Malapa a Lenyalo la Bobeli a ka Atleha
NA HO KA ETSAHALA HORE MALAPA A LENYALO LA BOBELI A ATLEHE? E, HAHOLO HAEBA BOHLE BA amehang ba hopola hore “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho otlolla lintho, bakeng sa ho laea ka ho loka.” (2 Timothea 3:16) Ha bohle ba sebelisa melao-motheo ea Bibele, ho fela ho ka finyelloa katleho.
Tšoaneleho ea Motheo
Bibele e fana ka melao e seng mekae ea sebele ho tsamaisa likamano tsa batho. Haholo-holo e khothalletsa ho hlaolela litšoaneleho tse molemo le maikutlo a molemo tse re tataisang hore re etse lintho ka bohlale. Maikutlo le litšoaneleho tse molemo joalo, ke motheo oa bophelo bo thabileng ba lelapa.
Ho ka bonahala ho totobetse, empa leha ho le joalo, ke habohlokoa ho bolela hore tšoaneleho ea motheo e hlokahalang hore lelapa leha e le lefe le atlehe, ke lerato. Moapostola Pauluse o itse: “Lerato la lōna a e be le se nang boikaketsi. . . . Leratong la bara ba motho e-bang le boikutlo bo bonolo e mong bakeng sa e mong.” (Baroma 12:9, 10) Lentsoe “lerato,” le sebelisoa hampe haholo, empa tšoaneleho eo Pauluse a neng a bua ka eona mona ke e khethehileng. Ke lerato la bomolimo, ’me “ha le fele le ka mohla.” (1 Bakorinthe 13:8) Bibele e le hlalosa e le le se nang boithati le le ikemiselitseng ho sebeletsa. Le sebetsa ka mafolofolo molemong oa ba bang. Lea mamella ’me le mosa, ha ho mohla le leng mōna, ha le ithorise kapa hona ho ikhopola. Ha le batle lithahasello tsa lona. Kamehla le ikemiselitse ho lumella ho se tšoane, ho tšepa, ho ba le tšepo, ho mamella ntho leha e le efe e hlahang.—1 Bakorinthe 13:4-7.
Lerato la sebele le thusa ho fokotsa liphapang le ho kopanya batho ba hōlisitsoeng ka litsela tse fapaneng haholo le ba nang le botho bo fapaneng. ’Me le thusa ho fokotsa liphello tse bohloko tsa tlhalo kapa tsa ho hlokahalloa ke motsoali oa tlhaho. Monna e mong eo e ileng ea e-ba motsoali oa bobeli o hlalosa mathata a hae a sebele tjena: “Hangata ke ne ke ameha ka maikutlo a ka ’me ke hlokomoloha maikutlo a bana bao ke ba fumaneng lenyalong la ka la bobeli, esita le a mosali oa ka. Ke ile ka tlameha ho ithuta ho se amehe ka maikutlo a ka ho tlōla tekano. Habohlokoa ka ho fetisisa, ke ile ka tlameha ho ithuta ho ikokobetsa.” Lerato le ile la mo thusa hore a etse liphetoho tse hlokahalang.
Motsoali oa Tlhaho
Lerato le ka thusa tabeng ea ho sebetsana le kamano eo bana ba nang le eona le motsoali oa bona oa tlhaho ea seng a le sieo. Ntate e mong eo e leng motsoali oa bobeli oa ipolela: “Ke ne ke batla ho ba oa pele leratong la bana ba ka bao ke ba fumaneng lenyalong la bobeli. Ha ba etela ntat’a bona, ke ne ke fumana ho le thata ho thibela teko ea ho mo nyatsa-nyatsa. Ha ba khutla ba bile le letsatsi le monate le eena, pelo ea ka e ne e ba bohloko. Ha ba ne ba bile le letsatsi le lebe, ke ne ke thaba. Ho bua ’nete, ke ne ke tšaba ho lahleheloa ke bona. E ’ngoe ea lintho tse neng li le thata ka ho fetisisa e ne e le ho amohela hore ntate oa bana ba ka bao ke ba fumaneng lenyalong la bobeli ke oa bohlokoa bophelong ba bona.”
