Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 7/11 maq. 6-7
  • Na Molimo oa Tsotella?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Molimo oa Tsotella?
  • Tsoha!—2011
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke’ng Seo re se Tsebang ka Molimo?
  • Seo Bibele e se Buang ka Mahlomola
    Tsoha!—2015
  • Ke Hobane’ng ha Molimo a Lumeletse Bohloko?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Matšeliso ho ba Utloang Bohloko
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Ke Hobane’ng ha Lintho Tse Bohloko li Etsahala?
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
Bala Tse Ling
Tsoha!—2011
g 7/11 maq. 6-7

Na Molimo oa Tsotella?

HOSENG ha la 1 November, 1755, ho ile ha e-ba le tšisinyeho ea lefatše motseng oa Lisbon, Portugal. Ka mor’a moo, ha e-ba le tsunami le mollo, ’me karolo e khōlō ea motse oo ea senyeha ha ba ha shoa batho ba likete.

Ka mor’a tšisinyeho ea lefatše e bileng teng Haiti ka 2010, sehlooho se ngotsoeng ke mohlophisi oa koranta ea Canada e bitsoang National Post, se ile sa re: “Litlokotsi tsohle tse khōlō li leka tumelo ea batho matleng a phahameng. Empa tse ling li leka tumelo ea batho ho feta tse ling, joaloka tlokotsi ena e tšoanang le [koluoa] e bileng teng Lisbon.” Sehlooho seo se ile sa phetha ka ho re: “Mohlomong Molimo o furalletse Haiti.”

Kaha Jehova Molimo ke “Ea Matla ’Ohle” o na le matla a sa lekanyetsoang, ’me a ka khona ho felisa mahlomola. (Pesaleme ea 91:1) Ho feta moo, re ka kholiseha hore oa re tsotella. Hobane’ng?

Ke’ng Seo re se Tsebang ka Molimo?

Molimo o utloela batho ba mahlomoleng bohloko. Ha Baiseraele ba ne ba le bokhobeng Egepeta ’me baholehi ba bona ba ba tšoere hampe, Molimo o ile a re ho Moshe: “Ntle ho pelaelo ke bone mahloreho a sechaba sa ka se Egepeta, ’me ke utloile mohoo oa sona ka lebaka la ba se qobellang ho sebetsa; hobane ke tseba hantle bohloko boo se bo utloang.” (Exoda 3:7) See se bontša eng? Se bontša hore Molimo ha a iphapanyetse batho ba mahlomoleng. Ha e le hantle, lilemo tse makholo hamorao, moprofeta Esaia o ile a ngola sena ka Baiseraele: “Nakong ea mahlomola ’ohle a bona le eena o ile a hlomoha.”—Esaia 63:9.

“Litsela tsohle tsa hae ke toka.” (Deuteronoma 32:4) Molimo o na le toka ebile ha a ee ka leeme linthong tsohle tseo a li etsang. “O tla lebela tsela ea ba tšepahalang ba hae,” a be ‘a busetse matšoenyeho ho ba tšoenyang’ ba lokileng. (Liproverbia 2:8; 2 Bathesalonika 1:6, 7) Ha a ee ka leeme, “ha a emele babusi kapa hona ho rata barui ho feta mafutsana, etsoe o ba bōpile kaofela.” (Jobo 34:19, Today’s English Version) Molimo o boetse o tseba tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho felisa mahlomola a moloko oa batho. Empa tsela eo batho ba lekang ho felisa mahlomola ka eona, e tšoana le ha ngaka e ka tlamisa ka plastara, leqeba la motho ea thuntsoeng. Le hoja plastara eo e ka pata leqeba, ha e thuse hakaalo ho le alafa kapa hona ho kokobetsa mahlaba a motho ea thuntsoeng.

