“Ngollang Anton!”
● Mocha e mong oa Paki ea Jehova ea bitsoang Anton o ne a lula motseng oa mahae oa Schelkan, Stavropol’ Kray e Russia. Ha a sa le monyenyane, lingaka li ile tsa fumana hore o na le boloetse bo sa phekoleheng bo senyang mesifa, bo atisang ho bolaea batho pele ba fihla lilemong tse 20. Ha Anton a le lilemo li robong, o ne a se a sa khone ho tsamaea kapa hona ho ema.
Ha Yevgeny a ne a etetse phuthehong e ’ngoe ea Lipaki a tsamaea le mosali oa hae, Diana, o ile a kopana le Anton. Diana o re: “Anton o ne a fokola haholo ’meleng, empa a le matla moeeng. Kaha abuti oa hae o ile a bolaoa ke boloetse boo ha a le lilemo li 19, Anton o ne a tseba hore ha aa na ho phela nako e telele. Ho sa tsotellehe seo, o ne a thabile ebile a tletse tšepo.”
Diana le monna oa hae ba ile ba khothalletsa Anton hore a atolose tšebeletso ea hae, ka hore a ngolle batho ba metseng e meng mangolo. Ka 2005, o ile a ngola mangolo a ka bang 500 ’me a a romela liatereseng tsa batho ba metseng e haufi. Leha ho le joalo, o ne a nyahamisoa ke hore ho ne ho se na motho ea mo arabang. Le hoja a ne a nyahame, Anton o ile a tsoela pele ho ngola mangolo, ’me a rapela Molimo ka tieo hore a mo tataise hore e be ’moleli ea atlehang ho sa tsotellehe maemo a hae.
Ka letsatsi le leng ha Anton a ntse a bala koranta, o ile a bona lengolo le ngotsoeng ke mosali e mong ea kulang, ea neng a hloka ho khothatsoa. Anton o ile a ngolla mosali eo lengolo, ’me karolo e ’ngoe ea lona ea hatisoa koranteng eo, e re: “Le hoja ke tšoeroe ke boloetse bo sa phekoleheng, ho bala Bibele ho nthusa hore ke be le tšepo ka bokamoso. Ke rata ho ngolloa mangolo ’me ke lula ke a letetse.”
Mosali eo o ile a angoa ka ho teba ke seo ’me a ngolla koranta eo lengolo. Le ile la hatisoa sehloohong se reng “Ngollang Anton!” Mosali eo o ile a leboha lintlha tsa Mangolo tse khothatsang tseo Anton a neng a li ngotse, ’me a phaella ka ho re: “A re thuseng Anton! Mo arabeng ’me le mo ngolle. Mohlankana enoa o hloka ho khothatsoa!” Ho ile ha fanoa ka aterese ea Anton.
Anton o ile a qala ho fumana mangolo a ka bang 30 ka letsatsi, posong e nyenyane ea motse oa habo! A ne a tsoa likarolong tse sa tšoaneng tsa Russia, linaheng tsa Baltic, Jeremane esita le Fora. O ile a fumana mangolo a makholo a tsoang ho babali ba koranta eo. Diana o re: “Anton o ne a thabile hoo a sa tsebeng hore na a iketse’ng! Joale ho ne ho e-na le batho ba makholo bao a ka ba ngollang le ho ba bolella lintho tseo a li lumelang tse thehiloeng Bibeleng.”
Anton o ile a qeta nako e fetang selemo a arabela batho ba mo ngoletseng, ’me a ba bolella linnete tsa Bibele. Matsoho a hae a ile a fokola butle-butle, ’me a qala ho bolella motho e mong seo a batlang ho se ngola. Anton o ile a hlokahala ka September 2008, a le lilemo li 20. Le hoja Anton a ne a fokola haholo ’meleng, tumelo ea hae le tsela eo a neng a rata tšebeletso ka eona, e ile ea etsa hore a ratoe ke batho ba makholo.