Lerato la sebele le ile la thusa ntate enoa oa bobeli hore a tobane le ’nete ea hore ha ho utloahale ho lebella hore a fumane lerato “hang-hang.” O ne a sa lokela ho utloa eka ha a ratoe ha bana ba sa mo amohele ka potlako. O ile a hlokomela hore le ka mohla a ke ke a koala sekheo se teng lipelong tsa bana ba hae se siiloeng ke ntate oa bona oa tlhaho. Bana ba ne ba tsebile ntate oa bona ho tloha ha ba sa le banyenyane, athe ntate oa bona oa bobeli e ne e le motho ea fihlang ea neng a tla tlameha ho sebetsa ka thata hore a fumane lerato la bona. Mofuputsi Elizabeth Einstein o totobatsa phihlelo eo ba bangata ba bang le eona ha a re: “Ha ho mohla motsoali oa tlhaho a tla nkeloa sebaka ke e mong—le ka mohla. Esita le motsoali ea hlokahetseng kapa ea lahlileng bana kherehloa o ntse a e-na le sebaka sa bohlokoa bophelong ba bana.”
Taeo—Taba e Hlokang ho Sebetsoa ka Masene
Bibele e bolela hore bana ba hloka taeo e lerato, ’me hoo ho kopanyelletsa le bana ba fumanoeng lenyalong la bobeli. (Liproverbia 8:33) Litsebi tse ngata li qala ho lumellana le seo Bibele e se bolelang tabeng ena. Moprofesa Ceres Alves de Araújo o boletse: “Ka tlhaho, ha ho motho ea ratang lithibelo, empa lia hlokahala. ‘Che’ ke lentsoe le sireletsang.”
Leha ho le joalo, lelapeng le nang le motsoali oa bobeli, maikutlo tabeng ea taeo a ka ’na a baka liphapang tse tebileng. Ho ea bohōleng bo itseng, bana ba fumanoeng lenyalong la bobeli ba se ba ile ba susumetsoa ke motsoali oa bona ea seng a le sieo. Ho ka etsahala hore ba be le mekhoa kapa lintho tseo ba li tloaetseng tse ka ’nang tsa tena motsoali oa bobeli. ’Me e ka ’na eaba le bona ha ba utloisise hore na ke hobane’ng ha motsoali oa bona oa bobeli a lomahanya meno litabeng tse itseng. Ho ka sebetsanoa ka katleho le boemo bo joalo joang? Pauluse o phehella Bakreste ka matla: “U phehelle . . . lerato, mamello, maikutlo a bonolo.” (1 Timothea 6:11) Lerato la Bokreste le thusa motsoali oa bobeli le bana ba fumanoeng lenyalong hore ba be bonolo le ho mamella ha ba ntse ba ithuta ho utloisisana. Haeba motsoali oa bobeli a hloka mamello, ka potlako ‘khalefo, ho tleroha le puo e nyefolang’ li ka senya kamano leha e le efe e neng e se e finyeletsoe.—Baefese 4:31.
Moprofeta Mikea o fane ka temoho ea se ka thusang ntlheng ena. O itse: “Ke eng seo Jehova a se hlokang ho uena haese hore u sebelise toka le ho rata mosa le ho inyenyefatsa ha u tsamaea le Molimo oa hao?” (Mikea 6:8, NW) Toka ke ea bohlokoa ha u fana ka taeo. Empa ho thoe’ng ka mosa? Moholo e mong oa Mokreste o bolela hore hangata ho ne ho le thata hore ka Sontaha hoseng a tsose bana ba hae bao a ba fumaneng lenyalong la bobeli e le hore ba tsebe ho kopanela borapeling ba phutheho. Ho e-na le ho ba halefela, o ile a sebelisa mosa. O ne a tsoha hoseng, a lokise lijo tsa hoseng, ebe o ba isetsa tee kaofela ha bona. Ka lebaka la seo, ba ne ba mo utloa ha a ba kōpa hore ba tsohe.
