Ho Haha Lelapa le Atlehileng la Bobeli
TSATSING la lechato Felix ea e-ba ntate oa ngoana. Mosali oa hae o ne a e-na le morali ea lemo li supileng eo a mo fumaneng lenyalong la pele. Ha a ntse a tsamaea le morali oa hae e mocha hamorao letsatsing leo, a tšoha ha a utloa a ntša polelo e hlohlontšang litsebe empa ka mosa a mo khalemela. Bohale ba morali ba mo siea a khathetse: “Bona, ha u ntate!” Kaha Felix ke Mokreste, o ne a batla ho haha lelapa le tla isa thoriso ho Eo ‘lelapa le leng le le leng le maholimong le le lefatšeng le bitsoang ka eena.’ Leha ho le joalo, o ne a tobane le boemo bo khathatsang maikutlo boo lelapa la hae la ntate oa bobeli le neng le lokela ho sebetsana le bona.—Ba-Efese 3:15.
Le hoja nakong e fetileng lenyalo la bobeli le ne le tlisoa ke lefu, ‘mehleng ena ea qetello’ ho hlala ha balekane ba bangata ho entse hore ho be le malapa a ntate kapa ’mè oa bobeli. (2 Timothea 3:1-5) Ke ka baka la’ng? Kahobane karolo e etsang 80 lekholong ea batho ba hlalileng kapa ba hlaliloeng—ba nang le bana—ba kena lenyalong hape. Ho phaella moo, ho na le manyalo a bo-’mè ba emereng matšeong. Mokhatlo o Sebetsanang le Manyalo a Bobeli o hakanya hore ka 1990 batho ba bangata United States ba tla ba lenyalong la bobeli! Empa lelapa le nang le ntate kapa ’mè oa bobeli le na le mathata a lona.
Boemo bo Fapaneng
Le hoja hangata bothata bo boholo lenyalong la pele e le hore molekane ha a hōla hantle maikutlong, mathata lenyalong la bobeli e ba ho hōlisa ngoana. Ho eo e seng motsoali oa ngoana, ho fumana lerato le hlompho ea bana bao ho se nang tlamo ea hlaho ea lerato ho bona—ho talingoa e le khathatso—mosebetsi o tšosang. Motsoali eo bana e leng ba hae ka hlaho o lokela ho ithuta ho bontša molekane e mocha lerato empa a sa hlokomolohe bana ba hae. ’Me haeba lelapa la ntate kapa ’mè oa bobeli le kopanya bana ba bong bo sa tšoaneng kapa ha ntate a amohela morali eo e leng letla-le-pepiloe, ho na le tšitiso e ka ’nang ea hlaha: kotsi ea boitšoaro bo litšila ba kamano ea botona le botšehali. Litlaleho li bontša hore malapa a motsoali oa bobeli a etsang likarolo tse 25 lekholong a na le bothata ba likamano tse litšila tsa botona le botšehali.—1 Ba-Korinthe 6:9, 10.
Ka ho tšoanang, bana ba ba le bothata ba maikutlo—ho hlokomolohuoa, mōna, bohale le khohlano tabeng ea hore na ho ratoa ofe haholo. Boikutlo bo bohloko ba tlhalo kapa lefu la motsoali bo sitisa haholo phetoho e hlokahalang. Hoa soabisa hore litlaleho li bontša hore malapa a fetang a mane ho a leshome a lenyalo la bobeli a qetella ka hlalo nakong ea lilemo tsa pele tse hlano. Empa leha ho le joalo, lelapa le nang le ntate kapa ’mè oa bobeli le ka hahuoa ka katleho. Joang?
Motheo oa ho Lokisa Mathata
“Ekare ha e se Jehova ea hahang ntlo, ba e hahang ba sebeletsa lefeela.” (Pesaleme ea 127:1) Ho lumella Jehova ‘ho haha’ lelapa lenyalong la bobeli ho tobisa boiteko ka tsela e tla tlisa tlhohonolofatso ea hae ka ho etelletsa litaelo tsa hae, metheo le keletso pele. Felix o re: “Ntho e le ’ngoe e fetotseng litaba ke ho etelletsa lentsoe la Jehova ka pele ho maikutlo a ba bang ka lelapeng. Ke ile ka qoba hore ke bolelle morali maikutlo a ka litabeng, empa ka sebelisa Bibele e le motheo oa bonngoe oo re ileng ra kopanya likelello tsa rōna ho oona.” A sebelisa Bibele bakeng sa “ho laea” le hore e be tekanyetso ea lelapa. (2 Timothea 3:16) Ha bana ba bona hore esita le batsoali ba mamela “keletso ea Jehova,” ba hlokomela hore metheo ea hae e tsitsitse, ha se feela litakatso tsa ntate kapa ’mè oa bobeli.—Liproverbia 19:21, NW; 20:7.