Molimo ke “ea mohau le ea mosa . . . le ea tletseng mosa o lerato le ’nete.” (Exoda 34:6) Tsela eo lentsoe “mohau” le sebelisitsoeng ka eona ka Bibeleng, e fana ka maikutlo a ho ba le kutloelo-bohloko le khauho, e leng se susumelletsang motho hore a thuse e mong. Motso oa lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “mosa” o hlalosoa e le “ketso eo motho ea nang le bokhoni a e etsetsang motho ea hlokang, ’me a e etsa ho tsoa botebong ba pelo.” Ho latela Theological Dictionary of the Old Testament, lentsoe le fetoletsoeng e le “mosa o lerato” le akarelletsa “ho thusa motho ea mahlomoleng kapa ea tsietsing.” Jehova Molimo o utloa bohloko ha batho ba le mahlomoleng ’me o boetse o susumetsoa ke mohau, mosa le mosa o lerato hore a ba thuse. Kahoo, re ka kholiseha hore o tla felisa mahlomola.

Sehloohong se fetileng ho boletsoe lintho tse tharo tse tlatsetsang hore batho ba be mahlomoleng kajeno, ’me ha ho le e ’ngoe ea tsona e ka amahanngoang le Molimo. A re tšohle se amehang lintho tseo.

Liqeto Tseo Batho ba li Etsang

Qalong, Adama o ne a busoa ke Molimo. Empa ha a fuoa khetho, o ile a khetha ho furalla tataiso ea Molimo ’me a batla ho ikutloela hore na ho joang ho se busoe ke Molimo. O ile a hlokomoloha temoso eo Jehova a neng a mo file eona e tlalehiloeng ho Genese 2:17 ea hore: “Ka sebele u tla shoa.” Ho hlōleha ho ikokobelletsa puso ea Molimo e phethahetseng ho ile ha fella ka sebe le ho se phethahale. Bibele e re: “Sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong le lefu la kena ka sebe, ’me kahoo lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe.” (Baroma 5:12) Empa Molimo o tla felisa liphello tsa sebe.

Liketsahalo Tse sa Lebelloang

Joalokaha ho boletsoe ka holimo, motho oa pele, e leng Adama, o ile a furalla tataiso ea Molimo—e neng e hlokahala e le hore batho ba sireletsehe—esita le likoluoeng tsa tlhaho. Qeto eo a ileng a e etsa, e ka ’na ea bapisoa le mokuli ea hanang ho hlokomeloa ke ngaka e nang le tsebo le phihlelo. Haeba mokuli a sa tsebe likotsi le mathata a ka ’nang a mo hlahela, ao ngaka e a tsebang, a ka ’na a etsahalloa ke ntho e bohloko ka lebaka la ho se tsotelle ha hae. Ka ho tšoanang, tsela e mpe eo batho ba tšoereng lefatše ka eona—ho akarelletsa mekhoa e sa sireletsehang eo ba hahang ka eona le ho se tsotelle lihloliloeng tsa lefatše—hangata ke sona sesosa sa likoluoa tsa tlhaho. Empa Molimo a ke ke a lumella boemo bona hore bo tsoele pele ka ho sa feleng.

“’Musi oa Lefatše Lena”

Ke hobane’ng ha Molimo a ile a lumella Satane ho busa lefatše ka mor’a hore e be lerabele? Ho latela khatiso e ’ngoe, “qalong ’muso leha e le ofe o mocha o ka beha molato oa mathata ao o tobanang le ’ona pusong e fetileng, empa ka nakoana feela.” Haeba Jehova a ne a ile a potlakela ho ketola “’musi oa lefatše lena,” Satane o ne a ka beha Molimo, e leng ’Musi oa puso e fetileng, molato ka lintho tseo a hlōlehang ho li etsa. (Johanne 12:31) Empa ho fa Satane nako ea hore a bonahatse ka ho feletseng matla a hae a ho busa lefatše ho pakile hore ke ’musi ea hlōlehang. Leha ho le joalo, potso ke hore, Re ka kholiseha joang hore mahlomola a tla fela?

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Na ngaka e ka tlamisa ka plastara feela, leqeba le tsoang mali la motho ea thuntsoeng?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela