Litlaleho Tsa Malapa a Atlehileng a Lenyalo la Bobeli
HASE FEELA HORE RE LULA ’MOHO
Morali oa Philip, e leng Elise ea lilemo li 20, o ne a ntse a lula habo ’me a hlokomela mesebetsi e mengata ea lelapa. Ka mor’a hore Philip a nyale Louise, na ’mè oa bobeli le morali oa lelapeng le lecha ba ne ba tla utloana?
Louise o re: Qalong ho ne ho le boima. Ke rata ho ba lapeng le ho etsa mesebetsi ea ka tlung ’me ke ne ke batla ho phetha karolo ea ka joaloka ’mè oa lelapa.
Elise o re: Louise o ile a hlophisa lintho bocha ka tlung ’me a lahla thepa ea rōna e ngata. Ka le leng ha ke ntse ke hloekisa ka tlung, ke ile ka beha lintho tse ling moo li sa luleng teng kaha ke ne ke se ke sa tsebe hore na li lula hokae. Seo se ile sa halefisa Louise hoo re ileng ra tjolietsana, ’me ka qeta beke ke sa mo buise.
Louise o re: Ka le leng ke ile ka re ho Elise, “Ha ke tsebe hore na re tla qetella re entse’ng, empa nke ke ka tlohela hore lintho li tsoele pele ka tsela ena.” Elise o ile a tla ho ’na mantsiboeeng ao ’me a kōpa tšoarelo. Ke ile ka mo kopa ’me ra lla.
Elise o re: Louise o ile a siea litšoantšo tsa ka tse ling li ntse li le leboteng ’me Ntate ha aa ka a tlosa mabone ao ke neng ke a behile ka kamoreng ea ho phomola. Ketso eo e ka bonahala e le ntho e sa reng letho, empa ho se lahle ha bona lintho tsena ho ile ha nthusa haholo hore ke elelloe hore ke ntse ke le lapeng. Hape ke ananela haholo tsela eo Louise a hlokomelang ngoan’eso oa moshanyana ka eona, ha a tlile lapeng. Ho se ho fetile lilemo tse peli joale, ’me ke qala ho nka Louise e le karolo ea lelapa leso.
Louise o re: Ke nahana hore ’na le Elise ha re sa le batho feela ba lulang ’moho, empa re se re le metsoalle ea sebele.
“HO UTLOANA HO MOLEMO”
Ha Anton le Marelize ba nyalana lilemong tse tšeletseng tse fetileng, e mong le e mong oa bona o ne a e-na le bana ba bararo.
Anton o re: Re nka maeto a ho hahlaula naha re le lelapa le ho qeta nako le ngoana ka mong. Ho re nkile lilemo tse ’maloa pele re ka ikutloa joaloka lelapa, empa hona joale re rarolotse mathata a rōna a mangata a lelapa.
Marelize o re: Re nahana hore ke habohlokoa ho nka hore bana ke “ba rōna,” eseng re ba arole ka ho re “ke ba hao kapa ba ka.” Ke hopola ka le leng ke halefile ha ke ne ke nahana hore Anton o ile a bontša leeme ha a ne a khalemela mora oa ka e mong ’me a lumella morali oa hae hore a lule setulong se ka pele seo a neng a ikhethetse sona ka koloing. Ke ile ka ithuta hore ho utloana ka lapeng ho molemo ho feta ho lula setulong se ka pele. Re leka ho se be leeme le hoja re ke ke ra tšoara bana bohle ka tsela e tšoanang hantle.
Hape ke qoba ho bua ka linako tse monate tseo re bileng le tsona lelapeng la rōna la pele, kaha ba neng ba le sieo moo ba tla ikutloa eka ha baa amoheleha ka lapeng. Ho e-na le hoo, ke bua lintho tse bontšang hore ke ananela lelapa leo ke nang le lona hona joale.
“RE QALA KA HO BA BABATSA”
Francis o ile a nyala Cecelia lilemo tse ’nè tse fetileng. Cecelia o na le bana ba bararo ba seng ba le baholo, ha Francis eena a e-na le mora ea lilemong tsa bocha.
Francis o re: Ke leka ho ba botsoalle le ho qoba ho halefa le feela. Re itloaelitse ho ja hammoho ’me re sebelisa nako eo ho buisana re le lelapa. Ke boetse ke khothalletsa bohle hore ba etse mesebetsi ea lelapa kaha seo se tla tsoela lelapa lohle molemo.
Cecelia o re: Ke qeta nako le bana ba rōna ka bo mong e le hore ke utloe hore na ke lintho life tse ba tšoenyang. Ha re kopane re le lelapa, re leka ho qala ka ho babatsa bana ebe re ba khothalletsa hore ba ntlafatse linthong tse itseng. Ha ke etsa liphoso, kea li amohela ’me ke kōpe tšoarelo ho tloha pelong.
HO HŌLISOA KE BATSOALI BA LENYALONG LA BOBELI
Yuki, ea lilemo li 20, o qetetse ho bona ntate oa hae ha a le lilemo li hlano. Ka mor’a nako ’mè oa hae o ile a nyalana le Tomonori, empa ’mè oa hae o ile a hlokahala ha Yuki a le lilemo li leshome. Lilemo tse hlano hamorao, ka mor’a hore ntate oa bobeli oa Yuki a nyale Mihoko, Yuki o ile a iphumana a phela le batsoali bao ka bobeli e seng ba hae.
Yuki o re: Ha ntate oa ka oa bobeli a ne a nyala hape, ke ile ka re ka pelong, “Ha ke hloke ho ba le ’Mè e mong. Lelapa leso le se le bile le liphetoho tse ngata haholo.” Ha kea ka ka amohela maemo a macha ’me ke ile ka tšoara Mihoko hampe.
Mihoko o re: Le hoja monna oa ka a ne a sa nqobelle hore ke rate mora oa hae oa lenyalong la bobeli ka tsela eo a neng a mo rata ka eona, ke ile ka etsa qeto ea hore ke leke ho ba le setsoalle le Yuki. Re ne re leka ka tieo ho mo thusa hore a etse lintho ka tsela eo a neng a li etsa ka eona pele, tse kang mesebetsi e amanang le borapeli, boikhathollo le ho ja hammoho mantsiboea a mang le a mang ’me re qoqe le eena ka mor’a moo. Ke ile ka boela ka khona ho mo utloisisa haholoanyane ka mor’a hore re buisane ka ho hlokahala ha ’mè oa hae.
Ha ke e-ba moimana, re ne re tšoenyehile ka Yuki ’me re batla hore a ikutloe hore e ntse e le karolo ea lelapa. Re ne re kōpa Yuki hore a jese ngoana, a mo hlapise le ho mo chencha leleiri, ’me re mo leboha ka thuso ea hae ka pel’a batho ba bang. Itsuki e monyenyane o rata Yuki haholo. Le pele a ka ithuta hore “mama” kapa “papa,” o ne a se a tseba hore “niinii”—e bolelang abuti.
Yuki o re: Joaloka ngoana oa lenyalong la bobeli, ke ha tlhaho hore u jeoe ke bolutu le ho ikutloa eka u lahlehile. U ka leka ho hlalosetsa batho ba bang boemo ba hao, empa ha bonahala eka ha ba utloisise. Leha ho le joalo, ke thabela hore ebe Bakreste-’moho e bile tšehetso ea sebele. Hona joale, boikutlo boo ke neng ke e-na le bona ba ho se tšepe Mihoko bo felile. O mpha likeletso tse molemo, ’me ke khona ho mo phetlela sefuba.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 9]
E-ba le mamello! Malapa a lenyalo la bobeli a ka thaba le ho atleha