Banyalani ba bang bao ka mong oa bona a neng a tlile le bana ba bararo lenyalong le lecha ba ile ba atleha kahobane “bana ba ne ba hlile ba leka ho sebelisa Bibele.” Kamorao hore ba hōle, e mong oa bana bana a ngola: “Ha ho kopanngoa malapa a mabeli, ho bonahala ntho ea sehlooho e le ho leka ho lulisana ka khotso ho e-na le ho hlokomela haholo lintho tsa moea e le hore lelapa le ka sebeletsa Jehova le kopane.” Malapa a mangata a atlehileng a Bokreste a ntate kapa ’mè oa bobeli a lumela hore senotlolo ke ho sebeletsa kamano e molemo ea botho le Molimo le ho leka ho sebelisa Lentsoe la oona.
Ho Hlokahala Masene
Kapele kamor’a hore ’mè oa hae a nyaloe hape, Marla ea lemo li 12 ea e-ba setlokotsebe ’me a baleha habo ka makhetlo. Ka tšoanelo batsoali ba hae ba ne ba lebelletse hore a ba utloe, empa ba hlokomoloha maikutlo a hae a neng a mo khathatsa. Marla oa hlalosa: “’Na le ’mè re ne re le mathe le leleme. E ne e se e ka ke motho le khaitselie. Re ne re robala hammoho betheng e le ’ngoe. Empa eitse ha ’mè a nyaloa hape kamano eane ea fela. Kapele-pele ka ikutloa ke se na sebaka sa ka.” E, hangata motsoali oa bobeli ha a hlokomele kamoo a tlosang lerato la ngoana ho motsoali oa hae oa hlaho le ho hlokomoloha bothata ba maikutlo bo hlahisoang ke sena. Ho hlokahala eng?
Liproverbia 24:3 li bolela hore ntlo “e tiisoa ka masene.” Masene a sheba ka nģane ho liketso kapa mantsoe e le hore a bone mabaka a ketso. Ka mohlala, ngoana a ka bonahala a iphahamiselitse motsoali oa bobeli. Empa lebaka ke eng? Na mohlomong ke ka baka la maikutlo a ho hopola motsoali ea seng a le sieo? Elizabeth Einstein, mofuputsi le ’mè oa bobeli, o ngotse sena bukeng ea hae The Stepfamily: “Motsoali oa hlaho a ke ke a nkeloa sebaka ke e mong—le ka mohla. Esita le motsoali ea shoeleng kapa ea lahlileng bana e sa le motho oa bohlokoa bophelong ba bana. Kamoo ke sa tsoa elelloa kateng, sephiri sa ho ba ntate kapa ’mè oa bobeli, ke hore u se qobelle [lerato la hlaho].” Ho bolela hore “haeba u etsa joalo u ka fihla pelong ea bana.” Motsoali oa Mokreste ha a hlokomela sena o leka hore a se lebelle “lerato le itlelang hang-hang” leha e le hore a ikutloe a sa amoheloe haeba a sa le bontšoe. Empa sena ha se bonolo.
’Mè e mong a seka meokho “Morali eo ke mo fumaneng le monna oa ka ha a nkamohele. Kamoo Amy a sa nkamoheleng kateng o fetola letsatsi le letle hore le fifale, o etsa hore pelo e tletseng thabo e soabe.” A eketsa: “Ke rata Amy. Ke rata ho atlehisa boemo ba ka ke le ’mè oa bobeli.” Hoa utloahala hore ho hlokomolohuoa ho joalo ho utloisa bohloko. Empa Bibele e-ea eletsa: “U se ke ua phaka ua halefa pelong ea hao, hobane khalefo e ee e hanelle sefubeng sa maoatla.” (Moeklesia 7:9) Haeba motho a khena kapele ’me a hōlisa bohale “pelong,” a ka iphumana a buile hampe kapa a entse ntho e mpe.
Empa masene a sebetsa joang? Ha morali e mocha oa Felix a bua le eena ka ho hloka kelello, a hopola kamoo morali a neng a rata ntate oa hae ea hlokahetseng. A mo araba ka masene, a re: “U nepile, ha ke ntat’ao, empa ke rata ho ba motsoalle oa hao, le moena oa hao oa moea.” Ka hona, e ba le “pelo e hlalefileng”—empa ka nako e tšoanang u hlaolele boitšoaro.—Liproverbia 16:21; 14:1.
Ho se tsebane lelapeng la ntate kapa ’mè oa bobeli hangata ho lebisa boemong boo Bibele e bo bitsang “boikhohomoso,” ke hore, “ho itšoara ka tsela e manganga” kapa ‘ho bua lintho tse se nang mabaka le ho hana ho li koenehela,’ kamoo buka e hlalosang mantsoe ea Seheberu e behang taba kateng. Boikhohomoso bo joalo bo hlahisa ntoa. (Liproverbia 13:10) Morali e mong oa motsoali oa bobeli o itse: “Le hoja ho ne ho le thata, ke ile ka leka ho khaotsa ho nahana maikutlo a ka feela. Ke ne ke khona ho bona maikutlo a e mong le ho mo utloela bohloko. U sa ntse u na le maikutlo, empa u haha maikutlo a akarelletsang motho e mong.”
Lelapa la motsoali oa bobeli le lokela ho hōlisa puisano e le hore le utloelane bohloko! Liproverbia 13:10 lia eketsa: ‘Bohlale bo ho ba buisanang.’ Lipuisano tsa kamehla li ka felisa mathata le ho bōpa bonngoe ba lelapa. Leha ho le joalo, batsoali ba lokela ho ba le mohopolo o le mong lipuisanong tse joalo. Hamorao, haeba lipuisano tse joalo li phehelloa li hlahisa litholoana tse ntle. Hlokomela litlhahiso tse ling tse thusang leqepheng 25.—1 Petrose 3:8.
Haeba le ‘buisana’ esita le liphoso tsa likamano tsa botona le botšehali li ka lokisoa ka bohlale. Pele batsoali ba bang ba kena lenyalong hape ba bile le lipuisano tse tobileng le bana ba bona ’me ba buisana ka litaba tse kang mokhoa oo banana ba lokelang ho apara ka oona kapa ho itšoara ka oona pel’a ntate oa bobeli kapa bara leha e le bafe ba ntate oa bobeli. Ha bana ba ntse ba hōla, lipuisano le tsona lia hlokahala, batsoali e be bona ba qalisang lipuisano tse joalo, kahobane ka linako tse ling bana ba qea-qea.
Ha Taeo e Hlokahala
Ha ho pelaelo hore taba e thata haholo ha ho hahuoa lelapa la motsoali oa bobeli ke mokhoa oo taeo e lokelang ho fanoa ka oona. Kahobane “bohlanya bo tlamelletsoe pelong ea ngoana,” taeo e tšoanang e bohlokoa. (Liproverbia 22:15; 13:1) Mofumahali e mong oa Mokreste a hlokomela hore morali oa hae e mocha ea tlang le monna o ne a hōlisitsoe ntle ho lithibelo. Pat, eo morali oa hae e mocha a ileng a fetoha motsoalle oa hlooho ea khomo, o tlaleha hore: “Ke ne ke le hlokolosi haholo ho hlompha tokisetso ea bohlooho. Kamehla ke ne ke ithaopela ho mo hlalosetsa lebaka, ho buisana le eena le ho mo hlalosetsa litaba, empa ke ne ke sa khopamise taba molemong oa hae hobane feela a sa e rate. Ke ne ke emela litokisetso tsa Jehova ke tiile.”
