntoa ea Waterloo
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
© Bettmann/CORBIS