Tingatinga—Botaki bo Etsang Hore U Bososele
DANIEL AUGUSTA e leng mookameli oa Mokhatlo oa Botaki ba Tingatinga o re: “Tingatinga e etsa hore re bone lefatše ka leihlo la bongoana. E bontša litšoantšo tse qabolang, ea thabisa ebile e mebala.” Botaki ba Tingatinga bo bontša Afrika—liphoofolo le limela tsa naha le setso sa eona, haholo-holo sa Tanzania, e leng moo mokhoa ona oa ho taka o qalileng teng.
Botaki ba Tingatinga bo reheletsoe ka moqapi oa bona, e leng Edward Said Tingatinga, ea hlahileng ka 1932. Ha Edward a ntse a hōla, ho hlakile hore libaka tse ka thōko le liphoofolo tse hlaha tse neng li le haufi le motse oa habo o ka boroa ho Tanzania, li ile tsa mo ama ka botebo. Ha a ne a e-na le lilemo tse ka bang 25, o ile a tloha lapeng ho ea batla mosebetsi le bophelo bo molemonyana. Hamorao o ile a fallela motse-moholong oa Tanzania, e leng Dar es Salaam, ’me a fumana mosebetsi oa ho ba mohlokomeli oa serapa. Mantsiboea o ne a bontša bokhoni ba hae ’minong le tantšing; o bile a tuma ka ho thabisa batho.
Ka 1968 bophelo ba Edward bo ile ba fetoha. O ile a fumana mosebetsi ’musong, sepetleleng sa sechaba sa Muhimbili se Dar es Salaam. Ha a ntse a sebetsa moo, o ile a khona ho fumana nako ea hore a toroee lintho tseo a neng a li hopola tse neng li etsahala ha e sa le ngoana. Kahoo, o ile a qapa botaki ba Tingatinga. Edward o ne a sa khone ho ea mabenkeleng a rekisang thepa ea ho taka e kang maborashe a khethehileng, lipente, lidae le lintho tse ling. Kahoo, o ne a sebelisa lintho tseo batho bohle ba neng ba ka khona ho li reka mabenkeleng a rekisang thepa ea ho sebetsa. Ka mohlala, o ne a sebelisa pente ea libaesekele, ’me a toroeela botong e entsoeng ka lesela le benyang ka lehlakoreng le leng e le hore a khone ho toroea litšoantšo tse benyang.
Edward o ne a sebelisa mokhoa o bonolo oa ho taka. O ne a sebelisa ’mala o le mong kapa e ’meli ebe o toroea setšoantšo se le seng feela sa phoofolo ea Afrika—e mebala e khanyang, e toroiloeng ka tsela e ikhethang. O ne a sa toroee letho le leng litšoantšong tsa hae.
Edward o ne a lumella metsoalle ea hae e mengata le litho tsa lelapa hore li mo shebelle ha a ntse a toroea. Kapele feela, ba ’maloa ba bona e ile ea e-ba “liithuti” tsa hae ’me mokhoa oa hae oa ho taka oa tsebahala.
Ho tloha setšoantšong sa pele feela, ho ’nile ha sebelisoa mebala e loileng le litšoantšo tse sa rarahanang tse nang le libōpeho tse sa tšoaneng botaking ba Tingatinga. Leha ho le joalo, ka lilemo tse ngata, mokhoa ona o ’nile oa ntlafatsoa, ho se ho etsoa litšoantšo tse khabisitsoeng haholo tse hlahisang lintho tse ling tse ’maloa. Ha e le hantle, bataki ba bang ba toroea batho, liphoofolo le lintho tse ling tse fapa-fapaneng litšoantšong tsa bona.
Lintho Tse ba Susumetsang
Ho na le lintho tse ngata tse ka sebelisoang botaking ba Tingatinga—liphoofolo le limela tsa Afrika ka mefuta eohle ea tsona: matsa, linare, litlou, lithuhlo, likubu, litau, litšoene, liqoaha le liphoofolo tse ling, hammoho le lipalesa, lifate, linonyana le litlhapi—haholo-holo tse mebala e khanyang. Thaba e telele ka ho fetisisa Afrika, e leng thaba ea Kilimanjaro, e ka leboea-bochabela ho Tanzania, ke eona e atisang ho hlaha hangata litšoantšong tsena.
Bataki ba Tingatinga kajeno ba boetse ba leka ho toroea batho ba Afrika le mekhoa ea bona ea bophelo. Litšoantšo tsena li ka ’na tsa hlahisa batho ba phetheselang limmarakeng, batho ba etetseng bakuli sepetlele kapa tsela e tloaelehileng eo batho ba metseng e mahaeng ba phelang ka eona.
Ho tloha qalong feela, botaki ba Tingatinga bo ’nile ba fa Maafrika a mangata a nang le bokhoni monyetla oa ho bontša bokhoni ba ’ona, ha ka nako e tšoanang a fumana chelete e eketsehileng. Ha e le hantle, bataki ba Tingatinga ba se ba le bangata ’me ba iketselitse mokhatlo oa bona o thehiloeng Dar es Salaam. Ba bang ba ntse ba khomaretse mokhoa oa khale oa ho sebelisa pente ea libaesekele. Haeba Edward Tingatinga a ne a ntse a phela (o hlokahetse ka 1972), ha ho potang hore o ne a tla bososela haholo ha a bona kamoo mokhoa oa hae oa ho taka o tsebahalang kateng.