Baeletsi litabeng tsa lelapa la motsoali e mocha Ngaka Emily le John Visher ba re: “Taeo e-ea sebetsa hafeela ea amohelang taeo a hlokomela boitšoaro le kamano ea hae le ea fanang ka taeo.” Ho fihlela ha tlamo e joalo e hōlisoa, ba bang ba lumella motsoali oa sebele oa ngoana hore e be eena ea fanang haholo ka taeo. Koana, ntate oa bobeli e sa le hlooho ea lelapa, empa ha a buisana ka tsela e hlakileng le mosali oa hae mabaka a taeo, a ka lumella mosali oa hae hore e be eena ea fanang ka eona. Ho ea ka Mangolo, batsoali ka bobeli ba etsa ‘melao’ ea taeo. (Liproverbia 1:8; 6:20; 31:1) Kaha lelapa le leng le le leng la bobeli le fapane, ha ho melao e tiileng mabapi le hore taeo e lokela ho fanoa joang. Le hoja motsoali a lokela ho ‘khalemela ho ea ka se lokileng,’ a se ke a fetelletsa maikutlo a hae le ho halefisa ngoana ka ho lebella hore a etse liphetoho tse ngata ka nako e khutšoanyane. (Esaia 28:26-29, NW; Ba-Kolosse 3:21) Ka lehlakoreng le leng, bana ba lokela ho amohela taeo. Esthere oa mehleng ea Bibele o ne a mamela ka kananelo Mordekai eo e bileng mohlokomeli kapa ntate oa mohōlisi kamorao hore batsoali ba hae ba shoe. Taeo ea hae ea mo thusa hore e be mofumahali ea motle.—Esthere 2:7, 15, 20.
Ka linako tse ling taeo ea motsoali oa bobeli e bebofatsoa ke molekane ea ratang haholo bana ba hae ’me a sa batle hore ba lauoe. ’Mè e mong oa Mokreste ea nang le bana ba bararo, ’me a nyetsoe hape, oa hlalosa: “U iphumana u qobelletsoe pakeng tsa batho ba babeli bao u ba ratang haholo.” U se lebale hore kamano ea hao le molekane oa hao e tla pele. Le hoja ka linako tse ling ho ka ba bohloko, leka ho thibela lerato la hao la hlaho ho kena pakeng tsa lōna. Ka bohlale Abrahama a thibela setho leha e le sefe sa lelapa ho senya kamano ea hae le mofumahali oa hae Sara kapa ho sitisa ho phethahatsoa ha thato ea Molimo.—Genese 16:1-6; 21:8-14.
Le hoja motho a ka ’na a se ikutloe ka tsela e tšoanang ka ngoana e mong joalokaha a ikutloa ka ngoana oa hae oa hlaho, empa ba lokela ho tšoaroa ka tsela e tšoanang. Motheo o laolang ha ho fanoa ka liqeto ke ona: “Ho se be le ea ratoang ka ho khethehileng.” (1 Timothea 5:21, Phillips) Ho bonolo hore u iphapanye liphoso tsa ngoana oa hao ha u hōlisa tsa ngoana ea tlang le motsoali e mong. Ho molemo ha monna le mosali ba buisana ka liphapang leha e le life tse amang taeo ba le ka sephiring, ba finyelle qeto ʼme ka lentsoe le le leng ba laee bana. Alesia eo hona joale a leng lilemo li 19, ea hōlisitsoeng ka katleho lelapeng leo motsoali ka mong a neng a tlile le ngoana, o hopola sena: “Ntho ea bohlokoa e ne e le hore batsoali ba ka ba ne ba re laea ka tsela e tšoanang. Re ne re tseba hore ho sa tsotellehe hore na ngoana ke mora kapa morali oa mang o ne a tla lauoa ha a fositse. Litekanyetso tsa bona kapa litebello tsa bona li ne li tšoana kamehla.”
Mamella—Ho Tla Nka Nako
“Qetello ea taba e ’ngoe e fetisa qalo ea eona. Pelo e telele e molemo ho e-na le pelo e ikakasang.” (Moeklesia 7:8) Le hoja ba bangata ba nyahama ha lintho li qala ka tsela e sa tloaelehang, ba mamellang hangata ba fumana hore lelapa joale le qala ho lokisa mathata. Elizabeth Einstein, ea tsebang haholo tabeng ena o itse: “Bafuputsi ba bolela hore ho nka lilemo tse ’nè ho ea ho tse supileng hore lelapa le lecha la bobeli le tsitse, le ho ba ntho e le ’ngoe.” Ho sebelisa metheo ea Bibele ho ka fokotsa nako ena ea phetoho; leha ho le joalo, u lokela ho ba le “pelo e telele”!
