Sefate sa Keresemese se Qalile Pele ho Bokreste
LIKAROLONG tse ngata tsa lefatše, sefate se lulang se le setala sa Keresemese ke letšoao le tsebahalang la ho bapatsa le ho keteka matsatsi a phomolo. Haesale sefate sena se tsebahala e le letšoao la bolumeli ho tloha khale historing ea batho.
Sena se bonahala Profinseng ea Bohuslän e lebōpong le ka bophirimela la Sweden hammoho le profinseng e haufi le eona ea Østfold, Norway. Tikolohong eo, libakeng tse ka bang 5 000 tse sa tšoaneng, ho fumanoe litšoantšo tse betliloeng majoeng tse fetang 75 000, tseo tse ling tsa tsona e leng tsa lifate tse lulang li le tala. Baepolli ba lintho tsa khale ba bolela hore bongata ba litšoantšo tsena tse betliloeng majoeng, bo entsoe pakeng tsa hoo e ka bang 1 800 le 500 B.C.E.a
Litšoantšo tsena tse betliloeng ka tsela e babatsehang li re senolela ho itseng mabapi le lintho tseo batho ba phetseng pele Jesu oa Nazaretha a hlaha, ba neng ba li lumela. Ka mohlala, bafuputsi ba bang ba nahana hore libakeng tsa Sweden le Norway tsa kajeno, lifate tse lulang li le tala, tse kang lifate tsa phaene, li ne li sebelisoa e le matšoao a halalelang mehleng ea khale.
Ke hobane’ng ha batho ba neng ba lula libakeng tsee tse hōle tsa lefatše, lebōpong le ka leboea, ba ne ba etsa litšoantšo tsa lifate tsa phaene tse betliloeng majoeng? Litsebi tse ling li nahana hore e ka ’na eaba lebaka le leng ke hore lifate tseo li ne li fumaneha seoelo mehleng ea pele ho Bokreste, nakong eo litšoantšo tseo li neng li etsoa. Ka ho utloahalang, sefate se neng se lula se le setala, kapa se “phela,” ha tse ling li bonahala eka li shoele ha ho bata, e tlameha ebe seo e ne e le mohlolo.
Litsong tse ngata lefatšeng ka bophara, lifate li ’nile tsa tšoantšetsa bophelo, ho pholoha le ho se shoe. Taba ena e ka boela ea re thusa ho hlalosa hore na ke hobane’ng ha litšoantšo tseo ho neng ho bonahala ka ho hlaka hore ke tsa phaene e lulang e le tala, li ile tsa betleloa majoeng sebakeng sa Bohuslän le Østfold, lilemo tse makholo pele sefate seo se tloaeleha libakeng tseo.
Buka ea Rock Carvings in the Borderlands, e hatisitsoeng ka tšebelisano-’moho le Boto ea Libaka Tsa Bohlokoa Tsa Sweden, e re: “Litšoantšo tsa lifate tse betliloeng majoeng li bontša hore ho tloha khale haholo Mehleng ea Boronse, karolo e ka boroa ea linaha tsa Scandinavia e ne e e-na le moetlo le bolumeli bo tšoanang le ba libaka tseo hona joale li tsejoang e le Europe le likarolo tse khōlō tsa Asia. Bolumeli le thuto ea lihloliloeng tsa leholimo li ile tsa fetoloa hore li lumellane le batho ba neng ba phela ka temo le ho rua liphoofolo. Batho ba bangata ba ne ba rapela melimo e tšoanang, le hoja mabitso a melimo eo a ne a fapane.”
Bukana e hatisitsoeng ke Musiamo oa Bohusläns, e bitsoang The Rock Carving Tour, e hlalosa ka ho eketsehileng, e re: “Hase hore batho ba betlang litšoantšo majoeng ba ne ba batla ho bontša tsela eo batho ba phelang ka eona kamehla. Re lumela hore mohlomong litšoantšo tsa bona e ne e le mokhoa oa ho rapela le ho kōpa thuso ho melimo.” Bukana eo ea phaella, e re: “Litumelo tsa bona li ne li bua ka bophelo bo tsoelang pele ka ho sa feleng, matla a ho beleha bana, lefu le ho tsoaloa hape.”
Ha e hlalosa pokello e ikhethang ea mosebetsi oo oa bonono, o ileng oa etsoa khale pele batho ba tseba ho ngola ka leboea ho Europe, Nationalencyklopedin, e leng tšupiso ea encyclopedia ea Sweden e re: “Taba ea hore ebe ho ne ho e-na le litšoantšo tse ngata tse bontšang liketso tsa ho kopanela liphate e bontša kamoo tloaelo ea ho rapela matla a ho ba le bana e neng e le ea bohlokoa kateng bolumeling ba batho ba Mehleng ea Boronse ka Leboea.”
Kamoo ho bonahalang kateng, meetlo e amanang le sefate se lulang se le setala e ile ea ata ’me ea amoheleha libakeng tse ngata. Ha Encyclopædia Britannica e bua ka sefate sa Keresemese, e re: “Borapeli ba sefate bo ne bo tloaelehile har’a bahetene ba Europe ’me ha baa ka ba bo tlohela ha ba sokolohela Bokresteng.” Bo ile ba tsoela pele joalo meetlong e sa tšoaneng, e akarelletsang “moetlo . . . oa ho beha sefate sa Keresemese monyako kapa ka tlung nakong ea matsatsi a phomolo bohareng ba mariha.”
Se ileng sa etsa hore moetlo oa sefate se lulang se le setala o ratoe haholo mehleng ea kajeno ke ha ka 1841 lelapa la boreneng la Brithani le sebelisa sefate sa phaene se khabisitsoeng ha le keteka Keresemese. Kajeno sefate sa Keresemese se tsebahala hohle lefatšeng ’me batho ha ba phetse ho batla lifate tseo tse limilione tsa maiketsetso hammoho le tsa sebele. Khabareng, litšoantšo tse betliloeng majoeng linaheng tsa Scandinavia li fana ka bopaki bo khutsitseng, bo ngotsoeng lejoeng, ba hore sefate sa Keresemese ha sea qala Bokresteng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Tse ling tsa libaka tsa Bohuslän tse nang le litšoantšo tse betliloeng majoeng li kenyelelitsoe lethathamong la Libaka Tsa Bohlokoahali Lefatšeng tsa UNESCO.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 12]
Litšoantšo tse betliloeng majoeng li bontša hore bahetene ba qalile ho rapela sefate se lulang se le setala pele ho mehla ea Kreste
[Litšoantšo tse leqepheng la 13]
Litšoantšo tse betliloeng majoeng tsa lifate (1) Torsbo, (2) Backa le (3) Lökeberg, Sweden
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Courtesy Stiftelsen för dokumentation av Bohusläns hällristningar