Moprofesa Ana Luisa Vieira de Mattos o ile a fana ka tlhaloso ena e thahasellisang: “Habohlokoa hase hore na lelapa ke la mofuta ofe empa ke hore na le na le kamano ea mofuta ofe. Phuputsong eo ke e entseng ke hlokometse hore bacha ba nang le mathata a boitšoaro, boholo ba bona bo batla bo tsoa malapeng a hlokang taolo e ntle ea batsoali, le a haelloang ke melao le puisano.” O boetse a re: “Ho lokela ho hatelloe haholo taba ea hore ho hōlisa bana ho bolela ho tlameha ho sebelisa lentsoe che.” Ho phaella moo, Dr. Emily Visher le Dr. John Visher ba itse: “Ha e le hantle, taeo e sebetsa feela haeba motho ea e amohelang a tsotella tsela eo ea mo eletsang a itšoereng ka eona, a bile a tsotella le kamano ea hae le motho eo.”
Tlhaloso ena e kenella potsong ea hore na ke mang ea lokelang ho fana ka taeo malapeng a lenyalo la bobeli. Ke ofe ea lokelang ho re che? Ka mor’a ho seka-seka boemo, batsoali ba bang ba entse qeto ea hore qalong, motsoali oa tlhaho e be eena ea ka sehloohong ho fana ka taeo e le hore a nehe motsoali oa bobeli nako ea hore a hahe kamano e haufi le bana. Fanang ka monyetla oa hore bana ba ikutloe ba kholisehile hore motsoali oa bona oa bobeli oa ba rata pele a ka ba fa taeo.
Ho thoe’ng haeba motsoali oa bobeli e le ntate? Na Bibele ha e re ntate ke eena hlooho ea lelapa? Ho joalo. (Baefese 5:22, 23; 6:1, 2) Leha ho le joalo, ntate oa bobeli a ka ’na a rata ho nehelana ka boikarabelo ba ho laea ka nakoana, haholo-holo ha e kopanyelletsa ho fana ka kotlo. A ka fa bana monyetla oa hore ba mamele ‘taeo ea ’m’a bona’ ha a ntse a rala motheo oa hore ba ‘mamele thuto ea ntat’a bona [e mocha].’ (Liproverbia 1:8; 6:20; 31:1) Bopaki bo bontša hore qetellong, sena ha se hanane le molao-motheo oa bohlooho. Ho ekelletsa moo, ntate e mong eo e leng motsoali oa bobeli o re: “Ke ile ka hopola hore taeo e akarelletsa keletso, khalemelo le nyatso. Ha e fanoa ka tsela e lokileng, e lerato le e nang le kutloelo-bohloko, ’me e tšehetsoa ke mohlala o motle oa batsoali, hangata ea sebetsa.”
Ho Hlokahala Hore Batsoali ba Buisane
Liproverbia 15:22 e re: “Moo ho eletsana ho leng sieo, merero ea qhalana.” Lelapeng la lenyalo la bobeli, puisano e khutsitseng ea ho phetlelana lifuba lipakeng tsa batsoali ke ea bohlokoa. Mongoli e mong koranteng ea O Estado de S. Paulo o hlokometse: “Kamehla, bana ba leka ho hlahloba hore na lithibelo tseo ba li etselitsoeng ke batsoali ba bona li tiile hakae.” Seo e ka ba ’nete e imenneng habeli tabeng ea malapa a lenyalo la bobeli. Ka lebaka leo, batsoali ba tlameha ho lumellana ka litaba tse fapa-fapaneng e le hore bana ba ka bona hore ba ntsoe-leng. Empa, ho thoe’ng haeba motsoali oa bobeli a itšoara ka tsela eo motsoali oa tlhaho oa bana a utloang hore e hloka toka? Joale bobeli ba bona ba lokela ho lokisa litaba moo ba leng babeli, eseng ka pel’a bana.
’Mè e mong ea lenyalong la bobeli oa pheta: “Ntho e thata ka ho fetisisa ho ’mè ke ho bona ntate oa bobeli a laea bana ba hae, haholo-holo ha a utloa eka o potlakela litaba kapa ha a sebetse litaba ka toka. Ho mo utloisa bohloko haholo, ’me o batla ho sireletsa bana ba hae. Linakong tse joalo, ho thata ho ikokobelletsa monna le ho mo tšehetsa.