Motho ea nang le “moea o ikhohomosang” ea nahanang hore o tseba kamoo lelapa le lokelang ho tsamaisoa kateng, le ea lebelletseng liphetoho tsa kapele, “o butsoela likhang.” Mekhoa e sa tšoaneng ea bophelo ba lelapa le mehopolo e ’nileng ea hatisoa ka lilemo tse ngata ha ho bonolo hore e fetohe. Ka baka leo ho bohlale hore ‘u se tšepe pelo ea hao’ kapa maikutlo a hao, empa ka boinyenyefatso u itšetlehe ka tataiso le ka thuso ea Jehova.—Liproverbia 28:25, 26.
Moputso oa Katleho
Tsebo le phihlelo tsa lelapa le nang le ntate kapa ’mè oa bobeli li ka eketseha ka ho kopanya lelapa le nang le setšehetso se sa tšoaneng. ’Mè e mong oa Mokreste o boletse sena ka morali eo a mo fumaneng lenyalong la bobeli: “Valerie o kentse tšobotsi e eketsehileng lelapeng la rōna. O talima lintho ka tsela e ’ngoe ’me sena ka linako tse ling se hōlisa pono ea rōna.” Ke taba esele ho khomarela ngoana ea tsoileng ho uena, athe ke e fapaneng hore u hahe bonngoe bo joalo ba lerato le ngoana eo e seng oa hao—haeba ngoana eo a ne a se na taba le uena—ho hlalosoa ke batsoali ba bangata ba thabileng e le “mpho e khethehileng.”
Le hoja mathata a tšosa, ho a lokisa ho futhumatsa pelo. Teko ena e ka hlahisa litšoaneleho tsa bohlokoa tsa moea, tse kang mamello, kutloisisano, kutloelo-bohloko le ho itela. Louise ea hōlisitseng bana ba bararo bao e seng ba hae o itse: “Ke ile ka ithuta ho jara boemo ho ea kamoo matla a ka a neng a ntumella kateng ’me ka tlohela ho setseng ho Jehova. Ebile thuto ea bohlokoa haholo. E nthusitse ho ba motho ea molemo haholo oa moea. Ho ithuta hore ha u sebeletsa Jehova ha ho letho leo u le jarang u le mong.”
Ho putsoa ka hore u bone lelapa la hao le isa thoriso hammoho ho Jehova ho etsa hore boiteko bo bong le bo bong e be bo tšoanelehang. Ha Morena Davida a ne a bolella mora oa hae kamoo a lokelang ho haha tempele bakeng sa thoriso ea Jehova, a bolela ntho eo e ka bang senotlolo sa ho haha lelapa la bobeli. O itse: “Jehova a ke a be le uena . . . Jehova a ke a u nee kelello le kutloisiso . . . u ntse u bolokile molao oa Jehova, Molimo oa hao. Ke hona u tla atleha.”—1 Likronike 22:11-13.
BAKENG SA PUISANO EA LELAPA
(1) Ipheng nako e loketseng le sebaka se loketseng puisano ea kamehla e amang maikutlo.
(2) Bohle ba lokela ho bua se pelong le ho senola bohale kapa maikutlo a bohloko. Ho hlake hore maikutlo a setho ka seng a tsotelloa.—Jobo 33:3.
(3) Leka ho hlahisa maikutlo a hao e le lipolelo ho e-na le liqoso. Ka mohlala, “Ha ke fihla hae ke utloa bohloko le ho halefa ha ke fumana lijana li le litšila,” ho e-na le hore, “Ha ho ea tsotellang. Kaofela ha lōna le ea ithata ’me ha le na boikarabelo.”—Ba-Kolosse 4:6.
(4) E bang mosa le ho utloelana bohloko.—Ba-Efese 4:31, 32.
(5) Lokisang lintho ka tsela e sebetsang le e utloahalang, e akarelletsang metheo leha e le efe ea Bibele.
(6) Phethang puisano ka lihlaloso tse hahang, tse khothatsang tse tla haha mofuthu oa lelapa le ho etsa hore e mong le e mong a ikutloe e le oa bohlokoa.—Ba-Efese 4:29.
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Batsoali ba buisanang hammoho hangata ba qoba mathata mabapi le bana