“Ketsahalong e ’ngoe, bara ba ka ba babeli, ea lilemo li 12 le ea lilemo li 14, ba ile ba kōpa ntate oa bona oa bobeli hore a ba lumelle ho etsa ntho e itseng. O ile a hana hang-hang a ba a tsoa ka kamoreng eo ba neng ba le ka ho eona ntle le ho fa bashanyana sebaka sa ho hlalosa hore na ke hobane’ng ha kōpo eo e le bohlokoa ho bona. Bashanyana ba ne ba batla ho lla, ’me le ’na ke ne ke feletsoe ke mantsoe. Moshanyana e moholo o ile a ncheba ’me a re: ‘’Mè, u bone hore na o entse’ng?’ Ke ile ka arabela: ‘E, ke bone. Empa e ntse e le hlooho ea lelapa ’me Bibele e re re hlomphe bohlooho.’ E ne e le bashanyana ba itšoereng hantle ’me ba ile ba lumellana le ’na ka sena, ’me ba ile ba kokobela hanyenyane. Mantsiboeeng oona ao, ke ile ka hlalosetsa monna oa ka litaba, ’me o ile a hlokomela hore o ne a hatelletse bana. O ile a ea kamoreng ea bashanyana ’me a ikōpela tšoarelo.
“Re ile ra ithuta ho hoholo ketsahalong eo. Monna oa ka o ile a ithuta ho mamela pele a etsa qeto. Ke ile ka ithuta ho tšoarella molao-motheong oa bohlooho le nakong eo ho leng boima. Bashanyana ba ile ba ithuta bohlokoa ba ho ikokobetsa. (Bakolose 3:18, 19) ’Me ho kōpa tšoarelo ha monna oa ka ho tsoang botebong ba pelo ho ile ha re ruta kaofela thuto ea bohlokoa ea boikokobetso. (Liproverbia 29:23) Kajeno, bara bao ka bobeli ke baholo ba Bakreste.”
Ho tla etsoa liphoso. Bana ba tla bua kapa ba etse lintho tse utloisang bohloko. Khatello ea nakoana e tla etsa hore batsoali ba bobeli ba itšoare ka tsela e sa nahaneleng. Leha ho le joalo, mantsoe ana a bonolo, “Ke masoabi, ke kōpa u ntšoarele hle,” a ka etsa ho hoholo ho folisa maqeba.
Ho Matlafatsa Bonngoe ba Lelapa
Ho nka nako ho haha kamano e mofuthu ea lelapa le lenyalong la bobeli. Haeba u motsoali oa bobeli, u tlameha ho bontša qenehelo. E-ba ea utloisisang, ea ikemiselitseng ho qeta nako le bana. Bapala le ba banyenyane. Ikemisetse ho qoqa le ba baholoanyane. Batla menyetla ea hore le be ’moho—ka mohlala, e re bana ba u thuse ha u etsa mesebetsi e itseng ea lelapa, joaloka ho pheha lijo tsa mantsiboea kapa ho hlatsoa koloi. E-re ba tsamaee le uena le ho u thusa ha u e-ea lebenkeleng. Ho phaella moo, lipontšo tse nyenyane tsa lerato li ka ’na tsa bontša hore na u ba rata hakaakang. (Ho hlakile hore bo-ntate ba bobeli ba lokela ho ba hlokolosi ho boloka meeli e loketseng ho barali ba bona bao ba ba fumaneng lenyalong la bobeli ’me ba se ke ba etsa hore ba ikutloe ba sa lokoloha. Le bo-’mè ba bobeli ba lokela ho hopola hore bashanyana le bona ba na le meeli.)
Malapa a lenyalo la bobeli a ka atleha. A mangata a atlehile. A atlehileng ka ho fetisisa ke ao ho ’ona bohle ba amehang, haholo-holo batsoali, ba hlaolelang ho ba le maikutlo a nepahetseng le litebello tsa sebele. Moapostola Johanne o ngotse: “Baratuoa, a re tsoeleng pele ho ratana, hobane lerato le tsoa ho Molimo.” (1 Johanne 4:7) E, lerato le tsoang botebong ba pelo ke lekunutu la sebele la lelapa le thabileng la lenyalo la bobeli.
[Litšoantšo tse leqepheng la 7]
MALAPA A LENYALO LA BOBELI A THABILENG
ithuteng Lentsoe la Molimo hammoho . . .
qetang nako le le ’moho . . .
buisanang . . .
etsang lintho hammoho . . .